Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mangolo a Baliloe ka Khatiso e Loketseng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    • Thuto 21

      Mangolo a Baliloe ka Khatiso e Loketseng

      Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

      Hatisa mantsoe le lipolelo tse totobatsang mabaka a hao. Bala ka boikutlo bo loketseng.

      Ke hobane’ng ha e le habohlokoa?

      Matla a feletseng a mangolo a baloang aa totobala ha ho etsoa khatiso e loketseng.

      HA U bua le ba bang ka merero ea Molimo, ebang ke ka thōko kapa sethaleng, puisano ea hao e lokela ho thehoa ho se leng Lentsoeng la Molimo. Hangata sena se akarelletsa ho bala mangolo Bibeleng, e leng ntho e lokelang ho etsoa hantle.

      Khatiso e Loketseng e Akarelletsa Boikutlo. Mangolo a lokela ho baloa ka boikutlo. Hlokomela mehlala e seng mekae. Ha u bala Pesaleme ea 37:11 ka lentsoe le phahameng, lentsoe la hao le lokela ho bontša tebello e thabisang ea khotso e tšepisitsoeng moo. Ha u bala Tšenolo 21:4 mabapi le ho fela ha bohloko le lefu, lentsoe la hao le lokela ho bontša kananelo e mofuthu bakeng sa topollo e hlollang e boletsoeng esale pele. Tšenolo 18:2, 4, 5, ka boipiletso ba eona ba ho tsoa “Babylona e Moholo” e tletseng sebe, e lokela ho baloa ka lentsoe le bontšang phehello. Ho hlakile hore boikutlo bo boletsoeng bo lokela ho tloha pelong empa bo se ke ba fetelletsoa. Tekanyo e loketseng ea boikutlo e lekanyetsoa ke temana ka boeona le tsela eo e sebelisoang ka eona.

      Hatisa Mantsoe a Nepahetseng. Haeba litlhaloso tsa hao temaneng e itseng li thehiloe karolong e itseng feela ea eona, u lokela ho hatisa karolo eo ha u bala temana. Ka mohlala, ha u bala Matheu 6:33, u ne u ke ke ua hatisa haholo mantsoe a reng “ho loka ha hae” kapa “lintho tsena tse ling tsohle” haeba u rerile ho bua ka se boleloang ke ‘ho batla ’muso pele.’

      Puong ea Seboka sa Tšebeletso, u ka ’na ua rera ho bala Matheu 28:19. U lokela ho hatisa mantsoe afe? Ha u batla ho khothalletsa taba ea ho ba mafolofolo ho qaliseng lithuto tsa mahae tsa Bibele, hatisa mantsoe a reng “le etse . . . barutuoa.” Ka lehlakoreng le leng, ha u rera ho bua ka boikarabelo ba Mokreste ba ho arolelana linnete tsa Bibele le batho ba jakileng kapa u batla ho khothalletsa bahoeletsi ba itseng ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane teng, u ka ’na ua hatisa mantsoe a reng “batho ba lichaba tsohle.”

      Hangata, ho hlahisoa lengolo bakeng sa ho araba potso kapa ho tšehetsa taba eo ba bang ba e nkang e le e tsosang khang. Haeba ho hatisoa khopolo e ’ngoe le e ’ngoe e boletsoeng temaneng eo ka mokhoa o tšoanang, bamameli ba hao ba ka ’na ba hlōleha ho bona hore na li amana joang. Ntlha e ka ’na ea bonahala e totobetse ho uena empa eseng ho bona.

      Ka mohlala, ha u bala Pesaleme ea 83:18 Bibeleng e nang le lebitso la Molimo, haeba u beha khatiso eohle polelong e reng “Ea Phahameng ka ho Fetisisa,” mong’a ntlo a ka ’na a hlōleha ho lemoha ’nete e bonahalang e totobetse ea hore Molimo o na le lebitso. U lokela ho hatisa lebitso “Jehova.” Leha ho le joalo, ha u sebelisa lengolo lona leo ha u bua ka bobusi ba Jehova, u lokela ho hatisa haholoanyane polelo e reng “Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Ka ho tšoanang, ha u sebelisa Jakobo 2:24 ho bontša bohlokoa ba ho kopanya tumelo le mosebetsi, ho hatisa haholo mantsoe a reng “motho ho tla boleloa hore o lokile” ho e-na le a reng “mesebetsi” ho ka ’na ha etsa hore batho ba bang ba u mametseng ba lahleheloe ke ntlha.

