Hloeka Kelellong le ’Meleng
“Le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo.”—BA-ROMA 12:1.
1. Ho ea ka moapostola Pauluse, ke hobane’ng ha ho hloeka kelellong le ’meleng ho hlokahala?
MOTHO ea lakatsang ho sebeletsa Molimo o halalelang Jehova o tlameha ho ba ea se nang letheba moeeng le boitšoarong. Ka ho utloahalang, sena se boetse se bolela ho hloeka kelellong le ’meleng. Ho ea kamoo tsamaiso ea lintho ea hona joale e leng kateng, batho ba tsoang ho eona e le hore ba ka sebeletsa Jehova ha ba fetole feela mekhoa ea bona ea ho nahana empa hangata ba lokela ho fetola le mekhoa ea bona ea botho. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma: “Ka baka leo, banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng. Hape le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” (Ba-Roma 12:1, 2) Ho hloeka kelellong le ’meleng ho akarelletsa eng?
Ho Hloeka Kelellong
2. Ke joang mahlo a rōna le lipelo li ka re etsang hore re etse boitšoaro bo hlephileng, ’me ho hlokahala eng ho qoba see?
2 Esita le pele ho fanoa ka Molao, Jobo ea tšepahalang o ile a bontša hore mahlo a rōna le lipelo tsa rōna li ka re susumelletsa ho etsa boitšoaro bo hlephileng haeba re sa li laole. O ngotse: “Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka talima moroetsana! Ha ekaba pelo ea ka e kile ea thetsoa ke mosali, . . . hoo ke sebe se tšabehang, ke bokhopo bo tšoanetseng ho otloa ke baahloli.” (Jobo 31:1, 9-11) Haeba re e-na le mahlo a bochala-chala le pelo e sa tsitsang, re hloka taeo kelellong, “taeo e fanang ka temoho.”—Liproverbia 1:3, NW.
3, 4. (a) Mohlala oa Davida le Bathe-Sheba o bontša eng, ’me ho hlokahala eng e le hore re fetole mekhoa ea rōna ea ho nahana? (b) Ke hobane’ng ha baholo ba Bakreste, ka ho khethehileng, ba lokela ho ba seli?
3 Mahlo a Morena Davida a ile a mo khannela ho etsa bofebe le Bathe-Sheba. (2 Samuele 11:2, 4) Mohlala ona o bontša hore esita le banna bao Jehova a ba sebelisang libakeng tse hlahelletseng ba ka oela sebeng haeba ba sa laee likelello tsa bona. Ho ka ’na ha hloka boiteko bo boima hore re fetole mekhoa ea rōna ea ho nahana. Boiteko bo joalo bo lokela ho tsamaea le thapelo e tiileng bakeng sa thuso ea Jehova. Ka mor’a hore Davida a bakele sebe sa hae le Bathe-Sheba, o ile a rapela: “Oho Molimo, u bōpe ka hare ho ’na pelo e hloekileng, u boele u lokise ka hare ho ’na moea o tiileng!”—Pesaleme ea 51:10.
4 Baholo ba Bakreste ka ho khethehileng ba lokela ho ba seli hore ba se koetle litakatso tse fosahetseng tse ka ba khannelang sebeng se tebileng. (Jakobo 1:14, 15) Ha Pauluse a ngolla moholo oa Mokreste Timothea, o itse: “Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tsoang pelong e hloekileng, le letsoalong le khutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.” (1 Timothea 1:5, TLP) Ka sebele e ne e tla ba boikaketsi hore moholo a phethe mesebetsi ea hae ea moea a ntse a lumella leihlo le bochala-chala hore le susumetse mehopolo ea ho etsa litšila ka pelong ea hae.
