Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Tumelo le Bohlale
Lintlha tse Khōlō ho Tsoa Lengolong la Jakobo
BAHLANKA ba Jehova ba hloka mamello ha ba le tlas’a liteko. Ba boetse ba lokela ho qoba boitšoaro bo tla fella ka hore ba se amoheloe ke Molimo. Lintlha tse joalo li hatisoa lengolong la Jakobo, ’me ho etsa ho hong ho loketseng ka tsona ho hloka tumelo e mafolo-folo le bohlale ba leholimo.
Sengoli sa lengolo lena ha se itsebahatse joaloka e mong oa baapostola ba Jesu ba babeli ea bitsoang Jakobo empa se itsebahatsa joaloka ‘lekhoba la Molimo le la Kreste’. Ka ho tšoanang, Juda ngoan’abo Jesu o re ke “lekhoba la Jesu Kreste, empa ngoan’abo Jakobo.” (Jakobo 1:1; Juda 1, NW; Mattheu 10:2, 3) Ka hona, kamoo ho bonahalang ka teng, Jakobo ngoan’abo Jesu o ngotse lengolo le nang le lebitso la hae.—Mareka 6:3.
Lengolo lena ha le bolele ka ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E., ’me rahistori Josephus o bontša hore Jakobo o ile a bolaeloa tumelo nakoana ka mor’a lefu la Festuse ’Musisi oa Roma hoo e ka bang ka 62 C.E. Kahoo, kamoo ho bonahalang ka teng, lengolo le ngotsoe pele ho 62 C.E. Le ne le lebisitsoe ho “meloko e leshome le metso e ’meli” ea Iseraele ea moea, hobane le ne le tobisitsoe ho ba tšoarelletseng “tumelong ea Morena oa rōna Jesu Kreste.”—Jakobo 1:1; 2:1, NW; Ba-Galata 6:16.
Jakobo o sebelisa lipapiso tse ka re thusang ho hopola keletso ea hae. Ka mohlala, o bontša hore motho ea kōpang Molimo bohlale ha a lokela ho lika-lika, “hobane motho ea lika-likang o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea.” (1:5-8) Leleme la rōna le lokela ho laoloa hobane le ka tsamaisa tsela ea rōna joalokaha setsamaisa-sekepe (rudder) se tsamaisa seketsoana. (3:1, 4) ’Me hore re sebetsane ka katleho le liteko, ho hlokahala hore re bontše mamello e tiisetsang joalokaha ho etsa rapolasi ha a emetse nako ea kotulo.—5:7, 8.
Tumelo, Liteko, le Mesebetsi
Pele Jakobo o bontša hore re ka thaba joaloka Bakreste ho sa tsotellehe liteko tsa rōna. (1:1-18) Tse ling tsa liteko tsena, tse kang ho kula, li hlahela batho bohle, empa Bakreste ba boetse ba utloa bohloko ka lebaka la ho ba makhoba a Molimo le a Kreste. Jehova o tla re fa bohlale bo hlokahalang bakeng sa ho mamella haeba re tsoela pele re bo kōpa ka tumelo. Le ka mohla ha a re leke ka lintho tse mpe, ’me re ka itšetleha ka eena ho fana ka se lokileng.
Hore re fumane thuso ea Molimo, re tlameha ho mo neha borapeli ka mesebetsi e bontšang tumelo ea rōna. (1:19–2:26) Sena se hloka hore re be “baetsi ba lentsoe,” eseng bautloi feela. Re lokela ho laola leleme, re hlokomele likhutsana le bahlolohali, ’me re lule re se na letheba lefatšeng. Haeba re etsa barui hantle ’me re hlokomoloha bafumanehi, re tla be re loantšana le “molao oo e leng morena” oa lerato. Re boetse re lokela ho hopola hore tumelo e bontšoa ka mesebetsi, joaloka mehlala ea Abrahama le Rahaba e bontša hantle. Ka sebele, “tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”
Bohlale ba Leholimo le Thapelo
Matichere a hloka tumelo hammoho le bohlale ho phetha mesebetsi ea oona. (3:1-18) A na le boikarabelo bo boima haholo joaloka barupeli. Joaloka oona, re lokela ho laola leleme—ntho eo bohlale ba leholimo bo re thusang ho e etsa.
Bohlale bo boetse bo re nolofalletsa ho hlokomela hore ho inehella litšekamelong tsa lefatše ho tla senya kamano ea rōna le Molimo. (4:1–5:12) Haeba re loanetse ho fumana lipheo tsa boithati kapa re nyatsitse baena ba rōna, ho hlokahala hore re bake. ’Me ke habohlokoa hakaakang hore re qobe ho etsa setsoalle le lefatše lena, hobane hona ke bofebe ba moea! Le ka mohla re se hlokomolohe thato ea Molimo ka ho rera lintho tse bonahalang, ’me e se eka re ka itebela khahlanong le moea oa ho hloka mamello le ho fehelana.
Mang kapa mang ea kulang moeeng o lokela ho batla thuso ea baholo ba phutheho. (5:13-20, NW) Haeba ho entsoe libe, lithapelo tsa bona le keletso ea bona e bohlale li tla thusa ho etsa hore moetsalibe a boele a phele hantle moeeng. Ha e le hantle, “ea khutlisang moetsalibe ho fosahaleng ha tsela ea hae o tla pholosa sephefumolohi [sa mofosi] lefung [la moea le la ka ho sa feleng].”
[Lebokose le leqepheng la 23]
Baetsi ba Lentsoe: Re lokela ho ba “baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela.” (Jakobo 1:22-25) Moutloi feela “o joaloka motho ea iponang seiponeng tšobotsi eo a tsoetsoeng ka eona.” Ka mor’a ho itlhahloba hakhutšoanyane, a tlohe “a lebale hang hore ke motho ea joang.” Empa ‘moetsi oa lentsoe’ o sheba ka hloko molaong oa Molimo o phethahetseng, kapa o felletseng, o amohela lintho tsohle tse hlokahalang ho Mokreste. O “tiisetsa teng,” a ntse a tsoela pele ho hlahlobisisa molao ka pono ea ho etsa litokiso e le hore a ka iphaphatha le oona haufi-ufi. (Pesaleme ea 119:16) ‘Moetsi oa mosebetsi’ o fapana joang le motho ea ichebang seiponeng ’me a lebale seo se se senolang? Moetsi o sebelisa lentsoe la Jehova ’me o thabela molemo oa Hae!—Pesaleme ea 19:7-11.