      Mohlala o mong o thusang o ka fumanoa ho Baroma 15:7-13. Ena ke karolo ea lengolo leo moapostola Pauluse a neng a le ngoletse phutheho e neng e bōptjoa ke Balichaba le Bajuda ba tlhaho. Mona moapostola o beha mabaka ka hore tšebeletso ea Kreste ha e ruise Bajuda ba bolotseng feela molemo empa e ruisa le batho ba lichaba molemo e le hore “lichaba li ka tlotlisa Molimo bakeng sa mohau oa hae.” Joale Pauluse o qotsa mangolo a mane a lebisang tlhokomelo monyetleng oo o fuoang lichaba. U lokela ho bala mantsoe ao a qotsitsoeng joang e le hore u hatise ntlha eo Pauluse a neng a nahanne ka eona? Haeba u tšoaea lipolelo tseo u batlang ho li hatisa, u ka ’na ua hatisa mantsoe a reng “lichaba” temaneng ea 9, “lōna lichaba” temaneng ea 10, “lōna lichaba tsohle” le “lichaba tsohle” temaneng ea 11 le “lichaba” temaneng ea 12. Leka ho bala Baroma 15:7-13 ka khatiso eo. Ha u etsa joalo, mokhoa oohle oa Pauluse oa ho beha mabaka o tla hlaka haholoanyane ’me ho be bonolo haholoanyane ho o utloisisa.

      Mekhoa ea ho Hatisa. Mantsoe a fupereng mohopolo ao u batlang ho a totobatsa a ka hatisoa ka litsela tse sa tšoaneng. Mokhoa oo u o sebelisang o lokela ho lumellana le lengolo le boemo ba puo. Ho fanoa ka litlhahiso tse ’maloa mona.

      Ho hatisa ka lentsoe. Sena se akarelletsa ho fetoha leha e le hofe ha lentsoe ho etsang hore mantsoe a fupereng mohopolo a totobale poleloaneng eo kaofela. Khatiso e ka finyelloa ka ho fetola molumo oa lentsoe—ka ho o eketsa kapa ka ho o fokotsa. Lipuong tse ngata, ho fetola ho phahama le ho theoha ha molumo ho fana ka khatiso. Leha ho le joalo, lipuong tse ling, seo se ka fetola moelelo ka ho feletseng. Ha u bua butle lipolelong tsa bohlokoa, sena se etsa hore li be le matla. Lipuong tse sa lumelleng ho sebelisa lentsoe e le mokhoa oa ho hatisa mantsoe a itseng, ho tla hlokahala hore u etse ntho leha e le efe e tloaelehileng puong eo e le hore u fumane liphello tseo u li lebeletseng.

      Ho etsa khefu. E ka etsoa pele kapa ka mor’a ho bala karolo ea bohlokoa ea lengolo—kapa e ka etsoa lintlheng tseo ka bobeli. Ho etsa khefu pele feela u bala mohopolo oa bohlokoa ho tsosa tebello; ho etsa khefu hamorao ho hatisa mohopolo o boletsoeng. Leha ho le joalo, ha likhefu li le ngata haholo, ha ho letho le tla totobala.

      Ho pheta-pheta. U ka hatisa ntlha e itseng ka ho etsa khefu ’me u phete lentsoe kapa poleloana eo. Mokhoa o atisang ho sebelisoa haholo ke oa ho qetella temana ebe u pheta polelo ea bohlokoa.

      Boitšisinyo. Hangata boitšisinyo ba ’mele hammoho le ponahalo ea sefahleho li ka eketsa boikutlo bo itseng lentsoeng kapa poleloaneng.

      Molumo oa lentsoe. Lipuong tse ling, ka linako tse ling mantsoe a ka baloa ka molumo o amang moelelo oa ’ona le ho a arola. Le mona, u lokela ho sebelisa temoho, haholo-holo ha u sebelisa mantsoe a phoqang.

