-
Ke sa Phelela’ng?Tsoha!—2014 | April
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE
Ke sa Phelela’ng?
HA U ne u ka kopana le Diana,a u ne u tla nahana hore ke moroetsana ea bohlale, ea mosa le ea botsoalle. Empa le hoja Diana a bonahala e le motho ea thabileng le ea botsoalle, ’nete ke hore hangata o lula a sithabetse. O re: “Letsatsi ha le fete ke e-s’o nahane ka ho ipolaea. Ke nahana hore ho ne ho ka ba molemo ha ke shoele.”
“Liphuputso tse ling li bontšitse hore ho batho ba bang le ba bang ba ipolaeang, ba 200 ba bona ba ne ba kile ba leka ho ipolaea ’me [ba bang] ba 400, ba nahana ka hona.”—THE GAZETTE, MONTREAL, CANADA.
Diana o re a ke ke a ipolaea. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha a bone bohlokoa ba hore a tsoele pele ho phela. O re: “Ke labalabela hore ke hlaheloe ke kotsi e tla mpolaea. Ke se ke nka lefu e le motsoalle eseng e le sera.”
Batho ba bangata ba ka utloisisa kamoo Diana a ikutloang kateng ’me ba bang ba bona ba kile ba rera kapa ba leka ho ipolaea. Leha ho le joalo, litsebi li bontša hore batho ba bangata ba lekang ho ipolaea, hase hore ba batla ho shoa empa feela ba batla ho felisa matšoenyeho a bona. Ka bokhutšoanyane, ba lumela hore ba na le lebaka la ho shoa, seo ba se hlokang feela ke lebaka la hore ba tsoele pele ba phela.
Ke hobane’ng ha u lokela ho phela? Nahana ka mabaka a mararo a hore u tsoele pele ho phela.
a Lebitso le fetotsoe.
-
-
1 Hobane Lintho Lia FetohaTsoha!—2014 | April
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | KE SA PHELELA’NG?
1 Hobane Lintho Lia Fetoha
“Re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, empa ha rea patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha; re tsielehile, empa hase hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa.”—2 BAKORINTHE 4:8.
Ho ipolaea ho ’nile ha bitsoa “tharollo ea ka ho sa feleng ea bothata ba nakoana.” Le hoja u ka ’na ua se ke ua lumela, boemo bo sithabetsang—esita leha u bona eka u ke ke ua khona ho bo fetola—bo ka ’na ba fetoha u sa lebella.—Sheba lebokose le reng “Maemo a Bona a Ile a Fetoha.”
Esita le haeba a ke ke a fetoha, ho molemo hore u rarolle bothata bo le bong ka nako. Jesu o ile a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.”—Matheu 6:34.
Empa u tla etsa’ng haeba maemo a hao a sa fetohe? Ka mohlala, a re re mohlomong u tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng. Kapa u nyahamisitsoe ke boemo bo ke keng ba etsolloa bo kang ho qhalana ha lenyalo kapa ho shoeloa ke motho eo u mo ratang?
Esita le maemong a joalo, ho na le seo u ka se fetolang: tsela eo u talimang maemo a hao ka eona. Ha u ithuta ho amohela lintho tseo u sa khoneng ho li fetola, ho ba bonolo hore u be le tšepo. (Liproverbia 15:15) U ka boela ua khona ho mamella boemo boo ho e-na le ho nahana hore ho ipolaea ke eona tharollo ea mathata a hao. Phello e tla ba efe? U tla khona ho laola tsela eo u talimang boemo boo ka eona esita le haeba u sitoa ho bo fetola.—Jobo 2:10.
HOPOLA: U ke ke ua hloa thaba ka mohato o le mong feela; empa u ka khona ho e hloa hanyane ka hanyane. Hoa tšoana le ka mathata a mangata a re hlahelang, le hoja a ka bonahala a le mangata haholo u lokela ho talimana le ’ona hanyane ka hanyane.
SEO U KA SE ETSANG HONA JOALE: Bolella motho e mong mathata a hao, mohlomong motsoalle kapa setho sa lelapa. Motho eo a ka ’na a u thusa hore u talime boemo ba hao ka tsela e nepahetseng.—Liproverbia 11:14.
-
-
2 Hobane U ka Fumana ThusoTsoha!—2014 | April
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | KE SA PHELELA’NG?
2 Hobane U ka Fumana Thuso
‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho Molimo, hobane oa u tsotella.’—1 PETROSE 5:7.
Ho shoa ho ka bonahala ho le molemo ho feta ho phela ha u bona eka ha ho na letho leo u ka le etsang ho ntlafatsa boemo ba hao. Empa nahana ka lintho tse itseng tse ka u thusang.
Thapelo. Thapelo hase tsela feela ea hore u ikutloe u le betere, kapa ntho eo re lokelang ho e etsa ha re le tsietsing. Empa ke puisano ea sebele le Jehova Molimo, ea u tsotellang. Jehova o batla hore u mo bolelle lintho tse u tšoenyang. Ha e le hantle, Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.”—Pesaleme ea 55:22.
