Batsoali le ka ‘Haha’ Ntlo ea Lōna Joang?
“Ka bohlale ntlo e tla hahuoa, ’me ka temoho e tla ipaka e theiloe ka ho tiea.”—LIPROVERBIA 24:3, NW.
1. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa bakeng sa lelapa le tiileng ke efe?
TLHAHLOBONG ea morao tjena ho ile ha botsoa litsebi tse 550 tsa mathata a malapa ho hlalosa melemo eo li e hlokometseng haholo malapeng a tiileng. Hlaloso ea tsona ea pele ke ena: puisano le ho mamellana. Mongoli oa tlhahlobo eo, Dolores Curran, o hlalositse lebaka: “Ke oona matla a butsoelang tlhokomelo, ho fana, le ho tiisana. Ntle ho ho mamelisisa ka hloko le ho arolelana, re ke ke ra tsebana. Re fetoha lelapa la batho ba lulang tlung e le ’ngoe empa batho ba eona ba arabisana ka ho iphetetsa ho e-na le ho arabela hantle litlhokong tsa ba bang.” E, puisano e phallang ka bolokolohi ke noka ea bophelo ea lelapa le tiileng.
2, 3. (a) Ke bothata bofe bo hlokomelehang esita le malapeng a mang a Bakreste? (b) Liproverbia 24:3, 4 li senola eng e ka thusang ho haha lelapa le matla? (c) Ke lipotso life tse hlokang ho arabeloa?
2 Leha ho le joalo, ha katamellano e le sieo ho hlaha liphello tse kotsi. Ka mohlala, lekala le leng la Mokhatlo oa Watch Tower Afrika le ile la botsa lebaka le etsang hore bacha ba bang ba Bakreste ba lahle boitšoaro bo botle ba Bibele. “Bofokoli bo boholo bo tsoalang bothata bona,” ho ea ka karabo, ke “ho hlōleha ha batsoali ho ba limameli le ho hlōleha ha bona ho utloisisa bana ba bona. Batsoali ba bangata ha ba hlile ha ba na kamano e atamelaneng le bana ba bona.” Koana, ena ke karolo e le ’ngoe ea bothata—le hoja e le bohlokoa. Kutlo le boinehelo ba bomolimo ba mocha, le motho e mong le e mong, li nka sebaka sa pele. (Ba-Roma 14:12; 1 Timothea 6:6) Hlokomela hape Liproverbia 24:3, 4, NW. Li re: “Ka bohlale ntlo e tla hahuoa, ’me ka temoho e tla ipaka e theiloe ka ho tiea. ’me ka tsebo likamore tsa eona tse ka hare li tla tlatsoa lintho tsohle tsa bohlokoa le tse ntle tse theko e boima.”
3 Empa u ka sebelisa joang bohlale, temoho, le tsebo ho finyella kamano e atamelaneng ea maikutlo e hlokahalang, haholo-holo le bacha ba e-s’ong ho be le botsitso maikutlong a bona? Ke joang u qobang ho bōpa litšitiso tsa puisano u sa ikemisetsa? (Bapisa Liproverbia 14:1, 12.) Kaholimo ho tsohle, u ka haha joang lelapa le tiileng borapeling ba ’nete? Ka baka la lintho tse ngata tse hlokang nako ea hao le tlhokomelo, u ka ’na ua ipotsa hore na u lokela ho qala kae. Tšoaneleho ea pele, bohlale, bo ka u thusa ho bea lintho ka ho latellana ha bohlokoa ba tsona.
Ka Bohlale Bea Lintho tsa Bohlokoa Pele
4. Ntho ea sehlooho lelapeng la Bokreste e lokela ho ba efe?
4 “Qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova,” ho ngotse mopesaleme. (Pesaleme ea 111:10) Ho tšaba Molimo, le ho bea borapeli ba oona pele, ke habohlokoa. ’Mè e mong o hlalositse kamoo eena le monna oa hae ba ileng ba atleha ho hōlisa bashemane ba bona ba babeli ho sebeletsa Jehova: “Re ile ra tlatsa bophelo ba rōna ka ’nete—ho ea likopanong tsohle, ho lokisetsa liboka le ho ea ho tsona, ho etsa tšebeletso ea tšimo karolo ea kamehla ea bophelo ba rōna.” Monna o’a phaella: “’Nete hase karolo ea bophelo ba rōna, empa ke bophelo ba rōna ka sebele. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e likoloha ho eona.” Na u etelletsa borapeli ba Jehova ka pele ho tsohle lelapeng la hao?
