-
Bacha ba Bakreste—Tieang TumelongMolula-Qhooa—1991 | July 15
-
-
Bacha ba Bakreste—Tieang Tumelong
“EMONG le e mong o tlameha ho ba teng.” Eo ke tsebiso e ileng ea etsoa. Liithuti tsohle sekolong se seng sa Japane li ne li lokela ho ba teng sebokeng se akaretsang ka holong. Seithuti se senyenyane sa Mokreste se ne se sa lumellane le likhopolo tse ling tse pineng ea sekolo. Se ile sa nahana, “Kea tseba hore ho tla binoa pina ea sekolo. Empa nke ke ka ba le mathata leha e le afe. Ke tla itulela ka morao joalokaha ke tloaetse.”
Leha ho le joalo, ha Paki e nyenyane ea Jehova e kena ka holong, e ile ea fumana hore matichere kaofela a ne a lutse moleng o ka morao-rao oa litulo. Ka hona, e ile ea tlameha ho lula ka pele ho ’ona. Ha liithuti tse ling li ema ho bina pina ea sekolo, e ile ea sala e lutse ka tlhompho. Empa matichere a ile a halefisoa ke sena. A ile a e tšoara ’me a leka ho e emisa ka sheshe. Na u ka ipona u le boemong bo joalo? U ne u tla etsa joang?
Lebaka Leo Tumelo e Matla e Hlokahalang ka Lona
Ho ne ho tla ba hotle haeba batho ba ne ba ke ke ba khathatsana le Bakreste ’me ba ba lumella ho phela ho latela matsoalo a bona a koetlisitsoeng ke Bibele. Leha ho le joalo, hangata Bakreste ba lokela ho tobana le maemo a hatellang. Sena ha sea lokela ho re makatsa, hobane Mora oa Molimo, Jesu Kreste o itse: “Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Johanne 15:20) Ka ntle ho mahloriso a tobileng, bahlanka ba Jehova ba tobana le liteko tse ling tse fapa-fapaneng tsa tumelo.
Hangata bacha ba Bakreste ba hloka tumelo e matla e le hore ba tobane le liteko tseo ba thulanang le tsona sekolong. Ba ka ’na ba iphumana ba tlameha ho kopa-kopana le bana bao ba kenang sekolo le bona ba sebelisang puo e litšila kapa ba nang le mekhoa e sa hlompheng Molimo. Bakreste ba bacha ba ka ’na ba thulana le khatello e ntseng e eketseha ea bochaba le khatello ea hore ba kenele li-club, lipolotiki tsa sekolo, kapa mesebetsi e meng e ka ba hlahisetsang kotsi moeeng. Matichere kapa liithuti-’moho le bona ba ka ’na ba leka ho hatella Bakreste ba bacha hore ba sekisetse. Ka hona, bacha ba tšabang Molimo ba tlameha ho itšetleha ka moea oa Jehova bakeng sa ho fumana tumelo e hlokahalang hore ba ikarabelle ka ho hlakileng bakeng sa tšepo ea bona.—Mattheu 10:19, 20; Ba-Galata 5:22, 23.
‘Itokisetse ho Ikarabella’
Keletso ea moapostola Petrose e loketse bacha le Bakreste ba hōlileng. O itse: “Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tšepo eo le nang le eona. Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho.” (1 Petrose 3:15, 16, BPN) Ho hlokahala eng hore motho a lokele ho ikarabella ho joalo? Taba ea pele, u tlameha ho utloisisa seo Mangolo a se rutang. E le hore u ka nka boemo bo tiileng sekolong litabeng tse kang bochaba, lipolotiki, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, kapa boitšoaro, pele u tlameha ho utloisisa lebaka la boemo ba Bokreste ’me u tlameha ho kholiseha ka tieo ka lona.
Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste-’moho: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Na u lumellana le seo? Joalokaha Pauluse a bontšitse, ho bonolo ho khelosoa ke metsoalle. Motho a ka ’na a bonahala a e-na le botsoalle ’me a rateha. Empa haeba a se na kameho eo u nang le eona bakeng sa tšebeletso ea Jehova kapa a bile a sa lumele litšepiso tsa Bibele, ke motsoalle e mobe. Hobane’ng? Hobane bophelo ba hae bo theiloe litekanyetsong tse fapaneng, ’me lintho tsa bohlokoa haholo ho Mokreste li ka ’na tsa se be le bohlokoa bo bokaalo ho eena.