5. Ho lokela hore ho qojoe eng e le ho boloka bohloeki kelellong?
5 Kaofela ha rōna re le Bakreste re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho hloeka kelellong. Sena se bolela ho qoba libaesekopo leha e le life, mananeo a thelevishene, kapa ho bala litaba tse ka bang le tšusumetso e silafatsang monahano oa rōna. Ho hloeka kelellong ho akarelletsa boiteko bo matla ba ho nahana ka lintho tsa “’nete, . . . tse lokileng, . . . tse hloekileng.” Moapostola Pauluse oa phaella: “Tsohle tseo bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.”—Ba-Filippi 4:8.
Bohloeki ba Botho
6. (a) Fana ka mehlala e tsoang bukeng ea Levitike e bontšang hore bohloeki ba botho le bo akaretsang bo ne bo hlokahala Iseraeleng. (b) Morero oa melao e joalo e ne e le ofe?
6 Ho ’nile ha boleloa hore “bohloeki bo haufi le bomolimo.” Ke ’nete, motho ea hloekileng boitšoarong le ’meleng a ka ’na a hloka bomolimo. Empa motho ea nang le bomolimo o tlameha, joang kapa joang, ho hloeka boitšoarong le ’meleng. Molao oa Moshe o fane ka litaelo tse tobileng tsa ho hloekisa matlo a nang le mafu le hore batho ba tole maemong a fapa-fapaneng a ho ba sesila. (Bona Levitike, likhaolo 14 le 15.) Baiseraele bohle ba ne ba hlokoa hore ba ipake ba halalela. (Levitike 19:2) Khatiso ea Insight on the Scriptures e re: “Melao ea lijo, ea bohloeki, le ea boitšoaro eo Molimo o ileng oa e fa [Baiseraele] e ne e le likhopotso tsa ka mehla ho bona tsa ho ikarola ha bona le ho halalela ha bona ho Molimo.”—Moqolo 1, leqephe 1128.
7. Ke eng se hlokomeloang ho Lipaki tsa Jehova e le sehlopha, empa balebeli ba bang ba tsamaeang ba tlalehile eng?
7 Le hoja Lipaki tsa Jehova e le sehlopha se hloekileng litšileng leha e le life tsa bolumeli ba bohata ba Babylona ’me li sa lumelle litšila tsa boitšoaro ka har’a tsona, litlaleho tse tsoang ho balebeli ba tsamaeang li bontša hore batho ba bang ba hlokomoloha bohloeki ba botho le makhethe. Re ka kholiseha joang hore esita le ntlheng ee re hloekile? Mohlala o motle bakeng sa mahae ’ohle a Bakreste ke Bethele, e bolelang “Ntlo ea Molimo.”
8, 9. (a) Litho tsohle tse ncha tsa lelapa la Bethele li fuoa keletso efe? (b) Ke melao efe e lateloang Mahaeng a Bethele e lokelang ho tsamaisa lelapa le leng le le leng la Bakreste?
8 Ha motho a fetoha setho sa lelapa la Bethele ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower kapa lekaleng leha e le lefe la oona lefatšeng ka bophara, o fuoa bukana e boholo ba makasine e lokiselitsoeng ke Sehlopha se Busang. Khatiso ena e hlalosa se lebelletsoeng ho eena ntlheng ea mekhoa ea mosebetsi le mekhoa ea botho. Tlas’a sehlooho “Tlhokomelo ea Kamore le Bohloeki,” e re: “Bophelo ba Bethele bo hloka ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa ’mele, tsa boitšoaro le tsa moea. E mong le e mong ea leng Bethele o lokela ho ameha ka ho ipoloka a hloekile le ho boloka kamore ea hae e hloekile. Sena se tlatsetsa bophelong bo botle. Ha ho lebaka la hore motho leha e le ofe a be litšila. Ke mokhoa o motle hore motho a tole letsatsi le leng le le leng. . . . Ho hlapa pele ho nako ea lijo ke habohlokoa ’me ho lebelletsoe ho bohle. E le ho nahanela motho eo u lulang le eena le motho ea hlokomelang matlo, sinki kapa bate li lokela ho hlatsuoa ka linako tsohle ha li qeta ho sebelisoa.”
