Pono ea Bokreste ka Maruo
NA U kile ua bala lengolo la pele la moapostola Pauluse le eang ho Timothea haufinyane tjee, haholo-holo khaolo 6:6-19? E bolela ka ho toba tekanyo eo maruo a lokelang ho e nka bophelong ba Bakreste. Lengolo le fumane Timothea a phela motseng o ruileng ka mokhoa o tšabehang oa Efese. Bakreste ba neng ba phela setsing seo se seholo sa khoebo ba ne ba tlameha ho loantša tšekamelo ea ho talima maruo a lefatše e le ntho e khōlō. Ka bokhutšoanyane, litemana tseo lia eletsa: Khotsofalla seo u nang le sona, ’me u se ke ua batla ho ba morui; ba seng ba ntse ba ruile, le se ke la bea tšepo ea lōna linthong tse bonahalang. Ho e-na le hoo, bohle ba tlameha ho ba barui mesebetsing e metle ’me bohle ba tlameha ho bontša ho fana.
Pono e lekeke ea maruo e sekamisetsa batho meharong. Meharo e fetoha setšehetso seo butle-butle se tlosang ho itšoarella hoa Mokreste lithutong tse utloahalang tsa Kreste. A arohile monahanong o hloekileng oa ’nete, joale o phosumela khohlanong e matla e sa feleng le ba kahare le ba kantle ho phutheho. Tsela ena ‘ha ho moo e isang teng ha e se feela ho baka mōna, likhang, mahlapa le lipelaellano tse mpe—liqabang tse sa feleng, har’a batho ba likelello li sothehileng ba lahlileng ho itšoarella hoa bona hoa sebele ka ’nete empa ba tšepile ho etsa phaello eitseng ka bolumeli ba Bokreste.’—1 Timothea 6:3-5, Phillips.
Ho joalo ka ba tlatlapang likamano tsa bona tsa Bokreste bakeng sa “phaello” ea botho ea chelete. Ba itlhōlisa maruo a sebele a tlisoang feela ke boinehelo ba bomolimo, “pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” Ka hona, keletso ea Pauluse ho bohle ke ‘hore ba kholoe’ ke “lijo le liaparo.”—1 Timothea 4:8; 6:8.
Na U Lakatsa ho Rua?
Ha barui ba ipea boemong bo hlomphehang, hangata ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba le tlase, hoo pele ho ka ’nang ha tsosa ka ho bona tlhase ea mohono, ’me joale e be takatso e matla le e feteletseng bakeng sa leruo kapa bonyane lintho tseo leruo le ka li rekang. Kapa mōna oa bona o ka ’na oa ba bakela hore ba etse qeto e fosahetseng ea hore ha ba na molato ka ho qhekella barui le leruo la bona ka ho ba tšoenya ka chelete empa ba qoba ho ba lefa. Ka teboho, 1 Timothea 6:6-16 e fana ka keletso e utloahalang ea hore na ke joang hona e le hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho qoba takatso e senyang ea ho rua.
◻ 6:6-8—Ke ka seoelo maruo a lateloang ke ho khotsofala, empa kamehla ho khotsofala ho tsamaea hammoho le boinehelo ba bomolimo. Ke hobane’ng ha re lakatsa lintho tseo ba bang ba nang le tsona? Ke tsa nakoana feela, hobane ha rea tlisa letho lefatšeng, ’me re ke ke ra nka letho ho lona.
◻ 6:9—Ha ho hlokahale hore e be ba ruileng empa ke ba ‘ikemiselitseng ho rua’ bao, joaloka phoofolo e sethoto, ba itšoarellang nthong e hohelang, e be ba tšoaseha lerabeng, ’me ba fetoha batlamuoa ‘litakatsong tse kotsi’ tse “tebisetsang” batho tšenyehong (ka ho toba, tse ba hulelang ka tlase).
◻ 6:10—Lintho tsa mefuta eohle tse mpe li hlaha ‘leratong la chelete.’ Ka baka la chelete, batho ba khelositse toka, ba utsoitse, ba ikentse matekatsi, ba bolaile, ba ekile ba bang ’me ba sotha ’nete. Ha ho letho le letle le kileng la hlaha leratong la mofuta ona. Hobane’ng? Hobane le metse bobeng. Kaha boholo ba metso bo patehile, Bakreste ba thetsehang feela ba tella matla a maholo a bobe bo lutseng ‘leratong la chelete.’ Ba bang ba ‘khelohile tumelo’ ka ho ‘hahamalla lerato lena’ feela—e seng ho ba le chelete. Phello ke motho ea ‘hlabiloeng ka mahlomola a boikutlo, a ’mele le a moea’ ka baka la ho leka ho fumana le ho itšoarella maruong. Ha ho mohla maruo e le oona feela a tlisang thabo.
