-
Karolo 10—’Muso o Phethahetseng Qetellong!Tsoha!—1991 | January 8
-
-
Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng
Karolo 10—’Muso o Phethahetseng Qetellong!
“Theocracy”: e tsoa mantsoeng a Segerike “the·osʹ” (molimo) le “kraʹtos” (puso); ka hona, ke ’muso o sebetsang ka tataiso le tsamaiso ea Molimo, ka linako tse ling ka baemeli ba khethiloeng.
HAEBA u ne u ka khona ho reka sefaha sa perela ea sebele kapa reng ea daemane, na u ne u tla khotsofalla sefaha sa perela eo eseng ea sebele kapa reng ea daemane eo eseng ea sebele tsa boleng bo fokolang? Mohlomong u ne u ke ke ua ho khotsofalla, ka ntle le haeba u ile ua thetsoa hore u lumele hore u ne u fumana tse molemohali.
Mabapi le ’muso, batho ba makholo a limillione ba ile ba thetsoa hore ba lumele hore ba fumana ho molemohali. Bonneteng, ba qetella ba fumane lintho tse fokolang tseo eseng tsa sebele. Ha ho makatse hore ba soabile, ha baa khotsofala, ’me ba ferekane.
Ho Batla ’Muso o Molemo
Ka 1922 William Ralph Inge, eo e neng e le Moprista oa Kereke ea Chache ea St. Paul, London, o ile a ngola: “’Muso o molemo e ntse e le tlhohonolofatso e khōlō ka ho fetisisa ho motho, ’me ha ho sechaba se kileng sa o thabela.” Hobane’ng?
Karabo e sa fellang e ka fumanoa mantsoeng a John F. Kennedy, mopresidente oa bo35 oa United States. O itse: “Ha ho ’muso o molemo ho feta batho ba o qapang.” Joalokaha esita le ralipolotiki ea nang le neo e khethehileng ka ho fetisisa a sa phethahala, ’muso o mong le o mong o entsoeng ke batho o ke ke oa atleha.
Mongoli oa litšoantšiso oa Lenyesemane oa lekholo la bo17 la lilemo Philip Massinger o ne a nepile ha a ne a ngola: “Motho eo a tlang ho busa batho ba bang u lokela hore pele e be monghali oa hae ka boeena.” Empa ke motho ofe ea sa phethahalang eo ka sebele e leng monghali oa hae ka boeena? Ka sebele, ha ho ralipolotiki ea nang le tsebo e lekaneng le bohlale ba ho laola liketsahalo le maemo ’me a tiise thabo ea hae le boiketlo, ho sa boleloe letho ka boiketlo le thabo ea batho ba bang ba limillione. ’Me esita le haeba a ne a ka tseba ho etsa liqeto tse nepahetseng ka mehla, o ne a ke ke a ba le matla a ho li phetha.
Ha a lemoha bothata bona, mongoli oa meqoqo oa Leamerika Brooks Atkinson, o ile a etsa qeto morao koana ka 1951, o itse: “Re hloka batho ba nang le matla a fetang a tloaelehileng hore ba re buse—mosebetsi o moholo haholo ’me tlhokahalo ea ho ahlola ka bohlale e potlakile haholo. Empa oho, ha ho na batho ba nang le matla a fetang a tloaelehileng.” Kajeno, lilemo tse 40 hamorao, ba sa ntse ba le sieo.
Ha e le hantle, ha ho mohla Molimo o neng o rerile hore batho ba ipuse. Hore ba thabele ’muso o phethahetseng, batho ba hloka ho fetang feela ’muso oa batho ba nang le matla a fetang a tloaelehileng. Ba hloka puso ea bomolimo, ’muso oa Molimo.
Ke Puso ea Bomolimo ea Mofuta Ofe?
Puso ea bomolimo ke mofuta oa ’muso o neng o busa Edene moo Molimo o ileng oa beha batho ba babeli ba pele. Joaloka ’Musi ea loketseng, qalong, Molimo o ne o tsamaisa litaba le ho sebelisa matla.
Ha rahistori oa Mojode Flavius Josephus a ne a qapa lentsoe la Segerike ka lekhetlo la pele le fetoletsoeng e le “puso ea bomolimo” hoo e ka bang lilemo tse makholo a 19 a fetileng, o ile a le sebelisa a le lebisitse ho sechaba sa Iseraele sa boholo-holo. Ena e ne e le tlhaloso e nepahetseng hobane ka nako eo, Iseraele e ne e le sechaba se khethiloeng ke Molimo. Ha e le hantle, se ne se busoa ke oona esita leha puso ea oona e ne e tsamaisoa ka baemeli ba lefatšeng.—Deuteronoma 7:6; 1 Likronike 29:23.
Ha lentsoe “puso ea bomolimo” le ne le kenyelletsoa lipuong tse ling, pele le ne le e-na le tlhaloso e lekanyelitsoeng haholo-holo tlhalosong eo Josephus a neng a e reretse lona. Empa hamorao le ile la fumana tlhaloso e eketsehileng. Ho latela The Encyclopedia of Religion, le ile la “sebelisoa ka ho pharalletseng maemong a fapaneng haholo joaloka Egepeta ea bo-Faro, Iseraele ea boholo-holo, Bokreste-’mōtoana ba mehla e bohareng, thutong ea Calvin, Boislam le ho Bobuddha ba Tibet.”
Rahistori W. L. Warren o bolela hore ho ne ho na le “tšobotsi ea borena ba puso ea bomolimo pusong ea Engelane ea morena a le mong—morena e ne e le kofuto e ka sehloohong morerong oa bomolimo oa ho neha lefatše litaelo, morena e ne e le moemeli oa Molimo le ea lihang kahlolo.” Seithuti sa Univesithi ea George Washington Dewey Wallace e Monyenyane, o hlalosa hore esita le mehleng ea kajeno lentsoe leo le ’nile la sebelisoa joaloka tlhaloso ea “lehloeo le ‘theiloeng tsebong’ bakeng sa lichaba tse neng li ‘busoa ke baruti.’”
Hona joale tlhaloso e pharalletseng e ile ea kopanyelletsa lentsoe le bolelang mefuta e mengata ea lipuso tsa bomolimo. Ke mofuta ofe oa puso oo re o hlokang?
Lipuso tsa Bomolimo tsa Bohata
’Muso oa pele oa motho historing e tlalehiloeng o theiloe ke Nimrode lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng. Setloho-tloholoana sena sa Noe se ile sa iketsa morena ’me joalokaha ho hlalositsoe ka Bibeleng se ile sa fetoha “setsomi se matla se hanyetsanang le Jehova.” (Genese 10:8, 9, NW) Ka ho iketsa ’musi ea hanyetsanang le Jehova, Nimrode o ile a iketsa molimo oa lipolotiki. Ka baka leo, o ne a tšehetsoa ke mohanyetsi e moholo oa Molimo, molimo oa bohata Satane Diabolose. (2 Ba-Korinthe 4:4) Kahoo puso ea Nimrode e ne e le ea bohata ha e bapisoa le puso ea sebele ea bomolimo.
Hamorao ha baahi ba ’muso oa Nimrode ba qhalanyetsoa lefatšeng lohle, batho ba ile ba tsoela pele ho lumela hore mebuso ea bona e ne e le lipuso tsa bomolimo, e leng ho bolelang hore li fumana matla a tsoang ho molimo kapa melimo eo ba neng ba e rapela. (Genese 11:1-9) The Encyclopedia of Religion e bolela hore “puso ea bomolimo” e ile ea qala ho sebelisoa “ho hlalosa khato eo ea pele ea tsoelo-pele ea boholo-holo ea bochabela moo ho neng ho se na phapang mahareng a bolumeli le ’muso.”
Meetlong ea linaha tse ling, joaloka Egepeta e neng e le tlas’a puso ea bo-Faro, ho ne ho lumeloa hore morena ke monna oa molimotsana o moholo kapa mor’a molimo. Meetlo e meng e ne e bolela ho honyenyane ka litšoaneleho tsa morena tsa bomolimo kapa tsoalo, ho e-na le hoo e hatella khopolo ea ho khethoa ha hae ha bomolimo. Buka A History of Political Theory e hlalosa hore, Greece ea mehleng ea Alexadere le ka mor’a moo, morena o ne a talingoa e le ea nang le bomolimo “hobane o tlisitse kutloano ’musong oa hae joalokaha Molimo o tlisa kutloano lefatšeng.” Buka ena ea histori e tsoela pele: “O ne a na le bomolimo boo motho feela a neng a se na bona le bo neng bo tlisa tlokotsi holim’a mohanyetsi ea neng a inkela tšebeletso e phahameng ka ntle ho tlhohonolofatso ea Leholimo.”
Khopolo ena ea hore morena ke molimo e ile ea fetela ho se bitsoang mehla ea “Bokreste.” Ka mor’a hore merabe ea Jeremane e sokolleloe Bok’hatholikeng, bophahamo ba morena bo ile ba eketseha. Ho roesoa ha morena mofapa-hlooho ke kereke ho ne ho bolela hore Molimo ka booona o khethile morena hore a buse. Butle-butle tlalehong ena ho ile ha hlaha thuto e tsejoang e le tokelo ea bomolimo ea ho busa ha marena.