9 Mahaeng a Bethele, matloana a bolokoa a hloekile ka mokhoa o khethehileng, ’me ho entsoe tokisetso ea hore batho ba a sebelisang ba hlatsoe matsoho a bona hang-hang. Litho tsa lelapa li lebelletsoe ho siea ntloana e hloekile ha li qeta ho e sebelisa, e leng ho bolelang ho hlahloba ho bona hore na ntloana e fela e hlatsoehile hantle ka mor’a ho bulela metsi. Sena se bontša ho nahanela motho ea latelang ea tlang ho e sebelisa kapa motho ea hlokomelang matlo. Na melao-motheo e metle joalo, e lerato ha ea lokela ho tsamaisa lelapa le leng le le leng la Mokreste?
10. (a) Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale kamore e majaba-jaba ea ho itlhatsoa hore motho a ipoloke a hloekile hammoho le bana ba hae? (b) Ke melao efe Iseraeleng e neng e tlisa bophelo bo botle, ’me ke thuto efe eo batho ba Jehova ba ka ithutang eona ho see kajeno?
10 Ka tlhaho, maemo aa fapana ho ea ka linaha. Libakeng tse ling, matlo ha a na libate tseo ho itlhatsoetsoang ho tsona kapa lishaoara. Empa, ka kakaretso banna le basali ba Bakreste ba ka fumana sesepa le metsi a lekaneng ho boloka ’mele ea bona e hloekile le ho bona hore bana ba bona ba hloekile.a Matlo a mangata lefatšeng ka bophara ha aa kenyelletsoa tokisetsong ea ho qhala likhoere-khoere. Empa likhoere-khoere li ka chekeloa ka tsela e sireletsehileng, joalokaha ho ne ho hlokahala har’a Baiseraele esita le likampong tsa sesole. (Deuteronoma 23:12, 13) Ntle le mona, melao ea Jehova e tsamaisang bophelo kampong e ne e hloka hore liaparo li hlatsuoe khafetsa le ho tola, mafu a hlokomeloe ka potlako ’me a phekoloe, ho tšoaroe litopo ka nepo, ’me ho bolokoe metsi a hloekileng le lijo. Melao ena kaofela e ne e tlatsetsa bophelong bo botle ba sechaba. Na kajeno batho ba Jehova ha baa lokela ho hloeka ka ho tšoanang mekhoeng ea bona ea botho?—Ba-Roma 15:4.
Mahae le Likoloi tse Makhethe
11. (a) Boemo e lokela ho ba bofe esita le ntlong ea boemo bo tlaase ka ho fetisisa ea Mokreste? (b) Ho hlokahala tšebelisano ’moho efe ho litho tsohle tsa lelapa la Bethele?
11 Mahae a rōna, ho sa tsotellehe hore na ke a boemo bo tlaase hakae, a ka laoleha le ho hloeka, ’me sena se hloka tlhophiso e ntle ka lapeng. ’Mè oa Mokreste o tla batla ho qeta nako e ngata ka hohle kamoo a ka khonang litabeng tsa moea, ho akarelletsa mosebetsi oa ho bolela, kahoo ha aa lokela ho qeta nako letsatsi le leng le le leng a hleka moo litho tsa lelapa li siileng liaparo, libuka, lipampiri, limakasine, le tse ling, li hasane hohle. Bethele, le hoja ho e-na le batho ba hlokomelang matlo ba hloekisang, setho ka seng sa lelapa se lebelletsoe ho alola bethe ea sona le ho siea kamore ea sona e le makhethe hoseng. Kaofela ha rōna re ananela Liholo tsa rōna tsa ’Muso le Liholo tsa Likopano tse makhethe le tse hloekileng. E se eka matlo a rōna le ’ona a ka netefatsa hore re karolo ea batho ba Jehova ba hloekileng le ba halalelang.