Ho ka ba molemo hore u bue le Molimo ka thapelo kajeno. Sebelisa lebitso la hae, e leng Jehova, ’me u mo phetlele sefuba. (Pesaleme ea 62:8) Jehova u batla hore u mo tsebe ’me u be motsoalle oa hae. (Esaia 55:6; Jakobo 2:23) Thapelo ke mokhoa oa puisano oo u ka u sebelisang neng kapa neng le kae kapa kae.
Ho ea ka Mokhatlo oa Amerika oa Thibelo ea ho Ipolaea, “liphuputso li ’nile tsa bontša hore bongata ba batho ba ipolaeang—ba 90 lekholong kapa ho feta—ba ne ba e-na le lefu la kelello pele ba e-shoa. Leha ho le joalo, hangata ho ne ho sa tsejoe hore ba tšoeroe ke lefu la kelello, e le hore ba fumane phekolo e nepahetseng”
Batho ba u tsotellang. Bophelo ba hao ke ba bohlokoa ho batho ba bang—ba akarelletsang litho tsa lelapa, kapa metsoalle eo e ka ’nang eaba e se e bontšitse hore ea u tsotella. Batho bana ba ka ’na ba akarelletsa le bao u sa ba tsebeng. Ka mohlala, ka linako tse ling ha Lipaki Tsa Jehova li ntse li le mosebetsing oa boboleli, li kopana le batho ba tsielehileng, bao ba bang ba bona ba lumelang hore ba hloka thuso le hore ba kile ba nahana ka ho ipolaea. Mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo o file Lipaki Tsa Jehova monyetla o ikhethang oa ho thusa batho ba joalo. Li etsisa mohlala oa Jesu ka ho tsotella baahisani ba tsona. Le uena lia u tsotella.—Johanne 13:35.
Thuso ea litsebi. Hangata menahano ea ho ipolaea e bakoa ke ha motho a tšoeroe ke lefu la ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng, le kang ho tepella ho hoholo ha maikutlo. U se ke ua hlajoa ke lihlong ha u tšoeroe ke lefu lena feela joalokaha u sa lokela ho hlajoa ke lihlong ha u kula ’meleng. Ha e le hantle, lefu la ho tepella ho hoholo ha maikutlo le ’nile la bitsoa “sefuba se tšoarang kelello.” Le ka tšoara mang kapa mang—ebile lea phekoleha.a
HOPOLA: Hangata ha ho bonolo hore motho a loantše lefu la ho tepella ho hoholo ha maikutlo a le mong, empa ka thuso ea ba bang a ka khona.
SEO U KA SE ETSANG HONA JOALE: Batla ngaka e tsebahalang ka ho phekola mafu a ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng a kang ho tepella maikutlo.
a Haeba maikutlo ana a ho ipolaea a tota, batla hore na ke thuso ea mofuta ofe eo u ka e fumanang—mohlomong u ka letsetsa libakeng tseo ho thusoang batho ba nang le mathata kapa ua ea sepetlele. Libakeng tseo ho na le batho ba bangata ba koetlisitsoeng hantle e le hore ba fane ka thuso.
-
-
3 Hobane ho na le TšepoTsoha!—2014 | April
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | KE SA PHELELA’NG?
3 Hobane ho na le Tšepo
“Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—PESALEME EA 37:11.
Bibele ea lumela hore bophelo ‘bo tletse likhathatso.’ (Jobo 14:1) Kajeno, motho e mong le e mong o angoa ke tlokotsi e itseng. Empa batho ba bang ba ikutloa ba feletsoe ke tšepo bophelong joalokaha eka lintho li ke ke tsa loka. Na le uena u ikutloa ka tsela eo? Haeba ho joalo, kholiseha hore Bibele e fana ka tšepo ea sebele, eseng ho uena feela empa le ho batho bohle. Ka mohlala:
Bibele e ruta hore Jehova Molimo o ne a rerile hore re phele hamonate.—Genese 1:28.
Jehova Molimo o tšepisa hore o tla fetola lefatše paradeise.—Esaia 65:21-25.
Tšepiso eo e tla phethahala. Tšenolo 21:3, 4 e re:
“Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”
Tšepo eo hase ntho eo re inahanelang eona feela. Jehova Molimo o rerile ho e phethahatsa ebile o na le matla le takatso ea ho etsa joalo. Tšepo eo Bibele e fanang ka eona ea tšepahala ebile e fana ka karabo e matla potsong e reng, “Ke sa Phelela’ng?”
HOPOLA: Le hoja maikutlo a hao a ka ’na a lubeha joaloka sekepe ka leoatleng le befileng, molaetsa oa Bibele oa tšepo o ka ba joaloka ankora e etsang hore u lule u tsitsitse.
SEO U KA SE ETSANG HONA JOALE: Etsa lipatlisiso ka hore na Bibele e ruta’ng ka tšepo ea sebele ea bokamoso. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa. U ka ikopanya le tsa sebakeng sa heno kapa ua ipalla boitsebiso ba bohlokoa Websaeteng ea tsona ho jw.org/st.a
a Tlhahiso: Kena ho jw.org/st ’me u shebe tlas’a LINGOLILOENG > ONLINE LIBRARY. Ka mor’a moo, batla mantsoe a kang “ho tepella maikutlo” kapa “ho ipolaea” e le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng.
-