5. Ke hobane’ng ha batsoali ba Bakreste ba lokela ho leka-lekanya lintho?
5 Ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le le lelapa ho tla le atametsa haufinyana, empa leha ho le joalo litlhokahalo tse khethehileng tsa bana ba lōna li hloka hore le nehelane ka nako ea lōna e ka thoko le boikutlo. Ka baka leo, ho hlokahala tekanyetso e ntle tabeng ea hore na ke nako e kae e tla neeloa mosebetsi oa boboleli kapa mesebetsi ea phutheho le e tla sebelisetsoa ho hlokomela se hlokoang ke ‘lelapa’ moeeng, boikutlong, le linthong tse bonahalang. U lokela ‘ho ithuta pele ho sebelisa borapeli ba Molimo lelapeng la hao.’ (1 Timothea 5:4, 8, NW) Ho thusa bo-ntate, ka ho khethehileng, ho bona teka-tekanyo pakeng tsa litlameho tsa lelapa le litšoanelo tsa tšebeletso, khatiso ea Molula-Qhooa ea la 15 Motšeanong, 1960, e ile ea khothatsa: “Tekanyetsong ena ho ke ho neeloe boima bo loketseng likhahlehong tsa lelapa la hao. Ka sebele Jehova Molimo o ne a ke ke a lebella hore monna a ka senya nako ea hae eohle mosebetsing oa phutheho, ka ho thusa baena ba hae le ba ahisaneng le eena hore ba fumane polokeho, ’me leha ho le joalo a se ka a hlokomela polokeho ea bao e leng ba ntlo ea hae. Mosali oa monna le bana ba hae ke boikarabelo bo boholo [bo tlang pele].”
6. Batsoali ba lokela ho qoba kotsi efe, hona joang?
6 Boikarabelo bona ha bo hlokomeloe feela ka lihora tse ngata tse sebelisoang le bana empa ka ho sebelisa hamolemo nako eo. Ka masoabi, batsoali ba bang ba tšoarehile haholo ka ho hlokomela litaba tsa phutheho, mosebetsi o phephetsang, kapa lintho tse bonahalang hoo esitana leha ba na le bana, likelello tsa bona li e-ba hosele. Ke feela kamor’a hore lelapa le kene kotsing moo ba qalang ho hlahlobisisa lintho tse lokelang ho nka sebaka sa pele. “Bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le kahlolo e ntle, bo loketse ho utloa.” (Jakobo 3:17, NW) Bohlale bo joalo ba leholimo bo tla u thusa hore u arole nako ea hao le maikutlo a hao e le hore u utloe litaelo tsohle tsa Jehova.
Thupa le Nyatso li Fana ka Bohlale
7. Liproverbia 29:15 li ka sebelisoa ka katleho joang?
7 Ha u tiea metheong e nepahetseng, empa u le mosa, hoo ho bolella ngoana oa hao hore u’a mo tsotella. Empa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tla hōlisa lipeō tsa ho hloka tšireletseho le botlokotsebe ba bana. “Thupa le nyatso ke tsona tse fang bohlale.” (Liproverbia 29:15, NW; 22:15) Hore “thupa le nyatso” li hlahise litholoana tse lebeletsoeng li lokela ho kopanyelletsa lerato. Taeo e fanoang ntle ho lebaka kapa ka bohale e tla tepeletsa ngoana. “Bo-ntat’a bana, se halefiseng bana ba lōna, ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.” (Ba-Kolosse 3:21) “Thupa” ea taeo e akarelletsa kotlo e loketseng, empa haeba u etsa melao e hatellang, u tšoaea-tšoaea liphoso, le ho nyenyefatsa ngoana, hoo ke tšebeliso e mpe ea “thupa” ’me ho ka felisa boikutlo ba ngoana ba ho itšepa le ho u tšepa. A ka ‘nyahama pelo.’