      Ha ba Bang ba Bala Litemana. Ha mong’a ntlo a bala lengolo, a ka ’na a hatisa mantsoe a fosahetseng kapa a se hatise letho. Joale u ka etsa’ng? Hangata ho molemo haholo ho hlakisa moelelo ka ho bontša hore na litemana tseo li sebetsa joang. Ka mor’a ho bontša hore na li sebetsa joang, u ka ’na ua lebisa tlhokomelo e khethehileng ka ho toba mantsoeng a fupereng mohopolo a leng ka Bibeleng.

      KAMOO U KA HLAOLELANG MOKHOA OA HO HATISA KATENG

      Mabapi le lengolo leha e le lefe leo u rerang ho le bala, ipotse: ‘Mantsoe aa a fana ka boikutlo bofe? Nka bontša boikutlo boo joang?’

      Hlahloba litemana tseo u rerang ho li sebelisa. Mabapi le temana ka ’ngoe, ipotse: ‘Temana ee e tla phetha morero ofe? Ke mantsoe afe a lokelang ho hatisoa e le hore ho finyelloe morero oo?’

      BOITLHAKISO: (1) Hlahloba lengolo leo u rerang ho le sebelisa tšebeletsong ea tšimo. Itlhakisetse ho le bala ka boikutlo bo loketseng. U ntse u hopotse tsela eo u rerang ho sebelisa temana eo ka eona, e bale ka lentsoe le phahameng u hatise lentsoe kapa mantsoe a nepahetseng. (2) Bukeng e ithutoang hona joale, khetha serapa se le seng se nang le mangolo a qotsitsoeng. Hlahloba kamoo mangolo a sebelisitsoeng kateng. Tšoaea mantsoe a fetisang mohopolo. Bala serapa kaofela ka lentsoe le phahameng ka mokhoa o hatisang mangolo ao ka mokhoa o nepahetseng.

  • Mangolo a Sebelisitsoe Hantle
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    • Thuto 22

      Mangolo a Sebelisitsoe Hantle

      Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

      Tiisa hore tšebeliso leha e le efe ea lengolo e lumellana le moelelo oa taba hammoho le Bibele kaofela. Tšebeliso e boetse e lokela ho lumellana le se hatisitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.”

      Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

      Ke taba e tebileng ho ruta ba bang Lentsoe la Molimo. Thato ea hae ke hore batho ba fihle “tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Seo se re jarisa boikarabelo ba ho ruta Lentsoe la Molimo ka nepo.

      HA U ruta ba bang, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela ho bala litemana Bibeleng. Moapostola Pauluse o ile a ngolla mosebetsi-’moho le eena Timothea: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 Tim. 2:15.

      Ho etsa sena ho bolela hore tsela eo re hlalosang mangolo ka eona e lokela ho lumellana le seo Bibele ka boeona e se rutang. Sena se hloka hore re nahanele moelelo oa taba, ho e-na le ho khetha feela lipolelo tseo re li ratang ebe re eketsa ka maikutlo a rōna. A sebelisa moprofeta Jeremia, Jehova o ile a lemosa ka baprofeta ba neng ba ipolela hore ba bua se tsoang molomong oa Jehova empa ha e le hantle ba bua “pono ea lipelo tsa bona.” (Jer. 23:16) Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste hore ba se silafatse Lentsoe la Molimo ka lifilosofi tsa batho ha a ne a ngola: “Re hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo re lokelang ho ba lihlong ka tsona, re sa tsamaee ka mano, leha e le ho tsoaka lentsoe la Molimo.” Mehleng eo barekisi ba sa tšepahaleng ba veine ba ne ba hlapolla veine ea bona hore e be ngata le ho fumana chelete e eketsehileng. Ha re tsoake Lentsoe la Molimo ka ho le kopanya le lifilosofi tsa batho. Pauluse o ile a phatlalatsa: “Ha re rekise lentsoe la Molimo joalokaha batho ba bangata ba le rekisa, empa re bua ka botšepehi, e, joaloka ba romiloeng ba tsoa ho Molimo, ponong ea Molimo, hammoho le Kreste.”—2 Bakor. 2:17; 4:2.

      Ka linako tse ling, u ka ’na ua qotsa lengolo bakeng sa ho hatisa molao-motheo o itseng. Bibele e tletse melao-motheo e fanang ka tataiso e bohlale bakeng sa ho sebetsana le maemo a mangata a sa tšoaneng. (2 Tim. 3:16, 17) Empa u lokela ho tiisa hore tsela eo u e sebelisang ka eona e nepahetse le hore ha u sebelise lengolo hampe, u etse eka le bua seo u batlang hore le se bue. (Pes. 91:11, 12; Mat. 4:5, 6) Tšebeliso e lokela ho lumellana le morero oa Jehova, e lumellane le Lentsoe lohle la Molimo.

      ‛Ho tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ ho boetse ho akarelletsa ho fumana moelelo oa seo Bibele e se bolelang. Hase “molamu” oo re lokelang ho otla ba bang ka oona. Mesuoe ea bolumeli e neng e hanyetsa Jesu Kreste e ne e qotsa Mangolo, empa e ne e iphoufaletsa litaba tse tōma haholoanyane—tse akarelletsang toka le mohau le botšepehi—tseo Molimo a li hlokang. (Mat. 22:23, 24; 23:23, 24) Ha Jesu a ruta Lentsoe la Molimo, o ile a bonahatsa botho ba Ntat’ae. Cheseho eo Jesu a neng a e-na le eona bakeng sa ’nete e ne e kopane le lerato la hae le tebileng bakeng sa batho bao a neng a ba ruta. Re lokela ho leka ho latela mohlala oa hae.—Mat. 11:28.

      Re ka tiisa joang hore re sebelisa lengolo ka tsela e nepahetseng? Ho bala Bibele kamehla ho tla thusa. Hape re lokela ho ananela tokisetso ea Jehova ea “lekhoba le tšepahalang le le masene,” sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea seo a se sebelisang ho fana ka lijo tsa moea ho ba ntlo ea tumelo. (Mat. 24:45) Ho ithuta boinotšing hammoho le ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho le ho ba le karolo ho tsona ho tla re thusa ho rua molemo thupelong e fanoang ka sehlopha seo sa lekhoba le tšepahalang le le masene.

      Haeba buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e fumaneha ka puo ea hao ’me u ithuta ho e sebelisa hantle, u tla be u e-na le tataiso e fumanehang habonolo eo u e hlokang bakeng sa ho sebelisa hantle mangolo a makholo-kholo a sebelisoang khafetsa tšebeletsong ea rōna. Haeba u rera ho sebelisa lengolo le sa tloaelehang, boikokobetso bo tla u susumelletsa ho etsa lipatlisiso tse hlokahalang e le hore ha u bua, u tšoare lentsoe la ’nete ka nepo.—Liprov. 11:2.

      Etsa Hore Tšebeliso e be e Hlakileng. Ha u ruta ba bang, tiisa hore ba bona ka ho hlaka kamano pakeng tsa taba eo u e buang le mangolo ao u a sebelisang. Haeba u kenyelletsa lengolo ka potso, bamameli ba hao ba lokela ho bona kamoo lengolo leo le arabang potso eo kateng. Haeba u sebelisa lengolo bakeng sa ho tšehetsa polelo e itseng, tiisa hore seithuti se bona ka ho hlaka kamoo temana eo e tšehetsang ntlha eo kateng.

      Hangata ho bala lengolo feela—esita leha le baloa ka khatiso—ha hoa lekana. Hopola hore motho feela ea tloaelehileng ha aa tloaelana le Bibele ’me mohlomong a ke ke a utloisisa ntlha ea hao ka ’malo o le mong feela. Lebisa tlhokomelo karolong ea temana e amanang ka ho toba le seo u buang ka sona.

      Hangata sena se hloka hore u qoolle mantsoe a bohlokoa, a amanang ka ho toba le ntlha eo ho buuoang ka eona. Mokhoa o bonolo ka ho fetisisa ke oa ho pheta mantsoe a fupereng mohopolo. Ha u bua le motho a le mong, u ka ’na ua botsa lipotso tse tla mo thusa ho bona mantsoe ao a bohlokoa. Libui tse ling ha li bua le sehlopha, li khetha ho finyella pakane ea tsona ka ho sebelisa mantsoe a nang le moelelo o tšoanang kapa ho pheta khopolo hape. Leha ho le joalo, haeba u khetha ho etsa joalo, u hlokomele hore bamameli ba se ke ba lahleheloa ke kamoo ntlha eo ho buisanoang ka eona e amanang kateng le mantsoe a leng lengolong leo.

      Ha u se u qoolotse mantsoe a bohlokoa, u ralile motheo o motle. Joale ntšetsa seo pele. Na u kenyelelitse lengolo ka ho bontša ka hlaka hore na ke hobane’ng ha u sebelisa temana eo? Haeba ho joalo, bontša kamoo mantsoe ao u a hatisitseng a amanang kateng le seo u entseng hore bamameli ba hao ba se lebelle. Bolela ka ho hlaka hore na a amana joang. Esita le haeba u ne u sa kenyelletsa temana ka mokhoa o hlakileng hakaalo, ho lokela hore ho be le ntšetso-pele e itseng.

      Bafarisi ba ile ba botsa Jesu seo ba neng ba nahana hore ke potso e thata, e reng: “Na ho lumelloa ke molao hore monna a hlale mosali oa hae ka lebaka leha e le lefe?” Jesu o ile a theha karabo ea hae ho Genese 2:24. Hlokomela hore o ile a lebisa tlhokomelo karolong e le ’ngoe feela ea eona eaba o bontša tšebeliso ea eona e loketseng. Ha a se a bontšitse hore monna le mosali oa hae e ba “nama e le ’ngoe,” Jesu o ile a phetha ka ho re: “Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Mat. 19:3-6.

      U lokela ho hlalosa ho isa bohōleng bofe e le hore u hlakise tšebeliso ea lengolo? Mofuta oa bamameli ba hao le bohlokoa ba ntlha eo ho buisanoang ka eona li lokela ho lekanyetsa seo. Etsa hore sepheo sa hao e be ho fana ka tlhaloso e bonolo le e tobileng.

      Beha Mabaka ka Mangolo. Mabapi le tšebeletso ea moapostola Pauluse Thesalonika, Liketso 17:2, 3 e re bolella hore o ile a ‘beha mabaka ka Mangolo.’ Bona ke bokhoni boo mohlanka e mong le e mong oa Jehova a lokelang ho leka ho bo hlaolela. Ka mohlala, Pauluse o ile a pheta lintlha tse mabapi le bophelo le tšebeletso ea Jesu, a bontša hore li ne li boletsoe esale pele ka Mangolong a Seheberu eaba o fana ka sephetho se matla ka ho re: “Enoa ke eena Kreste, Jesu enoa eo ke mo phatlalatsang ho lōna.”

      Ha Pauluse a ngolla Baheberu, o ne a qotsa Mangolo a Seheberu khafetsa. Bakeng sa ho hatisa ntlha kapa ho e hlakisa, hangata o ne a qoolla lentsoe le le leng kapa polelo e khutšoanyane ’me a bontše bohlokoa ba eona. (Baheb. 12:26, 27) Tlalehong e fumanoang ho Baheberu khaolo ea 3, Pauluse o ile a qotsa Pesaleme ea 95:7-11. Hlokomela hore o ile a qaqisa likarolo tse tharo tsa eona: (1) a bua ka pelo (Baheb. 3:8-12), (2) se boleloang ke lentsoe le reng “Kajeno” (Baheb. 3:7, 13-15; 4:6-11) le (3) se boleloang ke mantsoe a reng: “Ba ke ke ba kena phomolong ea ka” (Baheb. 3:11, 18, 19; 4:1-11). Leka ho etsisa mohlala oo ha u ntse u sebelisa lengolo ka leng.

      Hlokomela tsela e sebetsang eo Jesu a ileng a e sebelisa ha a ne a beha mabaka ka Mangolo tlalehong e ho Luka 10:25-37. Monna ea rutehileng Molaong o ile a botsa: “Mosuoe, ke ka ho etsa’ng ke tlang ho rua bophelo bo sa feleng?” Ha Jesu a araba, pele o ile a re monna eo a bolele maikutlo a hae ka taba eo eaba Jesu o hatisa bohlokoa ba ho etsa seo Lentsoe la Molimo le se bolelang. Ha ho se ho bonahala ka ho hlaka hore monna eo o ne a sa bone ntlha, Jesu o ile a bua ka ho qaqileng ka lentsoe le le leng feela lengolong leo—e leng “moahelani.” Ho e-na le ho le hlalosa feela, o ile a sebelisa papiso ho thusa monna eo hore a fihle sephethong se loketseng ka boeena.

      Ho hlakile hore ha Jesu a ne a araba lipotso, o ne a sa qotse feela litemana tse fanang ka karabo e tobileng le e totobetseng. O ne a hlahlobisisa seo li se bolelang a ntan’o li sebelisa ho araba potso e botsitsoeng.

      Ha Basaduse ba ne ba hanyetsa tšepo ea tsoho, Jesu o ile a lebisa tlhokomelo karolong e le ’ngoe e tobileng ea Exoda 3:6. Empa ha aa ka a khaotsa ka mor’a ho qotsa lengolo leo. O ile a bua ka lona ho bontša ka ho hlaka hore tsoho ke karolo ea morero oa Molimo.—Mar. 12:24-27.

      Ho ba le bokhoni ba ho beha mabaka ka Mangolo ka nepo le ka katleho ho tla u thusa haholo hore u be mosuoe ea hloahloa.

      KAMOO U KA HŌLISANG BOKHONI BONA KATENG

      Bala Bibele kamehla. Ithute Molula-Qhooa ka hloko ’me u lokisetse liboka tsa phutheho hantle.

      Tiisa hore u tseba moelelo oa mantsoe a leng lengolong leha e le lefe leo u rerang ho le sebelisa. Bala temana ka hloko e le hore u utloisise hantle seo e se bolelang.

      Itloaetse ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa rōna tsa Bokreste.

      BOITLHAKISO: Nahana ka moelelo oa 2 Petrose 3:7. Na e fana ka bopaki ba hore lefatše le tla timetsoa ka mollo? (Ha u hlalosa “lefatše,” nahana hape ka se boleloang ke “maholimo.” Ke mangolo afe a bontšang hore “lefatše” le ka sebelisoa ka kutloisiso ea tšoantšetso? Hantle-ntle ho timetsoa bo-mang kapa eng, joalokaha ho boletsoe temaneng ea 7? Seo se lumellana joang le se etsahetseng mehleng ea Noe, e boletsoeng temaneng ea 5 le ea 6?)

  • Molemo o Sebetsang oa Taba o Hlakisitsoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    • Thuto 23

      Molemo o Sebetsang oa Taba o Hlakisitsoe

      Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

      Thusa bamameli ba hao ho bona kamoo taba ea hao e amang bophelo ba bona kateng kapa kamoo ba ka e sebelisang hamolemo kateng.

      Ke Hobane’ng ha e le oa Bohlokoa?

      Haeba batho ba sa bone molemo o sebetsang oa seo u se bolelang, ba ka ’na ba u bolella hore ha ba thahaselle, kapa ba ka ’na ba ikoala litsebe, ba tlohella likelello tsa bona hore li lelere.

      HO SA tsotellehe hore na u bua le motho a le mong kapa le bamameli ba bangata, ha ho bohlale ho nahana hore momameli oa hao kapa bamameli ba hao ba tla thahasella taba ea hao hobane feela uena u e thahasella. Molaetsa oa hao ke oa bohlokoa, empa haeba u hlōleha ho hlakisa molemo oa oona o sebetsang, ho ka etsahala hore u se ke ua hapa thahasello ea bamameli ba hao ka nako e telele.

      Ho joalo le ka bamameli ba leng Holong ea ’Muso. Ba ka ’na ba mamela ha u sebelisa papiso kapa phihlelo eo ba qalang ho e utloa. Empa ba ka ’na ba ikoala litsebe ha u bua ka lintho tseo ba seng ba li tseba, haholo-holo haeba u hlōleha ho haha ho seo ba seng ba se tseba ka lintho tseo. U lokela ho ba thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha seo u se buang se e-na le molemo oa sebele ho bona le hore se na le molemo ka tsela efe.

      Bibele e re khothalletsa ho nahana ka mokhoa o sebetsang. (Liprov. 3:21) Jehova o ile a sebelisa Johanne Mokolobetsi ho lebisa batho “bohlaleng bo sebetsang ba ba lokileng.” (Luka 1:17) Bona ke bohlale bo thehiloeng tšabong e loketseng ea Jehova. (Pes. 111:10) Ba ananelang bohlale bona ba thusoa ho sebetsana ka katleho le bophelo hona joale le ho tšoara bophelo ba sebele ka tieo, bophelo bo sa feleng bo tlang.—1 Tim. 4:8; 6:19.

      Ho Etsa Hore Puo e be e Sebetsang. Hore puo ea hao e be e sebetsang, ha ua lokela ho nahanisisa feela ka boitsebiso ba hao empa hape u lokela ho nahanisisa le ka bamameli ba hao. U se ke ua ba talima e le sehlopha feela. Sehlopha seo se bōpiloe ke batho ka bomong le malapa. E ka ’na eaba ho na le bana ba banyenyane haholo, bacha, batho ba baholo le ba bang ba tsofetseng. E ka ’na eaba ho na le ba sa tsoa thahasella hammoho le ba qalileng ho sebeletsa Jehova pele u hlaha. E ka ’na eaba ba bang ba hōlile tsebong; ho ka etsahala hore ba bang ba susumelitsoe haholo ke boikutlo bo itseng ba lefatše le mekhoa ea lona. Ipotse: ‘Boitsebiso boo ke eang ho bo tšohla bo ka ruisa bamameli molemo joang? Nka ba thusa joang hore ba utloisise?’ U ka ’na ua etsa qeto ea ho lebisa tlhokomelo e khōlō sehlopheng se le seng feela kapa tse peli tse boletsoeng mona. Leha ho le joalo, u se ke ua lebala ba bang ka ho feletseng.

      Ho thoe’ng haeba u abetsoe ho tšohla thuto e itseng ea motheo ea Bibele? U ka etsa joang hore puo eo e be molemo ho bamameli ba seng ba ntse ba lumela thuto eo? Leka ho matlafatsa tumelo ea bona ho eona. Joang? Ka ho beha mabaka ka bopaki ba Mangolo bo e tšehetsang. Hape u ka tebisa kananelo ea bona thutong eo ea Bibele. U ka etsa sena ka ho bontša kamoo thuto eo e lumellanang kateng le linnete tse ling tsa Bibele le botho ba Jehova. Sebelisa mehlala—haeba ho khoneha liphihlelo tsa sebele—tse bontšang kamoo ho utloisisa thuto ena ho ruisitseng batho molemo kateng le ho ama pono ea bona ka bokamoso.

      U se ke ua khotsofalla ho bontša kamoo taba e sebetsang kateng litlhalosong tse seng kae feela tse khutšoanyane qetellong ea puo ea hao. Ho tloha qalong feela, motho e mong le e mong ea leng har’a bamameli ba hao o lokela ho utloa hore “taba ena ea nkama.” Ha u se u ralile motheo oo, tsoela pele ho bontša kamoo taba e sebetsang kateng ha u ntse u hōlisa ntlha ka ’ngoe e khōlō e leng puong esita le sephethong.

      Ha u bontša kamoo taba e sebetsang kateng, tiisa hore u ho etsa ka mokhoa o lumellanang le melao-motheo ea Bibele. Seo se bolela’ng? Se bolela ho etsa seo ka tsela e lerato le e bontšang ho nahanela. (1 Pet. 3:8; 1 Joh. 4:8) Esita leha a ne a sebetsana le mathata a boima Thesalonika, moapostola Pauluse o ile a tiisa hore o totobatsa litšobotsi tse ntle tsa tsoelo-pele ea moea ea bara le barali babo ba Bakreste ba moo. Hape o ile a bolela kholiseho ea hore tabeng e neng e tšohloa ka nako eo, ba ne ba tla batla ho etsa se nepahetseng. (1 Bathes. 4:1-12) Oo ke mohlala o motle hakaakang oo re ka o etsisang!

      Na puo ea hao e reretsoe ho susumelletsa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela le ho ruta ba bang litaba tse molemo? Tsosa cheseho le kananelo bakeng sa tokelo eo. Leha ho le joalo, ha u ntse u etsa joalo, u hopole hore tekanyo eo batho ba khonang ho kopanela ka eona mosebetsing ona ea fapana ’me Bibele e nahanela sena. (Mat. 13:23) U se ke ua imetsa barab’eno ka maikutlo a ho ba molato. Baheberu 10:24 e re khothalletsa “hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” Haeba re susumeletsana leratong, mesebetsi e thehiloeng sepheong se setle e tla latela. Ho e-na le ho batla hore lintho li etsoe ka mokhoa o tšoanang, hlokomela hore Jehova o batla hore re khothalle “ho mamela ka tumelo.” (Bar. 16:26) Re hopotse sena, re batla ho matlafatsa tumelo—ea rōna le ea barab’abo rōna.