Sena ha se makatse, hobane Jesu o ile a bolela tjena ka balateli ba hae: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:16) Ha ho etsahale hore motho e be Mokreste oa ’nete ’me ka nako e tšoanang e be karolo ea lefatše lena, leo Satane e leng molimo oa lona. (2 Ba-Korinthe 4:4) Na u bona kamoo ho ikarola ho joalo lefatšeng ho sireletsang Mokreste ka teng tšenyehong le qhoebeshanong tse tšoenyang ba bangata hakaale kajeno? Haeba ho joalo, joale u ka utloisisa lebaka leo u tlamehang ho ipoloka u ikarotse ka lona, esita le haeba hona ho bolela hore u ke ke ua kopanela mesebetsing e meng ea sekolo.a
Bohlokoa ba ho tiea tumelong le ho boloka lithahasello tsa ’Muso pele bophelong bo ile ba bontšoa tabeng ea ngoanana e mong e monyenyane oa Mokreste. (Mattheu 6:33) Ha ho phatlalatsoa letsatsi leo a neng a tla ikoetlisa bakeng sa ho fuoa mangolo ka lona, o ile a fumana hore e ne e le letsatsi la kopano ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova eo a neng a rerile ho ea ho eona. O ile a ngola lengolo le nang le tlhompho a hlalosa lebaka leo a neng a tla ba sieo ka lona koetlisong ’me a le fa tichere ea hae pele thupelo e qala. Ka mor’a thupelo, tichere e ile ea ’mitsetsa ka thōko ’me ea mo kōpa hore a boele a hlalose lebaka leo a neng a ke ke a ba teng ka lona bakeng sa koetliso. Ngoanana enoa o re: “E ne e batla ho bona hore na mantsoe a ka a ne a tla tšoana. Na boo e ne e le boikutlo ba ka, kapa na ebe lengolo le ne le ngotsoe mantsoe a ’mè oa ka feela? Ha e bona ho tiea ha ka tabeng eo, ha ea ka ea nkhanyetsa.”
‘Ikarabelle ho Bohle’
Hangata bacha ba Bakreste ba fumana hore haeba ba tsebisa matichere le liithuti boemo ba bona ka ho hlaka pele tseko e phahama, khatello ha e be khōlō hakaalo ha ba lokela ho tobana le mathata. Mokreste e mong e mocha oa Japane o pheta kamoo ha a le lilemo li 11, sekolo sa habo se ileng sa batla hore liithuti tsohle li be teng moketjaneng oa Keresemese. Liithuti tse lihlopheng tse ka pele ho sehlopha sa hae li ile tsa mo hatella hore a kopanele, empa ha aa ka a ba teng, ’me tichere e ile ea utloisisa boemo ba hae. Hobane’ng? Hobane ha likolo li buloa, Paki ena le batsoali ba eona ba ne ba ile ba kopana le tichere ’me ba hlalosa litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa boemo ba bona ba Bokreste.
Bacha ba bang ba Bakreste ha ba kopanetse tšebeletsong ea tšimo, ba tšaba ho kopana le bao ba kenang sekolo le bona kapa matichere? Na u ikutloa ka tsela eo? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa nke bohato ba pele ’me u tsebise bao u kenang sekolo le bona hore u bolela ka ntlo le ntlo ’me u ba bolelle lebaka leo u etsang joalo ka lona? Paki e ’ngoe ea Jehova e lilemo li 14 e ile ea tlaleha: “E mong le e mong sekolong o tseba boemo ba ka joaloka Mokreste. Ka sebele, ba bo tseba hantle hoo haeba ke kopana le eo ke kenang sekolo le eena ha ke ntse ke kopanetse tšebeletsong, ke sa hlajoeng ke lihlong. Hangata liithuti-’moho lia mamela, ’me hangata li amohela lingoliloeng tsa Bibele.” Mocha ea lilemo li 12 o tlaleha hore o laba-labela ho kopana le bao a kenang sekolo le bona ha a nkile karolo tšebeletsong. Ho e-na le ho nyahamisoa ke khopolo ea sena, ka mehla o ikhopotsa seo a tla se bua ha ho ka etsahala hore a teane le tsona. Ka hona, o lula a loketse ho fana ka mabaka a utloahalang bakeng sa tumelo ea hae.
Likolong tse ngata, ho boleloa hore mesebetsi ea ka morao ho sekolo ke taba ea boikhethelo. Empa ha e le hantle, matichere le liithuti li hatella batho hore ba kopanele mesebetsing e joalo. Mokreste ea lilemo li 20 o ile a fumana tsela e molemo ea ho sebetsana le khatello ena. O re: “Ke ile ka sebeletsa joaloka pula-maliboho e thusang nakong eohle ea ha ke le sekolong se phahameng. E mong le e mong o ne a tseba hore ke phathahane haholo ke mesebetsi ea ka ea bolumeli hoo nke keng ka kopanela linthong tse ling.” Ngoan’abo Paki ena oa ngoanana o ile a latela tsela e tšoanang. Bacha ba bang ba Bakreste ba tloha tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang nakong ea lilemo tsa sekolo ho ea mosebetsing oa bopula-maliboho ba ka mehla ka ho toba e le baboleli ba ka mehla ba ’Muso ha ba qeta sekolong.
