Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta!
Lintlha tse Khōlō ho Tsoa ho Petrose oa Bobeli
LENTSOE la Jehova la boprofeta, kapa molaetsa, le tšoana le lebone le khanyang sebakeng se lefifi, ’me Bakreste ba ’nete ba lokela ho le ela hloko haholo. Hoo ha ho bonolo ha matichere a bohata a leka ho ntšetsa pele bokoenehi. Empa ho ka etsoa ka thuso ea Molimo. ’Me re tšoanetse ho khomarela lentsoe la Molimo ka matla haeba re tla pholoha letsatsi la Jehova le ntseng le atamela ka potlako.
Lengolo la bobeli le bululetsoeng la moapostola Petrose le ka re thusa ho ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta. Petrose o ngotse evangeli ena mohlomong a le Babylona hoo e ka bang ka 64 C.E. Lengolong la hae o ile a buella ’nete ea Molimo, a lemosa balumeli-’moho ka ho tla ha letsatsi la Jehova le tlang joaloka lesholu, ’me a thusa babali ba hae hore ba se ke ba khelosoa ke ho fosa ha batho ba phephetsang molao. Kaha letsatsi la Jehova le batla le le holim’a rōna, re ka rua molemo haholo mantsoeng a Petrose a bululetsoeng.
Tšepa Lentsoe la Boprofeta
Joaloka Bakreste, re lokela ho ikitlaetsa ho bontša litšobotsi tsa bomolimo ’me re tšoanetse ho ela hloko lentsoe la boprofeta. (1:1-21) Ho qoba ho se be mafolo-folo le ho ba ba sa beheng litholoana re lokela ho ‘fepa tumelo ea rōna matla, tsebo, boitšoaro, mamello, boinehelo ba bomolimo, lerato la boena, le lerato.’ Ha Petrose a bona Jesu a fetoloa ’me a utloa Molimo o bua ka Kreste ketsahalong eo, lentsoe la boprofeta le ile la tiisoa haholoanyane. (Mareka 9:1-8) Re lokela ho ela hloko lentsoe leo le bululetsoeng ke Molimo.
Itebeleng Khahlanong le Bokoenehi
Ka ho ela hloko haholo lentsoe la Molimo la boprofeta, re ka itebela khahlanong le bakoenehi le batho ba bang ba babe. (2:1-22) Petrose o ile a lemosa hore matichere a bohata a ne a tla kenella phuthehong. Leha ho le joalo, Jehova o tla liha kahlolo e bohloko khahlanong le bakoenehi bana, joalokaha a ile a ahlola mangeloi a sa mameleng, lefatše leo le se nang bomolimo la mehleng ea Noe, le metse ea Sodoma le Gomorrha. Matichere a bohata a nyelisa matla a fanoeng ke Molimo ’me a qeka ba fokolang ho kopanela le oona ho etseng ho sa lokang. Ho ka be ho bile molemo bakeng sa bakoenehi bao hore ba se tsebe “tsela ea ho loka, ho e-na le hore ba khelohe molao o halalelang oo ba o neiloeng, ha ba se ba o tsebile.”
Letsatsi la Jehova Lea Tla!
Joaloka ba elang hloko lentsoe la boprofeta mehleng ena ea bofelo, ha rea tšoanela ho lumela hore re susumetsoe ke basomi ba somang molaetsa oa ho ba teng ha Jesu. (3:1-18) Baa lebala hore Molimo o rerileng ho felisa tsamaiso ena ea lintho o ile oa felisa lefatše la pele ho Moroallo. Mamello ea Jehova ha ea lokela ho nkoa e le tieho, hobane o batla hore batho ba bake. Tsamaiso ena e tla felisoa ka “letsatsi la Molimo” ’me e tla nkeloa sebaka ke ‘maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho tla aha teng.’ Kahoo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho ‘hloka letheba le sekoli ’me re be le khotso.’ Ho e-na le ho khelosoa ke matichere a bohata, a re hōleng tsebong ea Jesu Kreste.
A re nkeng mantsoe a Petrose ka ho teba. Le ka mohla re se hlōlehe ho itebela khahlanong le matichere a bohata. Phela u ntse u falimehetse hore letsatsi la Jehova lea tla haufinyane. ’Me ka linako tsohle u ele hloko lentsoe la Molimo la boprofeta.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]
A Lihetsoe Tartarus: Jehova “ha a ka a tlohela ho otla mangeloi a sitiloeng, empa, ka ho a lihela Tartarus, o a theoletse sekoting sa lefifi le leholo ho bolokeloa kahlolo.” (2 Petrose 2:4, NW) Ena hase Tartarus ea tšōmo e bontšitsoeng ho Iliad ea Homer e le sebaka se ka tlas’a lefatše moo melimo ea bohata e menyenyane, Cronus le meea e meng ea Titan, e neng e koalletsoe teng. Tartarus ea Bibele ke boemo bo kokobelitsoeng, bo kang ba chankane moo Molimo o lahletseng teng mangeloi a sa mameleng mehleng ea Noe. (Genese 6:1-8; 1 Petrose 3:19, 20; Jude 6, NW) ‘Lefifi le leholo’ le ba teng ka baka la ho khaoloa ha oona ke Molimo leseling la moea joaloka a lelekiloeng lelapeng la oona. Joaloka a boloketsoeng kahlolo e bohloko ea oona, a na le pono e lefifi feela. Tartarus ke qalo ea ho liheloa sekoting ho tla hlahela Satane le bademona ba hae pele Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e qala. Pheliso ea bona e tla etsahala ka mor’a Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste.—Mattheu 25:41; Tšenolo 20:1-3, 7-10, 14.
[Setšoantšo]
Zeus o lahletse melimo e menyenyane ka har’a Tartarus ea tšōmo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
National Archaeological Museum, Athens, Greece