Esita le pele ho mehla ea Bokreste, bo-Cesare ba Roma ba ne ba nehile ’muso oa bona phetoho ea puso ea bomolimo ka ho ipolela hore ba na le bomolimo. Ho latela pono ea Baroma, puso ea motho e ne e lekana le puso ea molimo, ’me ba ile ba thea ’muso oa bona ho latela mokhoa oa Nimrode oa puso ea bomolimo ea bohata. Kahoo nakong eo baruti ba Bajode ba lekholo la pele la lilemo ba neng ba hana Jesu joaloka eo e neng e tla ba Morena, ha ba bolela hore, “Ha re na morena, ha e se Cesare,” ha e le hantle ba ne ba bontša ho khetha puso ea bomolimo ea bohata ho e-na le puso ea sebele eo Jesu a neng a bolela ka eona.—Johanne 19:15.
Kaha puso ea bomolimo e tsamaisoang ke Jehova e phahametse sebōpeho leha e le sefe se seng sa puso, ha ho makatse hore Satane o ile a leka ho kopanyelletsa tse ling tsa litšobotsi tsa eona lipusong tsa hae tsa bohata tse entsoeng ke batho—empa o ile a hlōleha. Mebuso ena eohle e ipolelang e le lipuso tsa bomolimo e hlōlehile ho finyella pakane e lebeletsoeng ka ho soabisang. Bonneteng, ha ho le o mong oa eona o ileng oa e-ba puso e tsamaisoang ke Molimo kapa baemeli ba hae. E bile lintho tse fokolang tseo eseng tsa sebele, matšoao a puso ea motho e sa phethahalang e tlas’a taolo ea molimo oa bohata.
Ka ho loketseng, Bibele e bitsa molimo enoa “morena oa lefatše lena” le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (Johanne 12:31; 14:30; 2 Ba-Korinthe 4:4, NW) Ke ka baka leo a ileng a tseba ho fa Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona,” e leng teko eo Jesu a ileng a hana ka tieo. (Mattheu 4:8-10) Ka ho tseba hore puso ea sebele ea bomolimo ke puso e tsamaisoang ke Molimo o le mong oa ’nete Jehova, Jesu ha a ka a thetsoa hore a amohele mebuso e entsoeng ke batho e hlōlehang ho bontša ho leka-lekana ha litšobotsi tsa bomolimo tse fumanoang ’musong oa sebele.
’Muso o Phethahetseng o Haufi
Lilemong tse ’maloa tse fetileng, Hugh Brogan oa Univesithi ea Essex o ile a fihlela qeto ena: “Haeba motho, phoofolo ea lipolotiki, a tla ipholosa ka boeena le tsoelo-pele ea hae, a ke ke a tlohela ho batla libōpeho tse ncha tsa ’muso tse tla khotsofatsa litlhoko tsa mehla ea hae tse lulang e le tse ncha.” Ke sona seo batho ba ’nileng ba se etsa ho tloha mehleng ea Nimrode, ba qapa libōpeho tse ncha tsa ’muso ka makhetlo ho khotsofatsa litlhoko tsa mehla ea bona. Empa ha e le hantle ho hlokahala nako e kae bakeng sa ho fana ka bopaki ba hore puso ea motho ha e sebetse?
Ka ho thabisang, ka 1914 ho ile ha fihla nako ea hore ho etsoe liteko tse se nang morero ka ’muso oa motho hore o phephetsoe ke ho hlongoa ha ’Muso oa Jehova oa Bomessia leholimong!a Le hoja e sa ntse e le teng ho tloha ka 1914, mebuso ea batho e ’nile ea e-ba teng nakong e alimiloeng. (Daniele 7:12) Re phela nakong eo Bibele e e khethollang e le “mehla ea qetello.” (2 Timothea 3:1-5) Mongolo o leboteng o phatlalatsang timetso e haufi ea puso ea motho o hlakile haholo hoo ho seng motho eo ka botšepehi a ka o tlōlisang mahlo. O ka ’na oa hlokomolohuoa, empa o ke ke oa hlakoloa.
Puso ea bomolimo ka ’Muso oa Jehova oa Bomessia e tšoantšetsoa ka Bibeleng ho Daniele khaolo 2 ka lejoe le “khephohang e seng ka matsoho a motho” leo le ileng “la thesela setšoantšo [tšoantšetso ea puso ea motho] maotong a sona a tšepe le letsopa, la a robaka.” Hona ho bolela hore haufinyane ’Muso oa Molimo o theiloeng o tla felisa sebōpeho leha e le sefe se sebe sa puso ea motho, o tla se silakanya. Ka ho felletseng joang? Bibele ea arabela: “Eaba tšepe, le letsopa, le koporo, le silevera, le gauda, li robakoa hang, tsa e-ba joale ka mooko o fefohang seotlong, lehlabula; tsa nkoa ke moea, ’me nģalo ea tsona ha ea ka ea hlola e fumanoa.”—Daniele 2:34, 35.
Haeba mebuso ea batho e mebe e tla felisoa ka ho felletseng hoo ho ke keng ha hlola ho fumanoa mohlala oa eona, ho hlakile hore babuelli ba puso ea motho ba tobane le linako tse boima. Batho ba limillione ka ho lemoha ’nete ena ’me ba bona bohlale ba ho suthisa tšepo ea bona pusong ea motho e senyehileng le ho e beha nthong e ’ngoe e molemonyana. Ke puso ea Jehova Molimo feela, ’Mōpi oa bokahohle, e ka tsebang ho rarolla mathata a bakiloeng ke puso ea motho e mpe le ho hloleha ho tsamaisa lintho hantle ka lilemo tse likete. Ke puso ea ’nete ea bomolimo feela e ka khotsofatsang litlhoko tsa mehla ea rōna.
Tsoha! e tšepa hore letoto la likarolo tse leshome la “Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng” le hatisitse ka ho uena bohlokoa ba ho etsa qeto ea botho tabeng ena ea ’muso. Ka holim’a tsohle, ho tsepjoa hore le tla u thusa ho etsa qeto e bohlale. Puso ea motho e lekantsoe sekaleng ’me e fumanoe e fokola. U tla khetha eng? Na e tla ba ntho eo eseng ea sebele kapa e tla ba ntho ea sebele? Na e tla ba puso ea motho kapa e tla ba puso ea Molimo oa ’nete, Jehova?—Daniele 2:44; Mattheu 6:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki ba hore ’Muso oa Molimo o ile oa hlongoa ka 1914 le hore lefatše lena le ’nile la e-ba mehleng ea lona ea qetello ho tloha nakong eo, bona likhaolo 16 le 18 tsa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ka 1982 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Seo Puso ea Bomolimo ea Jehova e Tla se Etsa
◆ E tla khutlisetsa matla a bocha ho batho ba tsofetseng ba fokolang.—Jobo 33:25.
◆ E tla etsa hore lintoa e be ntho ea nako e fetileng.—Pesaleme 46:9; Esaia 9:7.
◆ E tla fana ka matlo a boleng bo botle ka ho fetisisa ho lelapa le leng le le leng.—Esaia 65:21.
◆ E tla folisa ba kulang le ba holofetseng.—Esaia 33:24; 35:5, 6.
◆ E tla tsosa bafu.—Esaia 25:8; Liketso 24:15; Tšenolo 20:13.
◆ E tla lopolla lefatše tšenyehong, boitšoarong bo bobe le tlōlong ea molao.—Liproverbia 2:21, 22.
◆ E tla fana ka nala ea lijo bakeng sa bohle.—Pesaleme ea 72:16; Esaia 25:6.
◆ E tla khutlisetsa kamano ea khotso mahareng a batho le liphoofolo.—Esaia 11:6-9; Ezekiele 34:25.
◆ E tla abela motho e mong le e mong mosebetsi o nang le moelelo le o putsang.—Esaia 65:22, 23.
◆ E tla fetola lefatše lohle paradeise.—Esaia 35:1, 6, 7; Luka 23:43.
Tsena hase litšepiso tsa lipolotiki tse entsoeng ke batho tse sa reng letho; ke litšepiso tse entsoeng ke Molimo, ’me “ho ke ke ha etsahala hore Molimo o bue leshano.”—Ba-Heberu 6: 18, “NW.”
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Litlhohonotofatso tsa ka ho sa feleng tsa ’muso o phethahetseng e ka ba tsa hao!
-
-
Na ba Tsitsitse?Tsoha!—1991 | January 8
-
-
Na ba Tsitsitse?
HA MOK’HADINALE oa Roma e K’hatholike John O’Connor a bolela hore bo-ralipolotiki ba K’hatholike ba ka khaoloa haeba ba sa tšehetse boemo ba kereke tabeng ea ho ntša mpa, mookameli oa sehlopha sa bangoli ba likoranta Mike Royko o ile a ngola: “Hona joale re na le moprista [Louis Gigante] ea eang khotla ’me o bolela hore e mong oa linokoane tse tsebahalang haholo New York ea qosoang ka bosholu le ho tšosa batho, ha e le hantle hase senokoane ho hang.”
Royko o ile a phaella: “Ha ho letho leo nkileng ka le bala ka tsebiso ea O’Connor e reng: ‘Motho leha e le ofe ea amanang le sehlopha sa linokoane—sehlopha sa Genovese, sehlopha sa Gambino le bang kaofela—o talimane le ho khaoloa. Lebaka feela la hore motho e mong e bile setho sa kereke ea rōna ha e le lesea ha le bolele hore re lokela ho lumella boitšoaro ba hae bo kotsi sechabeng ha e e-ba Moemeli oa ngoana ea itseng nakong ea kolobetso.’”
-