12, 13. (a) Ho fanoa ka keletso efe mabapi le likoloi tse sebelisoang tšebeletsong ea Jehova, ’me ke hobane’ng ha see se sa nke nako e telele haholo? (b) Ho na le lebaka lefe la moea la ho ipoloka re hloekile ’meleng le ho ba le matlo le likoloi tse makhethe?
12 Kajeno bahlanka ba bangata ba Jehova ba sebelisa likoloi e le mokhoa oa ho ea libokeng le tšebeletsong ea tšimo. Linaheng tse ling koloi e se e fetohile kofuto eo ho ke keng ha etsoa letho ntle ho eona bakeng sa ho sebeletsa Jehova. Le eona e lokela ho bolokoa e le makhethe hape e hloekile, joaloka matlo a rōna. Ke ’nete hore Bakreste ba ke ke ba qeta nako e ngata haholo ba bentša likoloi tsa bona joaloka batho ba bang ba lefatše. Empa ba ntse ba sa fetelletse litaba joalo, bahlanka ba Jehova ba lokela ho loanela ho boloka likoloi tsa bona li hloekile ka ho loketseng hape li laolehile hantle. Linaheng tse ling ho hlatsoa koloi seteisheneng sa peterole ha ho bitse chelete e ngata e bile ha ho senye nako. Mabapi le bokahare ba koloi, ho e hloekisa le ho e hlopha ka makhethe ka metsotso e leshome ho ka etsa mosebetsi o tsotehang. Baholo le bahlanka ba sebeletsang, ka ho khethehileng, ba lokela ho loanela ho ba mehlala ntlheng ena, kaha hangata ba sebelisa likoloi tsa bona ho nka lihlopha tsa bahoeletsi tšebeletsong ea tšimo. Ha mohoeletsi a lata motho ea thahasellang ho mo isa sebokeng, ka sebele hase bopaki bo botle haeba koloi e le litšila hape e le bohlasoa.
13 Ka hona, ka boiteko ba rōna ba ho hloeka ’meleng le ho ba le matlo le likoloi tse hloekileng le tse makhethe, re tlotlisa Jehova joaloka litho tsa mokhatlo oa hae o hloekileng o hlophisitsoeng.
Bohloeki ha ho Fanoa ka Mahlabelo a Moea
14. Ke melao efe e neng e laola bohloeki litšebeletsong Iseraeleng, ’me melao ee e bontša eng?
14 Bohloeki mabapi le litšebeletso tsa borapeli bo ne bo hlokahala Iseraeleng, kotlo e le lefu. Jehova o ile a bolella Moshe le Aarone: “Le tla khaohanya joalo bana ba Iseraele le tsee ba itšèlang sesila ka tsona, hore ba se ke ba shoela litšileng tsa bona, ka ho silafatsa tente ea ka ea pōkano e har’a bona.” (Levitike 15:31) Letsatsing la Lipheko, moprista e moholo o ne a lokela ho hlatsoa ’mele oa hae ka metsi habeli. (Levitike 16:4, 23, 24) Sejana sa koporo se neng se le tabernakeleng, ’me hamorao letša le leholo la koporo le neng le le tempeleng, li ne li fana ka metsi bakeng sa hore baprista ba itlhatsoe pele ba nyehela mahlabelo ho Jehova. (Exoda 30:17-21; 2 Likronike 4:6) Ho thoe’ng ka Baiseraele ka kakaretso? Haeba ka lebaka leha e le lefe ba ne ba fetoha ba sa hloekang ha ba etsa litšebeletso, ba ne ba thibeloa ho kopanela borapeling ho fihlela ba phethile litlhokahalo tsa ho itlhoekisa. (Numere 19:11-22) Sena sohle se ne se hatisa hore ho hloeka ’meleng hoa hlokahala ho bao ba rapelang Molimo o halalelang Jehova.
15. Ke hobane’ng ha mahlabelo a liphoofolo a se a sa hlokahale, empa ho phahamisoa lipotso life?
15 Ke ’nete hore kajeno ha ho hlokahale hore batho ba Jehova ba nyehele mahlabelo a liphoofolo tempeleng ea lefatše. Mahlabelo tlas’a Molao a nketsoe sebaka ke “sehlabelo sa ’mele oa Jesu Kreste se entsoeng hang.” (Ba-Heberu 10:8-10) Re “rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24) Empa na see se bolela hore ha ho sa na mahlabelo ao re a nyehelang ho Molimo oa rōna o halalelang Jehova? ’Me na ho rōna bohloeki ha bo hlokahale joaloka ho Baiseraele?
16. Boprofeta ba Malakia 3:3, 4 bo phethahalitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng joang ho tloha ka 1918, ’me ke mahlabelo afe a khahlisang ao ba a nyehelang ho Jehova?
16 Boprofeta ba Malakia bo bontša hore nakong ea bofelo Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng ba ne ba tla ntšoa litšila tsohle, kapa ba hloekisoe bakeng sa tšebeletso tempeleng. Histori e bontša hore ho ntšoa litšila tsohle hona ho qalile ka 1918. Ho tloha ka 1919 masala a tlotsitsoeng a “hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka,” ’me mpho eo a e nyehelang e “khahlisa Jehova.” (Malakia 3:3, 4) Ka hona, ba khona ho “hlahisa mahlabelo a moea, a natefelang Molimo ka Jesu Kreste.” (1 Petrose 2:5) Moapostola Pauluse o ngotse: “Ka baka leo, a re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.”—Ba-Heberu 13:15.
17. Le hoja “bongata bo boholo ba batho” e se karolo ea boprista ba borena, ke hobane’ng ha bo tlameha ho hloeka ’meleng, kelellong, boitšoarong, le moeeng?
17 Le hoja “bongata bo boholo ba batho” bo sa bitsetsoe tšebeletso ea tempeleng ea boprista joaloka masala a tlotsitsoeng, bo “sebeletsa [Jehova] motšehare le bosiu” lebaleng la lefatšeng la tempele ea hae ea moea. (Tšenolo 7:9, 10, 15) Ho tla hopoloa hore Baiseraele bao e seng baprista ba ne ba lokela ho hloeka ha ba etsa litšebeletso e le hore ba ka kopanela borapeling tabernakeleng kapa, hamorao, tempeleng. Ka ho tšoanang, bongata bo boholo ba batho ba linku tse ling bo tlameha ho hloeka ’meleng, kelellong, boitšoarong, le moeeng haeba bo lakatsa ho sebeletsa tempeleng le ho kopanela le masala ha a ‘hlahisa ho Molimo sehlabelo sa poko’ ka ho ‘bolela lebitso la oona.’
Ho Hloeka le ho ba Makhethe Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo le Liboka
18. Ha re kopanela mosebetsing oa ho paka phatlalatsa le ho ea libokeng, re lokela ho ameha ka eng mabapi le bohloeki ba botho, moaparo, le lieta?
18 See se bolela eng ha ho tluoa ketsong? Se bolela hore e ne e tla ba ho sa lokelang le ho hloka tlhompho ka ho fetisisa ho Jehova ho mo emela tšebeletsong ea ntlo le ntlo, literateng, kapa lehaeng la motho e mong haeba re ne re sa hloeka ’meleng ’me re sa apara ka tsela e loketseng. Kahoo, ha rea lokela ho nka litaba tse joalo habobebe. Re tlameha ho li ela hloko haholo, e le hore re ka itšoara ka mokhoa o lokelang basebeletsi ba jarang lebitso la Jehova. Ha ho hlokahale hore liaparo tsa rōna e be tse theko e boima, empa li lokela ho hloeka, e be tse khahlehang, le tse itekanetseng. Lieta tsa rōna le tsona li lokela ho lokisoa hantle ’me li shebahale hantle. Ka ho tšoanang, libokeng tsohle, ho akarelletsa Thuto ea Buka ea Phutheho, ’mele ea rōna e lokela ho hloeka, ’me re lokela ho apara ka makhethe le ka tsela e tšoanelehang.
