-
Lebaka Leo ka Lona Borapeli ba Bakreste e Leng bo PhahamengMolula-Qhooa—1991 | February 15
-
-
kene leholimong ka bohlokoa ba mali a hae.
Selekane se secha, se tiisitsoeng ke mali a Jesu, se phahametse selekane sa Molao. Melao ea Molimo e ngotsoe lipelong tsa ba selekaneng se secha ’me ba thabela tšoarelo ea libe. (Jeremia 31:31-34) Teboho bakeng sa sena e ba susumelletsa ho etsa polelo ea phatlalatsa ea tšepo ea bona le ho bōkana le balumeli-’moho. Ho fapana le bona, baetsalibe ba ka boomo ha ba sa na sehlabelo leha e le sefe bakeng sa libe.
Tumelo ke ea Bohlokoa!
Re hloka tumelo hore re tle re rue molemo selekaneng se secha se phahameng. (10:32–12:29, NW) Mamello le eona ea hlokahala haeba re tla fumana seo Jehova a se tšepisitseng. Re na le ‘leru le leholo’ la lipaki tsa pele ho nako ea Bokreste le re pota-potileng, e le khothatso bakeng sa hore re mamelle. Leha ho le joalo, ka ho khethehileng re lokela ho nahanisisa ka tsela e se nang sekoli ea Jesu tlas’a tlhokofatso. Ho hlokofatsoa leha e le hofe hoo Molimo o ho lumellang hore ho re hlahele ho ka talingoa joaloka taeo e ka hlahisang tholoana ea khotso ea ho loka. Ho tšepahala ha litšepiso tsa Jehova ho lokela ho hōlisa takatso ea rōna ea ho nehelana ka tšebeletso e halalelang ho eena “ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo.”
Pauluse o qetella ka likhothatso tse matla. (13:1-25) Tumelo e lokela ho re susumelletsa ho bonahatsa lerato la boena, ho rata ho amohela baeti, ho hopola balumeli-’moho ba hlokofatsoang, ho nka lenyalo le hlompheha, le ho ‘kholoa ke tseo re nang le tsona.’ Re lokela ho etsisa tumelo ea ba etelletseng pele ka phuthehong ’me re ba utloe. Ho feta moo, re lokela ho qoba bokoenehi, re mamelle thohako eo Jesu a ileng a e mamella, ‘re hlahise ka mehla ho Molimo sehlabelo sa poko,’ ’me re tsoele pele ho etsa hantle. Boitšoaro bo joalo hape ke e ’ngoe ea litšobotsi tse phahameng tsa Bokreste ba ’nete.
-
-
Ho Tlisa Khanya Libakeng tse Hōle BoliviaMolula-Qhooa—1991 | February 15
-
-
Ho Tlisa Khanya Libakeng tse Hōle Bolivia
KA LEBOEA le ka bochabela ho lithaba tse phahameng tsa Bolivia ho na le libaka tsa mabalane tse motsitsa tse chesang haholo, tse nang le limela tse khahlehang. Libaka tsena li arotsoe ke linōka tse metsi a loebehlanang tse tsoelipanang har’a mefero le har’a masaba-saba. Ebe ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso libakeng tse hōle hakaalo ho joang?
Nahana u le ka seketsoaneng se seholo, se entsoeng ka kutu ea sefate e hopuoeng ’me se tsamaisoa ka enjine e ka morao. Ena e bile phihlelo ea basebeletsi ba tšeletseng ba nako e tletseng ba Trinidad, motse o karolong ea Bolivia e bitsoang El Beni. Ba ne ba ile ba rera leeto lena e le hore ba ka paka metseng e pel’a nōka eo ho hang “litaba tse molemo tsa ’muso” li neng li e-s’o fihle ho eona. (Mattheu 24:14, NW) Ka mor’a ho feta har’a metsi a mangata a hlakileng, seketsoana sa bona se ile sa qala ho tsamaea molapong o entseng mochophoro o lebang Nōkeng ea Mamoré.
E mong ea neng a le sehlopheng seo o pheta tjena: “Re ne re se re batla re fihlile Mamoré ha re fumana hore karolo ea ho qetela ea molapo oo e ne e omile. Ha re tsoa ka sekepeng, re ile ra iphumana re tetebela seretseng ho fihla liropeng! Mosali oa ka o ile a lahleheloa ke lieta tsa hae ha a leka ho itokolla. Empa ka thuso ea batho ba fetang ka tsela, re ile ra atleha ho hula seketsoana seo se boima ho se ntša seretseng le ho se hulela moo ho seng tebe-tebe. Ka mor’a lihora tse peli tsa mosebetsi o boima, re ile ra fihla Mamoré.
“Joale re ile ra tsamaisa seketsoana habobebe ho nyolosa nōka, eo mathōkong a eona ho neng ho e-na le mabōpo a phahameng a nang le limela tse ngata tsa moo ho chesang haholo. Ha li utloa molumo oa enjine, likhulu tse khōlō li ile tsa theoha likutung tsa lifate tse neng li phaphametse ka holim’a metsi, ha ka linako tse ling li-dolphin tse khahlehang li ne li hlahela ka holim’a metsi. Sebaka sa pele seo re ileng ra ema ho sona
-