Le ka mohla u se hlokomolohe liphello tse ntle tsa boitšoaro ba hao bo botle le bopaki ba hao bo sebete. Ho e-na le ho thōla, ke hobane’ng ha u sa bontše bohle hore u tiile tumelong ka ho bua ka tlhompho empa e le ka sebete? Seo ke se ileng sa etsoa ke ngoanana oa Moiseraele ea neng a isitsoe kholehong ’me a le ntlong ea molaoli oa Syria Naamane. (2 Marena 5:2-4) Lebitso la Jehova le ile la rorisoa ka lebaka la khato ea ngoanana eo e monyenyane. Tumelo e tšoanang eo u e bontšang e ka boetse ea tlisetsa Molimo tlotliso ’me e ka ’na ea thusa ba bang ho nka khato ea ho ba barorisi ba lebitso la oona.
’Nete ke hore re ke ke ra sekisetsa tumelo ea rōna ’me ra ’na ra lula re le Bakreste. Jesu o itse: “E mong le e mong ea tla mpolela pel’a batho, le ’na ke tla ’molela pel’a Ntate ea maholimong; empa e mong le e mong ea tla ntatola pel’a batho, le ’na ke tla mo latola pel’a Ntate ea maholimong.” (Mattheu 10:32, 33) Ho tiea tumelong joaloka molateli oa Jesu ke boikarabelo bo tebileng, na ha ho joalo?
Thuso ea Fumaneha
E le hore u ka ema ka tieo u le e mong oa Lipaki tsa Jehova, u hloka tumelo e matla. Hore u fumane tumelo e matla, u tlameha ho ithuta Bibele ka mafolo-folo, u kopanele libokeng tsa Bokreste, ’me u nke karolo tšebeletsong ea tšimo. Haeba u ntse u utloa hore ho na le ho hlokahalang, u ka etsa eng? Moapostola Jakobo o itse: “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa.” (Jakobo 1:5) Buisana le Jehova ka thapelo ka bothata ba hao; a ka u matlafatsa hore u tobane le lintho tse lekang tumelo ea hao.
Mokreste e mocha a ka etsa eng hape? Buka ea Liproverbia ea re bolella: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.” (Liproverbia 23:22) Moapostola Pauluse o ile a tšehetsa keletso ena, hobane o itse: “Bana, utloang batsoali ba lōna nthong tsohle; hobane ke taba e khahlisang Morena.” (Ba-Kolosse 3:20) Batsoali ba Bakreste ba ka u thusa hore u tiee tumelong. Mamela litlhahiso tsa bona. Ka thuso ea bona, etsa lipatlisiso Mangolong le litokollong tse theiloeng Bibeleng, u batle likhopolo, likeletso, le liphihlelo. Uena le batsoali ba hao le tla thabela sena, ’me se tla u thusa hore u hlōle boi kapa tšabo.—2 Timothea 1:7.
Sebelisa ka ho felletseng litokisetso tseo Jehova Molimo a li entseng ka phutheho ea Bokreste. Lokisetsa hantle bakeng sa liboka. Buisana le baholo ba khethiloeng le ba bang ba fetileng liphihlelong tse tšoanang le tseo u tobaneng le tsona hona joale. Salomone o itse: “Ea bohlale a utloe, ’me o tla eketsa tsebo; ea hlalefileng le eena o tla ithuela masene.” (Liproverbia 1:5) Kahoo ithute ho batho bana ba hōlileng. U ka boetse ua ithuta ho bacha ba Bakreste ba sebetsaneng le mathata a tšoanang le a hao ka katleho.
Botšepehi bo Tlisa Mahlohonolo
Ka ho ema u tiile tumelong, u tla be u sebelisa keletso ea Pauluse ea hore u ‘tiee matla, u se ke ua sisinyeha, ’me u ’ne u eketse ka mehla ho sebeletsa Morena.’ (1 Ba-Korinthe 15:58) Jehova o tseba mathata ao u tobaneng le ’ona ’me oa a utloisisa. O matlafalitse ba bangata ba neng ba tobane le mathata a tšoanang, ’me le uena o tla u matlafatsa. Haeba u itšetleha ka Molimo, o tla u tšehetsa, hobane mopesaleme o itse: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.”—Pesaleme ea 55:22.