◻ 6:11-16—Ho e-na le ho phehella maruo, Bakreste ba bohlale ba baleha meharo. Sebaka sa tšireletso se ke ke sa e-ba seholo haholo. Ba qeta matla a bona ba leka ho fumana litšobotsi tsa ho “loka, le borapeli, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa” e le hore ba ka fumana “bophelo bo sa feleng,” ’me ba hloke “letheba, leha e le sekoli” mahlong a Jehova, Kreste le balumeli hammoho le bona.
Na U Ruile?
Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ruile. Katleho ea bona e ka ’na eaba ba ne ba e jele lefa kapa ba e fumane ka tsela e ’ngoe e sa nyatseheng, ka mekhoa ea khoebo. Ka mohlala, Lydia oa Filippi o ne a le khoebong ea ho rekisa “dye” kapa masela a mebala-bala. Kaha “dye” e pherese le liaparo tse telele tse pherese li ne li le theko e boima, ho ka ’na hoa etsahala hore ebe Lydia o ne a e-na le leruo le itseng. O ile a sebelisa maruo a hae joang? Lydia e ne e se mponeng. Ka boikokobetso o ne a sebelisa maruo a hae ho bontša ho fana hoa ’nete hoa Bokreste le ho ntšetsa pele ho jaloa hoa litaba tse molemo. Ka thabo, le kajeno ho na le ba ntseng ba e-na le oona moea oo o motle.—Liketso 16:14, 15, 40.
Timothea oa Pele 6:17-19 e na le keletso e ntle bakeng sa bao ba ka ratang ho etsisa mohlala oa Lydia.
◻ 6:17—Ho e-na le ho ikhantša ka leruo, ba ruileng ba eletsoa hore ba bontše boikokobetso—ba se ke ba inahana hore ba phahametse batho ba futsanehileng. Tsela eo ba phelang ka eona e lokela ho paka ho bohle ba shebelletseng hore tšepo ea bona ea sebele ha e maruong, empa, ho e-na le hoo, ka tieo e metse ho Molimo. Ka tsela ena ha ba beele ba sa ruang lebaka le utloahalang la ho khothometseha; ha ba tsose meharo e tlang ka mohono. Hape, ha baa lokela ho lebala hore matlotlo a lintho tse bonahalang le leruo ha lia tsitsa ’me kahoo li ka qhibiliha kapele ho feta lehloa letsatsing le chesang.
◻ 6:18, 19—Pauluse o eletsa hore u sebelise ’me u thabele maruo a hao ho ithusa le ho thusa ba bang ho sebeletsa Jehova. Barui ba lokela ho iteka kahohle ho sebetsa se molemo moeeng, ba ithaopele ho fana ka thuso ea lintho tse bonahalang ho ba hlokang ka sebele nameng, le ho thabela setsoalle le bohle ba ka phuthehong, ho akarelletsa ba futsanehileng le ba ikokobelitseng ka ho fetisisa.
Na hoo ho bolela hore ba sa ruang ba ka qela balumeli ’moho le bona ba barui hore ba ba fe feela? Che. Joalokaha ho bontšitsoe ho 2 Ba-Thessalonika 3:10-12 le 1 Timothea 5:8, Mokreste e mong le e mong ea khonang o tlameha ho sebetsa ho hlokomela ba ntlo ea hae. Ka hona haeba motho a hana ho sebetsa, ho mo fa chelete ho ke ke hoa thusa hakaalo. Ke ’nete le ka bao ka bothoto ba senyang chelete ea bona. Chelete e ngata e ke ke ea thusa hakaalo. Empa ke lehlohonolo le lekaakang ho phutheho ha balumeli ba tšepahalang ba hlokang kannete ba thusoa ka mosa nameng kapa moeeng. Ka tsela ena, lipelo tsohle li tsitsitse ho ipokelleleng matlotlo leholimong a tlang ho fana ka kabelo e enneng ka sebopeho sa meputso ea moea e tsoang ho Jehova.
Ka baka leo, kaofela ha rōna hona joale re lokela e be re nahana ka boemo ba rōna ka pel’a Molimo le Kreste. Liproverbia 11:4 e-ea re hopotsa: “Maruo ha a thuse letho mohl’a letsatsi la bohale, empa ho loka ho loela lefung.” Joale ke hobane’ng ha re ka sebelisa lefatše lee le fetohang le le shoang ka botlalo? (1 Ba-Korinthe 7:29-31) Balehang meharo le liphello tsa eona tse bolaeang! Re na le nako e fokolang ea ho iketsetsa tlaleho ea mesebetsi e molemo. E se eka re ka fumanoa re le batho ba nang le letlotlo le lengata leholimong.—Mattheu 6:20.