8. Hlalosa lebaka le etsang hore “nyatso” e bolele ho fetang kotlo?
8 Empa “thupa le nyatso” lia hlokahala. Ho nyatsa ha se feela ho otla; ho akarelletsa ho behela motho linnete tse mo kholisang.a Lentsoe la Seheberu bakeng sa “nyatso” le hlalosa ‘ho araba ka ho bea mabaka.’ (Pesaleme ea 38:14, NW) Ka baka leo, ho nyatsa ho bolela ho ithaopela le ho tseba ho hlahisa linnete e le hore ngoana a bone mabaka a ketso ea hao. Likhatiso tsa Mokhatlo oa Watchtower li na le boitsebiso bo itseng tabeng ena, bo bong bo ngoletsoe haholoholo bacha, ho u thusa ho fana ka mabaka a utloahalang ngoaneng oa hao mabapi le hore na ke hobane’ng ha tsela e itseng e fosahetse. Na u sebelisa likhatiso tseo hamolemo?
Temoho e Tsoala Ho Ipea Boemong ba e Mong
9. Temoho ke eng, hona ke ka baka la’ng e le bohlokoa?
9 Temoho ke phihlelo ea bohlokoa puisanong. Lentsoe la Seheberu sa boholo-holo le bolela “ho lemoha pakeng tsa ntho tse peli,” “khetholla.” Temoho e joalo e phenyekolla taba, ’me ka hona e amana haufi le kutloisiso, ho ipeha boemong ba e mong, le ho utloela bohloko.—1 Petrose 3:8.
10. Ke joang ho phenyekolla boemo ho ileng ha thibela bora mehleng ea Bibele?
10 Mohlala oa Bibele o bontšang bohlokoa ba temoho o tlalehuoe ho Joshua 22:9-34. Moloko oa Rubene, le oa Gade, le mothapo oa Manasse, e neng e neuoe lefa la eona la naha e ka bochabela ho Nōka ea Jordane, ea haha aletare e khōlōhali naheng ea eona. Meloko e meng, ka ho nahana hore ketso eo ke bokoenehi, ea itokisetsa ho e otla ka baka la ketso e neng e bonahala e le ho tlōla molao oa Molimo ka boomo. (Levitike 17:8, 9) Empa pele e nka mehato, ea romela baromuoa ho botsa meleko eo e mebeli le mothapo o mong. (Liproverbia 13:10) Puisano ea senola hore aletare e ne e sa haheloe ho nyehela mahlabelo empa ka baka la ‘ho tšaba.’ Kahobane Nōka ea Jordane e ne e arotse meloko e mebeli le mothapo ho e meng, e ne e amehile haholo hore ho ka etsahala hore meloko e hlahlamang e khaotse ho rapela Jehova. Aletare e ne e tla sebeletsa e le sehopotso, “paki,” hore le bona e ne e le batho ba Molimo. Tlhaloso eo ea hlahisa phetoho e khōlō hakaakang! Tlhase ea leseli ea bonesoa tabeng e neng e bonahala e le ketso ea sebe sa ka boomo. Kahobane meloko eo e ile ea ‘lieha ho halefa,’ ea lemoha boemo ba sebele, le ho bopa kutloisiso.—Liproverbia 14:29.
11. Motsoali e mong o ile a bontša temoho joang?
11 Ha ngoana oa hao a hlahisa bothata, na u leka ho bontša temoho? Ka mohlala, e mong oa bara ba banyalani ba Bakreste a fihla hae kamor’a sekolo a halefile hampe. “A hana ho bolela lebaka le mo halefisitseng,” ho hlalositse ntat’ae. “Pele ke ne ke nahana hore mohlomong o mpa a tletse borabele, empa ka elelloa hore o ne a thōla ha ke ’motsa ka sekolo. Ra buisana halelele, ’me ka fumana hore bana ba bang sekolong ba ne ba mo tšeha kahobane a fetoa ke lilemo tsa hae. Kamor’a hore ke mo tiisetse hore ke utloisisa kamoo tšoaro e joalo e leng thata kateng, ka mo neha litlhahiso tse ka mo thusang ho sebetsana le boemo boo.” Boikutlo ba moshanyana ba ntlafala kapele-pele.
