Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 1 leq. 3
  • Molimo ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u Tseba Ntate oa Hao ea Leholimong?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Molimo ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho Lumela ho Molimo eo e ka ’Nang Eaba ha re mo Tsebe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 1 leq. 3
Ntate ea shebileng sebaka se setle

Molimo Ke Mang?

Batho ba bangata ba re ba lumela ho Molimo. Empa ha u ba botsa hore na Molimo ke mang, ba fana ka likarabo tse sa tšoaneng. Ba bang ba lumela hore Molimo ke moahloli ea khopo ea katileng feela ha batho ba etsa liphoso ebe oa ba ahlola. Batho ba bang bona ba re Molimo o lerato ebile oa ba tšoarela ho sa tsotellehe hore na ba etsa’ng. Hape, ba bang ba lumela hore Molimo o hole le rona ebile ha a re tsotelle. Ka lebaka la maikutlo ana a sa tšoaneng, ba bang ba bona eka ha ho khonehe ho tseba hore na hantle Molimo ke mang.

Na ho bohlokoa ho tseba hore na Molimo ke mang? E. Ho tseba Molimo hantle ho ka u thusa ho tseba hore na u phelela’ng. (Liketso 17:​26-28) Ha u ntse u ithuta ka Molimo, u tla bona kamoo a u ratang kateng le hore o batla ho u thusa. (Jakobo 4:⁠8) Ho mo tseba ho ka boela ha u thusa hore u fumane bophelo bo sa feleng.​—⁠Johanne 17:⁠3.

U ka tseba Molimo joang? Nahana ka motho eo u mo tsebang hantle, mohlomong motsoalle oa hao. Setsoalle sa lona se ile sa qala joang? E ka ’na eaba u ile oa tseba lebitso la hae, oa ithuta semelo sa hae, lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng, hore na ke lintho life tseo a batlang ho li etsa ka moso le lintho tse ling tse ngata ka eena. Lintho tseo u ithutileng tsona li ile tsa etsa hore le be metsoalle.

Ka ho tšoanang, ho fumana likarabo tsa lipotso tse latelang ho ka u thusa ho tseba Molimo:

  • LEBITSO LA MOLIMO KE MANG?

  • MOLIMO O NA LE MAKHABANE AFE?

  • KE LINTHO LIFE TSEO MOLIMO A LI ENTSENG?

  • KE LINTHO LIFE TSEO MOLIMO A TLA LI ETSA?

  • HO TSEBA MOLIMO HO KA U TSOELA MOLEMO JOANG?

Makasine ena e ngoletsoe ho fana ka likarabo tse tsoang ka Bibeleng bakeng sa lipotso tseo. Lihlooho tse ka makasineng ena li tla u thusa ho tseba Molimo haholoanyane le hore na u ka rua molemo joang ha u na le setsoalle le eena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela