Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/90 leq. 1
  • Latela ba Etelletseng Pele ka Kholiseho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Latela ba Etelletseng Pele ka Kholiseho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • “LE ETSISE TUMELO EA BONA”
  • LIPHELLO TSE MOLEMO
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 9/90 leq. 1

Latela ba Etelletseng Pele ka Kholiseho

1 Ka lerato Molimo o file phutheho ea Bokreste balebeli bao boeta-pele ba bona bo khathollang ’me bo tšoaneloang ke hore re kholisehe ka bona. Ho fapana le boiteko bo hlōlehang ba baeta-pele ba lefatše, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore balebeli ba khethiloeng ke Molimo e ne e tla ba “tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla, joalo ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joalo ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” (Esa. 32:1, 2) Ho latela ketello-pele ea banna ba joalo ka kholiseho ho ka sebeletsa e le mohloli oa sebele oa tšireletso le tlhohonolofatso.

“LE ETSISE TUMELO EA BONA”

2 Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu tjena: “Hopolang ba etelletseng pele har’a lōna, ba buileng lentsoe la Molimo ho lōna, ’me ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang ka teng le etsise tumelo ea bona.” (Ba-Heb. 13:7, NW) Tumelo ea banna bana ke eona e lokelang ho etsisoa. Ho hlokomela tsela ea bona ea boitšoaro tumellanong le mohlala o behiloeng ke Jesu le melao-motheo ea Lentsoe la Molimo ho re khothalletsa ho lula re tiile tumelong. (Pes. 119:105) Re lokela ho khotsofalla ho amohela keletso le tataiso tse tsoang ho balebeli ba tšepahalang joalo ba etelletseng pele har’a rōna le ho ba neha tlhokomelo e fetang e tloaelehileng leratong ka baka la mosebetsi oa bona.—1 Ba-Thess. 5:12, 13.

3 Leha ho le joalo, hore re rue molemo ka botlalo ‘limphong tsena tsa banna,’ re tlameha ho hanela tšekamelo leha e le efe ea ho hōlisa liphoso tsa bona kapa mefokolo ea botho ebe re iphapanyetsa keletso ea bona motheong oo kapa re e nke habobebe. Ho e-na le hoo, re lokela ho amohela keletso ea bona e theiloeng Bibeleng le tataiso joaloka hoja li tsoa ho Jehova. Ka tsela ena re tla be re latela ketello-pele ea Eo e leng hlooho ea phutheho, Kreste.—Ba-Ef. 4:8, 11-15.

4 Re ka bontša boikokobetso le kutlo ea rōna joang bolebeling bo lerato ba baholo? Ha re hlokomela bothata bo itseng ka phuthehong, na re bo tlalehela baholo ebe joale re leta ka mamello le ka kholiseho hore taba eo e rarolloe ka tsela ea puso ea Molimo? (Lev. 5:1) Ha re tšepa tokisetso ea puso ea Molimo, ha rea lokela ho khopeha ntle ho tšoanelo haeba lintho li sa sebetsoe ka tsela ea rōna kapa ho latela kemiso ea rōna ea nako. Ho e-na le hoo, re tla letela Jehova le Kreste Jesu hore ba sebelise banna ba khethiloeng ke moea ho nka khato ka nako e loketseng le ka tsela e nepahetseng.—Liprov. 14:29.

LIPHELLO TSE MOLEMO

5 Ho latela ba etelletseng pele ka kholiseho ho tlisa liphello tse lakatsehang tsa tumelo e matla le boitšoaro ba bomolimo. Ho hlōleha ho ikokobetsa ho ne ho tla ipaka e le moroalo ho ba etelletseng pele ’me ho ne ho tla ntša ba ikokobetsang kotsi. (Ba-Heb. 13:17, NW) Ka ho amohela khothatso ea moea le keletso tse tsoang ho baholo, re tla thusoa ho hlōla mefokolo le ho etsa liphetoho tse hlokahalang tse tla tiisa hore re hōla moeeng. Ka ho sebelisana ’moho le tataiso ea bona, ho ba le bonngoe ka phuthehong, ’me re sireletsoa linthong tse ntšang kotsi le bokhopo ba tsamaiso ena ea lintho. Hape, ka ho latela mohlala oa bona le ketello-pele ea bona tšebeletsong, re khothalletsoa ho ipoloka re le mafolo-folo ho bolela litaba tse molemo.

6 Ha re hlahloba mosebetsi oa baholo ka phuthehong ea Bokreste kajeno, re bona hore bongata ba bona ba itetse ’me ba etella pele ka tsela e ntle. Re leboha Jehova ho tsoa pelong ka hore ebe o theile tokisetso e lerato joalo. Banna ba mofuta ona ba tšoaneloa ke tlhompho e fetisisang, ’me re na le mabaka ’ohle a ho latela ketello-pele ea bona ka kholiseho.—1 Tim. 5:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela