Pina ea 210
‘Lemohang Litaba tse Fetisang ka Molemo’
1. Re sebeletsa Jah
Molim’a rōna ka thabo.
Mpho ea bohlokoa eo
a re fileng ke lerato.
A re ke re
le atiseng re tle r’elelloeng
Ntho tsa ’nete tse lokileng. Re be re sebeletseng
Jehova re le ba hloekileng.
2. Ntho tsa bohlokoa ho
Molimo ke ho mo utloa,
Ho ba ba lebohang
hammoho le ho tšepeha.
A re pheleng
ka nyakallo le eona khotso
Le batho bao re ba rutang ka ’Muso—
Re etseng botle ’me re se khopiseng ba bang.
3. Ho hlokahala re
khabise thuto ea ’Mōpi,
Re’inyenyefatse ha
r’eletsa re s’e nyefole.
Re hlaoleleng
litholoana tse teng tsa moea.
Re isetseng ’Mōpi thoko. Re’a be re
lemoha taba tse fetisang ka molemo.