12. Ke hobane’ng ha lilemo tse ka tlase ho 20 li le boima ho bacha ba bangata, ’me batsoali ba lokela ho etsa eng?
12 Na u ka be u bontšitse mamello e tšoanang ngoaneng oa hao? Bacha, haholo-holo ba ka tlase ho lilemo tse 20, ba hatelloa haholo ke lintho tse kang sekolo, ponahalo ea bona ea ’mele, litakatso tsa botona kapa botšehali, le botumo. “Mehatong eohle ea khōlo ea motho, bohato ba bocha, ha maikutlo a sa ntsane a sa tsitsa, bo bothata haholo,” ho bolela makasine Adolescence. “Bacha ba sa ntsaneng ba hōla maikutlong, ba inyatsang le ba se nang phihlelo, ba ikutloa ba haelloa ke ho itseng lefatšeng lena leo ho pheloang ka tlhōlisano le le sa sireletsehang. Ho e-na le ho amohela ho kokobetsoa le ho hlōleha, ba arabela ka bohale le ka tšabo.” Maikutlo ana a khathatsang a ka ama boitšoaro ba ngoana. (Bapisa Moeklesia 7:7a.) Ke feela ka ho hōlisa kamano e haufi le ngoana oa hao u ka tsebang ho utloisisa bothata ba sebele le ho lemoha tsela e molemohali ea ho thusa.
13. (a) Mekoallo e meng ea puisano ke efe? (b) Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho sebelisa Liproverbia 20:5 ka ho phehella? Bontša.
13 Bacha ba bangata ba hlōleha ho bolela lintho tse ba tšosang. Ka baka leo, ha ngoana a leka ho u phetlela sefuba, qoba litlhaloso tse se nang kelello tse hlabang, tse kang: ‘Ke phetho? Ke ne ke nahana hore ke ntho ea bohlokoa.’ ‘Bothata ka uena ke . . . ’ ‘Hobane’ng u ntšoabisa hakaale?’ ‘Koana, nka lebella eng? U sa le ngoana.’ (Liproverbia 12:18) Ka linako tse ling ho ka hlokahala hore u fate mocha, haholo-holo ha bothata e le bo ka utloisang bohloko. “Monna [kapa, mosali] ea nang le temoho” o tla qophella ho ‘kha’ maikutlo a joalo. (Liproverbia 20:5) Banyalani ba bang ba Bakreste ba hlokomela hore morali oa bona o ikhula mesebetsing ea lelapa. Batsoali ba batlisisa sena empa ba hlōleha. Ba ’na ba phehella. “Qetellong, ka letsatsi le leng ka lula betheng le eena, ka mo kopa, ka ’motsa hore na bothata ke eng,” ho tlaleha ’m’ae. “Ka meokho a mpolella hore o ikutloa hore rōna le ba bang rea mo koekoetla, ’me le eena o ne a leka ho re qoba. Pele, ka ikutloa ke batla ho re ho eena, ‘Taba eo ke bothoto,’ empa ka itšoara ’me ka mamela ha a ntse a bolela maikutlo a pelo ea hae.” Batsoali ba mo tiisetsa hore ba mo tsotella ’me ba tiisa hore o kopanyeletsoa mesebetsing e mengata ea lelapa. A hlōla bothata ’me hona joale ke moevangeli oa nako e tletseng ea thabileng.
14. Ke hobane’ng ha ho ba le lelapa le atamelaneng ka maikutlo ho sa lekana?
14 Ho haha lelapa le kopaneng ke ha bohlokoa, ’me esita le malapa a mang a batho ba lefatše a finyelletse sena. Empa ke taba e fapaneng ho haha lelapa le nahanang ka lintho tsa moea le khomarelang Jehova le Lentsoeng la hae. Ho finyella sena, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela ho atamelana ka maikutlo le bana ba hao.
Tsebo ke Matla a Maholo
15. Ke tsebo ea mofuta ofe e leng bohlokoa, hona lebaka e le lefe?
15 “Ka tsebo likamore tsa eona tse kahare li tla tlatsoa lintho tsohle tsa bohlokoa le tse ntle tsa theko e boima.” (Liproverbia 24:4, NW) Lintho tsena tsa bohlokoa hase matlotlo a bonahalang empa li akarelletsa tšireletseho ea moea, lerato le intšang sehlabelo, tšabo ea bomolimo, le tumelo e theiloeng tsebong ea Molimo. Tsena li etsa bophelo bo enneng ba lelapa. (Liproverbia 2:5; 15:16, 17; 1 Petrose 1:7) Tsebo ena e tla nea bana matla a ka hare hore ba hlōle maqiti a Satane, esita le a patehileng, hobane Liproverbia 24:5 li re: “Ea bohlale o na le matla, ea rutehileng [“ea nang le tsebo,” NW] o na le matla a maholo.” Empa u lokela ho jala tsebo e joalo lipelong tsa bona.—Deuteronoma 6:6, 7; 1 Johanne 2:14.
16. (a) Ke eng sa bohlokoa e le hore tsebo ea Molimo e kenngoe pelong ea ngoana oa hao? (b) Hore ngoana a rue molemo ka sebele, ho hlokahala eng?
16 Thuso e ’ngoe e molemohali ea ho jala Lentsoe la Molimo baneng ba hao ke ka ho tsamaisa thuto ea lelapa ea kamehla e ba khothalletsang ho fetola ’nete karolo ea bona. “Thuto ea lelapa e bopa boemo bo loketseng, kelello ea ngoana e amohela thuto,” ho hlalositse motsoali ea atlehileng ho hōlisa bana ba bane. O’a eketsa: “Ha u qala [thuto] ka ho khalemela bana, u ba ‘thiba litsebe.’ Empa haeba u ka kenyelletsa taeo nakong eo ba loketseng ho mamela, joaloka thutong ea lelapa, ho na le menyetla e eketsehileng ea hore lintlha tseo u batlang ho li hatisa li tla noela mohopolong oa bona.” Empa hore bana ba fumane molemo, u lokela ho etsisa moapostola Pauluse, ea ngolileng: “Hore ke le abele neo e ’ngoe ea moea, le tle le matlafatsoe.” (Ba-Roma 1:11, TLP) Neo e ananeloa ka ho khethehileng haeba e le ntho eo moamoheli a ka e sebelisang ’me hape e le bohlokoa ho eena. Ka hona boitsebisong bo ithutoang fumana ntho e tla ama bophelo ba bona.
17. (a) Ke eng se ka etsang hore thuto ea lelapa e be e thahasellisang le e rutang? (b) Na u na le litlhahiso tse eketsehileng?
17 Hape batsoali ba lokela ho tiisa hore e mong le e mong ka lelapeng o tseba nako ea thuto, le boitsebiso bo tla ithutoa. Ba bang ba sebelisa lithuso tse bonahalang, tse kang li-’mapa le lichate, ho hōlisa boleng ba boitsebiso. Batsoali ba bang ba akarelletsa linomapholi, pele ho thuto kapa kamor’a eona. Kamor’a thuto ba buisana ka mathata a letsatsi kapa a beke. (Bona lebokoso bakeng sa litlhahiso tse ling.) Ka holimo ho tsohle, thuto ena e khannoe kamehla! Batsoali ba bangata ba etsa boiteko bo boholo ho fumanela bana lijo le ntlo; hape ho bohlokoa haholo ho ba fepa ka ‘lebese la moea, le sa tsoakoang, [ngoana oa hao] a tle a hōlele poloko ke lona.’—1 Petrose 2:2; Johanne 17:3.
18. Ke eng se tla thusa ‘ho haha’ ntlo ea hao?
18 Ho haha lelapa le tiileng moeeng ho hloka phihlelo le nako. Ikemisetse ho hōlisa phihlelo e hlokahalang ea puisano hore u boloke kamano e haufi ea boikutlo le bana ba hao. U se lumelle letho ho u thibela ho sebelisa nako e hlokahalang ho matlafatsa lelapa la hao ka bohlale, temoho, le tsebo. Rapella bana ba hao, le ho rapela le bona, u tseba hore ke Jehova feela ea tla atlehisa boiteko ba hao ba ‘ho haha.’—Pesaleme ea 127:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka The Hebrew and English Lexicon, ea John Parkhurst, lentsoe “nyatsa” le nkiloe leetsing le bolelang ‘ho bontša ka ho hlakileng, ho totobatsa linnete, ho bontša ka mabaka a ’nete kapa a kholisang kapa ka ho bea mabaka.’ Old Testament Word Studies, ea William Wilson, e sebelisa leetsi le tšoanang: “ho nyatsa.”
Na U sa Hopola?
◻ Lelapa le matlafatsoa joang ke bohlale, ’me ke eng se ka thusang bana ho bo hōlisa?
◻ Ke hobane’ng ha temoho e thusa ho haha kamano e ntle ea lelapa?
◻ Ke hobane’ng ha tsebo ea Molimo e le bohlokoa?
◻ Ke joang thuto ea lelapa e ka etsoang e thahasellisang le e rutang?
[Lebokose le leqepheng la 24]
THUTO EA LELAPA E ATLEHANG
Thuto e lokela ho tsamaisoa joang?
Boloka boemo bo lokolohileng, empa leha ho le joalo ho be le hlompho. Qoba mokhoa o kang ke molao, kapa o sa tenyetseheng. Botsa lipotso tse eketsehileng, sebelisang litšoantšo tse susumetsang monahano ’me e mong le e mong a kenye letsoho thutong. Bebofatsa boitsebiso ha ho hlokahala. Ho ka ba molemo ho se sebelise linako tsa thuto bakeng sa ho omanya bana. Mohlomong ho nyatsa leha e le hofe ho hlokahalang ho ka etsoa kathōko.
Ho ka ithutoa eng?
Khetha boitsebiso bo tla ama litlhoko tsa lelapa. E ba ea tenyetsehang. E ka ba ho lokisetsa thuto ea beke le beke ea Molula-Qhooa. Ho ka ’na ha ba le litaba tse tobileng tse hlokang hore ho buisanoe ka tsona, tse kang mathata a tobaneng le bacha sekolong, ho intša ha bahlankana le baroetsana, mesebetsi e etsoang kamor’a lihora tsa sekolo, lipapali, litšekamelo boitšoarong bo bobe. Sebelisa lihlooho kapa likhatiso tse akaretsang litaba tsena. Nako ea thuto e ka aroloa hore e koahele lihlooho tse sa tšoaneng.
Thuto e lokela ho tšoaroa neng ’me e be bolelele bo bokae?
Hlooho ea lelapa e ka lekanyetsa sena kamor’a ho buisana ka mananeo le litho tsa lelapa le ho nahanela likhaello tsa lona. Ho nahaneloe lilemo le matla a bana le mohopolo. Ho ka etsoa mananeo a khutšofalitsoeng a ’maloa har’a beke haeba bana ba le banyenyane. Ba bang ba etsa mananeo a joalo kapele kamor’a lijo tsa mantsiboea. Taba ea bohlokoa hase bolelele ba nako ea thuto empa boleng ba nako e sebelisoang hammoho.
U ka tiiseha joang ka ho finyella lipelo tsa bana?
Khothalletsa ngoana ho hlalosa ka mantsoe a hae. Ka bohlale sebelisa lipotso tse ka senolang maikutlo a ngoana. U ka botsa: “Bana sekolong ba ikutloa joang ka taba ena? Na u nahana hore ba utloisisa taba?” Kapa, “Ke joang u ka hlalosetsang morutoana hammoho le uena lebaka leo u sa etseng bohlola ka lona? Na u nahana hore ho molemo ho uena? Lebaka?” Hlokomela hore u se halefisoe ke karabo ea hae lipotsong tsena tsa maikutlo, ka hona ngoana o tla ikutloa a lokolohile ho ntša maikutlo a hae ka botšepehi. Lumella nako hore e mong le e mong a bue, u tiise hore mora kapa morali o utloisisa lintlha tsa bohlokoa ka nepo.