19. Ke melemo efe ea moea e tlisoang ke ponahalo e hloekileng le e makhethe ea basebeletsi ba Bakreste?
19 Ponahalo ea rōna e hloekileng le e makhethe ha re tšoarehile mosebetsing oa ho paka le ha re le libokeng tsa rōna ke tsela e ’ngoe ea ho “khabisa thuto ea ’Moloki oa rōna, Molimo.” (Tite 2:10, NW) Ke bopaki ka bohona. Batho ba bangata ba ’nile ba khahloa ke bohloeki le makhethe a rōna, ’me sena se ba susumellelitse ho mamela molaetsa oa rōna o mabapi le merero ea Jehova e babatsehang bakeng sa maholimo a macha a lokileng le lefatše le lecha le hloekisitsoeng.—2 Petrose 3:13.
20. Ke litholoana life tse ntle tse eketsehileng tse tlisoang ke ho hloeka ha rōna kelellong le ’meleng?
20 Ha tsamaiso e ncha e hloekileng ea Jehova e ntse e atamela, ho hlokahala hore kaofela ha rōna re bone hore na hoa hlokahala hore re etse liphetoho tse itseng monahanong oa rōna kapa mekhoeng ea rōna ea botho. Pauluse o ngotse: “Ke bolela ka mokhoa oa batho ka baka la phokolo ea nama ea lōna. Ke re: Joale ka ha le ne le beile litho tsa lōna ho ba bahlanka ba litšila le ba bokhopo ho etsa bokhopo, ka mokhoa oo joale, beang litho tsa lōna joalo, li be bahlanka ba ho loka ho isang khalalelong.” (Ba-Roma 6:19) Ho hloeka moeeng le ho hloeka ’meleng ho beha litholoana tse ntle esita le hona joale, “litholoana tseleng ea khalalelo, ’me qetello [e tla ba] bophelo bo sa feleng.” (Ba-Roma 6:22, NW) Ka hona, a re hloekeng kelellong le ’meleng ha re ntse re ‘bea ’mele ea rōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo.’—Ba-Roma 12:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa litlhahiso tse sebetsang tsa bohloeki maemong a thata, bona sehlooho “Ho Talimana le Phephetso ea Bohloeki,” se hatisitsoeng ho Tsoha! ea October 8, 1988, maqephe 26-29.
Lintlha tse Lokelang ho Hopoloa
◻ Ke joang mahlo a rōna le lipelo li ka re susumelletsang ho kopanela boitšoarong bo hlephileng?
◻ Baiseraele ba ile ba fumana melemo efe ha ba utloa melao ea Jehova ea bohloeki bo akaretsang le ba motho ka mong?
◻ Ke melao-motheo efe e lateloang mahaeng a Bethele e lokelang ho tsamaisa lelapa le leng le le leng la Bakreste?
◻ Ke neng haholo-holo re lokelang ho ela hloko ponahalo ea rōna?
◻ Bahlanka ba Jehova ba na le mabaka afe a moea a hore ba boloke mahae a bona le likoloi tsa bona li hloekile ’me li le makhethe?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Bophelo ba Bethele bo hloka ho boloka litekanyetso tse phahameng ’meleng, boitšoarong le moeeng”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Na ’mè o lokela ho qeta nako e ngata haholo letsatsi le leng le le leng a hloekisa bohlasoa ba litho tsa lelapa tse sa nahaneleng?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ka metsotso e leshome, ho ka etsoa mosebetsi o tsotehang oa ho hloekisa koloi ka hare