Pina ea 56
Tsoelang Pele ka Sebete
1. Ea tšepehang kamehla le mehla
Ha ho seo a se tšabang,
Empa o paka ka matla le tieo
Ka ’Muso’a Jah o busang.
(Chorus)
2. Lerato le ea re susumetsa
Hore re tšepahale.
Ho chesehela Morena oa rōna,
Bokhopo re bo qobe.
(Chorus)
3. Jah o khothatsa hore kamehla
Re itšepele eena,
Ho fihlel ’Armagedon’e felisa
Tsamaiso e mpe ena.
(CHORUS)
Re sututseng. Re se tšabeng.
Re tsoele pele khanyeng.
O re Jehova: “Ke tla le fa matla.
’Nete le e loaneleng.”