Petrose o ngotse: “Le be le letsoalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, joale ka hoja le le lisenyi, bona bao ba sebang metsamao ea lōna e metle ho Kreste ba hlajoe ke lihlong.” (1 Petrose 3:16) Haeba u hana ho sekisetsa mabapi le melao e lokileng ea Molimo le melao-motheo ea oona, u tla ba le letsoalo le letle, e leng tlhohonolofatso ea sebele e tsoang ho Jehova. Ho feta moo, u tla beha mohlala o motle bakeng sa bacha ba Bakreste bao e ka ’nang eaba tumelo ea bona e-ea fokola. (1 Timothea 4:15, 16) Boitšoaro ba hao bo ka ’na ba ba khothalletsa hore ba etse boiteko ba ho tiea tumelong ’me ka hona ba khone ho mamella liteko.
U ka boetse ua thusa ba neng ba hanyetsa boemo ba hao ba Bokreste qalong. Hopola mantsoe ana a susumetsang tšepo: “Jala peō ea hao e sa le hosasa, matsoho a hao u se ke ua a neela sebaka mantsiboea; hobane ha u tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba li tla mela hantle tse peli.” (Moeklesia 11:6) Ke mang ea tsebang hore na ke litholoana life tse ntle tse tla hlahisoa ke ho jala ha hao peō e ntle ka mesebetsi ea hao ea botšepehi?
A mang a mahlohonolo a maholo ka ho fetisisa ao u tla a kotula ke ho ba le boemo bo amohelehang ho Jehova. Qetellong, ho tiea tumelong ho tla fella ka bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3; bapisa le Jakobo 1:12.) Ha ho phomolo ea nakoana litekong e tlisoang ke ho sekisetsa e ka lekanang le ho lahleheloa ke mpho eo.
Ho thoe’ng ka mocha ea boletsoeng qalong ea sehlooho see? O ile a mamella teko ea hae. Ka mor’a hore seboka sa sekolo se qhalane, ka masene o ile a leka ho hlalosetsa matichere boemo ba hae. Le hoja matichere a sa ka a arabela hantle, o ile a ba le khotsofalo ea ho tseba hore o thabisitse pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) O ile a tsoela pele ho loanela tumelo ea hae ho fihlela a qeta sekolong. Joale o ile a bula maliboho. E se eka mamello ea hao e tšepahalang e ka ba le phello e joalo e thabisang. E tla ba le eona haeba feela u ipaka u tiile tumelong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano ea sena le melao-motheo e meng ea Bibele, bona buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 25]
THUSO EA FUMANEHA
◻ Mamela bohlale ba batsoali ba hao ba tšabang Molimo.
◻ Sebelisa hamolemo litokisetso tsa moea tse teng ka phuthehong ea Bokreste.
◻ Buisana le baholo ba khethiloeng le ba bang bao e ka ’nang eaba ba bile le mathata a tšoanang le a hao.
◻ Buisana le bacha ba bang ba Bakreste ba sebetsanang le mathata a tšoanang ka katleho.
-
-
Seo Thapelo e se BolelangMolula-Qhooa—1991 | July 15
-
-
Seo Thapelo e se Bolelang
“Ka Seheberu, motso oa lentsoe la sehlooho bakeng sa thapelo ke ‘ho ahlola,’ ’me sebōpehong sa lona se tloaelehileng . . . ha e le hantle le bolela, ‘ho ikahlola.’” Ke kamoo The Authorised Daily Prayer Book e boletseng ka teng. Seo se bolela hore o mong oa mesebetsi ea thapelo ke hore e lokela ho thusa motho hore a bone hore na o khona ho finyella litekanyetso tse lokileng tsa Molimo le seo o se hlokang.
Ka lebaka lena, ka hare ho Bibele, re bolelloa hore ha motho a sa etse thato ea Molimo, o ke ke oa arabela lithapelo tsa hae. “Jehova o hole le ba babe, empa o utloa merapelo ea ba lokileng.”—Liproverbia 15:29; 1 Johanne 5:14.
Ho itlhahloba ka pel’a Jehova Molimo ruri ho lokela ho etsa hore ea rapelang a ikokobetse ’me a soabele libe tsa hae. Sena se hatisa ka ho eketsehileng papiso ea Jesu ea Mofarisi ea ithorisang le molekhetho ea soabetseng libe tsa hae ea neng a tlile tempeleng ho tla rapela.—Luka 18:9-14.
Kahoo, hore na re rapela Jehova bakeng sa ho mo leboha, ho mo rorisa, kapa ho etsa likōpo, ka mehla thapelo e fana ka monyetla oa ho itlhahloba. Ka tsela ena, thapelo e re atametsa haufinyane le Jehova ’me e matlafatsa kamano ea rōna le eena.
-