Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/90 leq. 1
  • Bolela Litaba tse Molemo Letsatsi le Letsatsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela Litaba tse Molemo Letsatsi le Letsatsi
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • SEBELISA BUKA EA PHELA KA HO SA FELENG
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 9/90 leq. 1

Bolela Litaba tse Molemo Letsatsi le Letsatsi

1 Ke tokelo e thabisang hakaakang ho kopanela ka mehla ho bolela molaetsa oa ’muso! Re hlohonolofalitsoe ka ho enneng hakaakang hore re bolelle ba bang molaetsa ona! Ha re ntse re kopanela molaetsa ona le ba bang, tumelo ea rōna le cheseho lia matlafala. Lipelo tsa rōna lia thaba ha re ntse re ela hloko khothatso e reng “binelang Jehova, le rorise lebitso la hae.”—Pes. 96:2-4.

2 Na u etsa hore ho bua ka molaetsa oa poloko letsatsi le leng le le leng e be pakane ea hao? Ba kopanelang mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang kapa ba ka mehla hangata ba kopanela letsatsi le letsatsi ho bolela litaba tse molemo. Na u ka etsa joalo? Haeba ha ho joalo, na bonyane u ka kopanela ka tsela e itseng, esita le ho kopanela hanyenyane ka tsela e sa reroang, letsatsi ka leng? Haeba kaofela ha rōna re ne re ka etsa sena ho ne ho tla fella ka mohoo o moholo hakaakang oa thoriso o eang ho Jehova! U tla latsoa kamohelo ea Jehova le mahlohonolo a mang a mangata a enneng ha u ntse u bolela tšepo ea ’Muso letsatsi ka leng.

3 Ha litho tsa lelapa li sebetsa hammoho li kopane ho ‘isa khanya le matla’ ho Jehova, ho ka thabeloa mahlohonolo a mangata a enneng. (Pes. 96:7) Litlamo tsa lelapa le tsa moea li ba matla ha ho hlophisoa nako ea ho sebetsa tšebeletsong joaloka lelapa.

SEBELISA BUKA EA PHELA KA HO SA FELENG

4 Ka September re tla be re nehelana ka buka ea Phela ka ho sa Feleng, ea likhatiso tse tloaelehileng le tse nyenyane. Batho ba amehile ka bophelo ba letsatsi le letsatsi ’me ba lakatsa bokamoso bo thabisang. Batho ba lipelo li tšepahalang ba thabela ho ithuta ka tebello ea bophelo bo bolelele ho se na mathata a tloaelehileng hakaana bathong kajeno. Tsebo e nepahetseng ka tšepo ena, le tumelo ea hore haufinyane e tla ba ntho ea sebele, li lokela ho re susumelletsa ho nka khato e tiileng ha re nehelana ka molaetsa oa ’Muso.

5 Nahanisisa ka thapelo ka seo u tla se bua esale pele ho etsa hore nehelano ea hao e ipiletse. Ka mor’a ho itsebisa, u ka bua ho hong ho tšoanang le hona: “Uena le lelapa la hao le ne le ka rata bokamoso ba mofuta ofe? [Emela karabo.] Kaofela ha rōna re thabela bophelo ’me re lakatsa ho phela halelele kamoo re ka khonang. Leha ho le joalo, ho hlaha mathata a mangata haholo ’me a bonahala a sokela bophelo ba rōna. Ka lebaka lena u ka ’na ua thahasella ho ithuta molaetsa oa Bibele oa bokamoso bo khanyang le kamoo u ka sebetsanang ka katleho le lipelaelo tsa bophelo.” Ntlheng ena u ka totobatsa mangolo a Sehlooho sa Puisano sa morao-rao. Sebelisa lintlha tse thahasellisang tse khethehileng joaloka tse maqepheng a 9, 11-13, 161, le 162 bukeng ea Phela ka ho sa Feleng, ho hatisa bokamoso bo khanyang bo larileng ka pele.

6 Jehova o re file molaetsa o thabisang le o matlafatsang tumelo hakaakang hore re u bolele! Re boetse re na le tokelo e khōlō ea ho sebetsa haufi-ufi le ba bang ba nang le kananelo e tebileng ea litšepiso tse hlollang tsa Jehova. Kaha mosebetsi oo re o etsang hona joale o ke ke oa hlola o phetoa ’me o se o le haufi le ho fela, na ha rea lokela ho sebelisa nako ea rōna e fumanehang le matlotlo ho bolela litaba tse molemo tsa poloko letsatsi ka leng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela