-
Ke Eng e u Thibelang ho Kolobetsoa?Molula-Qhooa—1989 | January 15
-
-
boipolelo ba bona ba hore baa mo rata.
24. Ba bang ba tsila-tsila ho kolobetsoa ka lebaka lefe?
24 Boikutlo ba hore ha ba na tsebo e lekaneng ea ho hlalosa Mangolo bo etsa hore ba bang ba qobe kolobetso. Empa leqhalaha la Ethiopia le ne le itokiselitse ho tšoantšetsa boinehelo ba lona ho Molimo ka mor’a ho buisana le Filippi ha ba ntse ba tsamaea ka koloi. Ka sebele, qalehong Moethiopia eo o ne a ke ke a arabela lipotso tsohle tsa batho bao a buisanang le bona ka ’nete. Empa pelo ea hae e ne e tletse teboho bakeng sa seo a se utloileng, ’me ha aa ka a tsila-tsila ka tšabo. “Ha ho tšabo leratong, empa lerato le phethehileng le leleka tšabo.” (1 Johanne 4:18) Hase hlooho e tletseng likarabelo empa ke pelo e tletseng lerato e susumelletsang motho hore a inehele ho Molimo ’me a kolobetsoe.—Luka 10:25-28.
25. Jehova Molimo o lebelletse eng ho ba ipolelang hore baa mo rata?
25 Haeba ha u e-s’o kolobetsoe, ipotse: Molimo o lebelletse eng ho ba bolelang hore baa o rata? O batla borapeli bo khethehileng ’me o ntse o batla ba tla o rapela “ka moea, le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24; Exoda 20:4, 5; Luka 4:8) Leqhalaha la Ethiopia le ile la nehelana ka borapeli ba mofuta oo, ’me ha lea ka la qea-qea ha le fumana monyetla oa ho kolobetsoa. Na ha ua lokela ho nahanisisa ka thapelo e tiileng ka ho etsa boinehelo ho Jehova hona joale ’me u ipotse: “Ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa?”
-
-
Kamoo Kolobetso e ka re PholosangMolula-Qhooa—1989 | January 15
-
-
Kamoo Kolobetso e ka re Pholosang
“Ho qoelisoa . . . hoa re pholosa.”—1 PETROSE 3:21, The Emphatic Diaglott.
1, 2. Ho hlokahala eng pele motho a kolobetsoa metsing?
JEHOVA o na le litekanyetso tse tobileng bakeng sa ba batlang ho pholoha. Ba tlameha ho ba le tsebo e nepahetseng, ba be le tumelo, ba bakele libe tsa bona, ba sokolohe, ba inehele ho Molimo, ’me ba kolobetsoe hore e be balumeli. (Johanne 3:16; 17:3; Liketso 3:19; 18:8) Batho ba eang kolobetsong ba tlameha ho lumela phatlalatsa hore motheong oa sehlabelo sa Jesu ba baketse libe tsa bona ’me ba inehetse ho Jehova. Hape ba tlameha ho utloisisa hore boinehelo le kolobetso li ba khetholla e le Lipaki tsa Jehova.
2 Tokisetso eohle ea kolobetso, ho akarelletsa ho boleloa ha tumelo phatlalatsa tjena, ea hlokahala bakeng sa ho pholoha. (Ba-Roma 10:10) Sena se tiisitsoe ha moapostola Petrose a ngola: “Ho qoelisoa . . . hoa re pholosa.” (1 Petrose 3:21, ED) Empa ha e le hantle re lokela ho utloisisa mantsoe aa joang? Moelelo o likolohileng taba o bontša eng?
Kamoo Kolobetso e Pholosang
3. Ka mantsoe a hao, u ka fana ka kakaretso ea 1 Petrose 3:18-21 joang?
3 Petrose o ile a bontša hore e le moea o tsositsoeng, Jesu o ile a bolela molaetsa oa kahlolo ho meea e khopo e leng teronkong, bademona ba bolokiloeng litlamong tsa ka ho sa feleng bakeng sa kahlolo ea letsatsi le leholo la Jehova. Ba ile ba hloka kutlo ka ho nka ’mele ea nama le ho phela le basali “ha Molimo o no o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ea Noe, ha ho no ho hahuoa areka, eo batho ba seng bakae, e leng ba robileng meno e le ’meli [Noe, mosali oa hae, bara ba hae, le basali ba bona], ba pholositsoeng ka eona metsing.” Petrose o ile a phaella: “Se tšoantšoang ke hoo ke kolobetso e re pholosang joale—e seng e hlatsoang litšila tsa
-