      Ho Thusa ba Bang ho Utloisisa. Ha u ntse u pakela ba bang, tiisa hore u hatisa molemo o sebetsang oa litaba tse molemo. Ho etsa joalo ho hloka hore u nahane ka seo batho ba leng tšimong ea lōna ba se nahanang. U ka tseba seo joang? Mamela litaba seea-le-moeeng kapa thelevisheneng. Sheba leqephe le ka pele la koranta. Hape, leka ho hulela batho moqoqong ’me u mamele ha ba bua. Mohlomong u tla fumana hore ba loantšana le mathata a boima—ho lahleheloa ke mosebetsi, ho lefa rente, ho kula, lefu ka lelapeng, kotsi ea tlōlo ea molao, leeme le bontšitsoeng ke e mong ea boholong, ho senyeha ha lenyalo, ho laola bana le lintho tse ling tse joalo. Na Bibele e ka ba thusa? Ka sebele e ka ba thusa.

      Ha u qalisa moqoqo, mohlomong u se u e-na le taba e itseng ka kelellong. Leha ho le joalo, haeba motho a bontša hore ho na le taba e itseng e potlakileng eo a e thahasellang, u se ke ua tsilatsila ho bua ka eona haeba u ka khona ho etsa joalo, kapa u etse tlhahiso ea hore u tla khutla hape ka boitsebiso bo bong bo molemo. Ke ’nete hore re qoba ho ‘kena-kenana le se sa re ameng,’ empa re thabela ho arolelana le ba bang keletso e molemo eo Bibele e fanang ka eona. (2 Bathes. 3:11) Ho hlakile hore ntho e tla susumetsa batho haholo ke keletso ea Bibele e amang bophelo ba bona.

      Haeba batho ba sa bone kamoo molaetsa oa rōna o ba amang kateng, ba ka ’na ba khaotsa moqoqo kapele. Esita leha ba re lumella ho bua, ho hlōleha ha rōna ho bontša molemo o sebetsang oa taba ho ka ’na ha bolela hore molaetsa oa rōna o tla ba le tšusumetso e fokolang haholo bophelong ba bona. Ho fapana le moo, haeba re etsa hore molemo o sebetsang oa molaetsa o hlake, puisano ea rōna e ka etsa phetoho e khōlō bophelong ba batho.

      Ha u khanna lithuto tsa Bibele, tsoela pele ho totobatsa kamoo taba e sebetsang kateng. (Liprov. 4:7) Thusa liithuti ho utloisisa keletso ea Mangolo, melao-motheo le mehlala e li bontšang kamoo li ka tsamaeang litseleng tsa Jehova kateng. Hatisa melemo e tlisoang ke ho etsa joalo. (Esa. 48:17, 18) Sena se tla susumelletsa liithuti ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba tsona. Etsa hore li rate Jehova le ho ba le takatso ea ho mo khahlisa ’me u etse hore tšusumetso ea ho sebelisa keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo e be ntho e hlahang pelong.

      KAMOO U KA HO ETSANG KATENG

      Ha u lokisetsa puo, u se ke ua nahana feela ka boitsebiso empa u nahane le ka bamameli ba hao. E nehele ka tsela e tla ba ruisa molemo haholo.

      Ho bontša kamoo taba e sebetsang kateng ha hoa lokela ho lekanyetsoa sephethong sa hao feela. Ho lokela ho bonahala puong ea hao kaofela.

      Ha u lokisetsa ho fana ka bopaki, nahana ka lintho tseo batho ba leng tšimong ea lōna ba li nahanang.

      Ha u fana ka bopaki, mamela motho e mong ka hloko ’me u lumellanye nehelano ea hao le boemo ba hae.

      BOITLHAKISO: Hlahloba litokollo tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tseo u nang le tsona ’me u khethe nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tseo u nahanang hore li ka sebetsa haholoanyane tšimong ea lōna. Leka ho li sebelisa tšebeletsong ea tšimo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela