Pina ea 118
Ho Tšehetsa Ntlo ea Molimo
1. Rōna ba ntlo’a Jah, re se lebale
Ntlo ea ’Mōpi ’me re s’e furalle.
Ke eona ntlo ena e emelang
Lebitšo la hae le halalelang.
Nehemia o’il’a tšosolosa
Borapeli ba ’nete ntlong ea Jah.
Le rōna a re tlotlisengJehova,
Re’ikitlaetseng ho mo sebeletsa.
(Chorus)
2. Lelapa la Jah le momahane,
K’een’a le lisang ka bokhabane.
Ka ‘mohlanka’ ea bohlale oa hae
O tlisitse khotso lapeng la hae.
A re tšehetseng ntlo ea Jehova,
R’etseng joalo ka matlotlo’a rōna.
Jehova Molimo k’eena ea putsang
Bao ka thabo’e khōlō ba mo rorisang.
(CHORUS)
Re tšehetseng ntlo ea ’Mōpi.
Ho eona re be haufi.
Ba ntlo ea hae oa ba rata;
’Me o ba le bona kamehla.