Pina ea 181
Kopanelang Pineng ea ’Muso!
1. Pina e teng e tlotlisang Jehova.
E monate, Ke pina ea tlhōlo.
E re bohle ba ke ba tšepahale.
Tlong re bineng, E bua ka ’Muso:
‘Jah oa busa, Fatšeng lohle
Ha’e be thabo. ’Mus’o hlonngoe.’
Pina ena, ke ea tlhōlo ea Kreste.
’Me bohle ba ke ba mo fe hlompho (mo fe hlompho).
2. Pina ena re tsebisa ka eona
’Mus’oa Jesu O busang lefatše.
Sechaba se tsoa tsoaloa bocha se teng,
’Me se busoa kahohle ke Kreste.
‘Le khumameng T’roneng ea Jah.
Tsebahatsang: Jes’oa busa!
Tloo ithuteng pina ena ea ’Muso,
Le tla hl’onolofatsoa ke ’Mōpi (Ea Phahameng).’
3. Ha ho thata ho bina pin’a ’Muso.
Mantsoe’a eona A matle haholo.
Ba bangata ba ithutile ’ona.
Ba mema ba bang ho etsa joalo.
Ba ntse ba re: ‘Rokang ’Mōpi,
O tla tsosa Bafu bohle.’
Tlong re bineng re bineleng Jehova.
’Me re tle re mo thabise pelo (mehla eohle).