Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?
    Molula-Qhooa—1991 | July 15
    • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?

      SENGOLI sa Leamerika Edgar Allan Poe se ne se sa tsoa qeta ho balla metsoalle ea sona pale ea sona e ncha. Ka bosoasoi ba ile ba se bolella hore se sebelisitse lebitso la motho ea phethang karolo ea sehlooho paleng hangata haholo. Poe o ile a arabela joang? Motsoalle e mong oa hae o sa hopola: “Moea oa hae oa boikhohomoso o ne o ke ke oa mamella ho nyatsoa ho joalo ho etsoang phatlalatsa, kahoo a tletse bohale, le pele metsoalle ea hae e ka mo thiba, o ile a lahlela maqephe ’ohle mollong o tukang.” Ho ile ha senyeha pale “e qabolang haholo, e lokolohileng ka ho felletseng . . . ho nyahameng hoa hae ho tloaelehileng.” Boikokobetso bo ka be bo ile ba e pholosa.

      Le hoja boikhohomoso bo etsa hore batho ba etse lintho tse booatla, bo atile lefatšeng. Empa bahlanka ba Jehova e lokela ho ba ba fapaneng. Ba lokela ho apara seaparo se hlophiloeng hantle sa boikokobetso.

      Boikokobetso ke Eng?

      Moapostola Pauluse o ne a bua ka seaparo se setle sa Bakreste sa boikokobetso ha a ne a ngolla balumeli-’moho le eena motseng oa boholo-holo oa Kolosse. O ile a phehella: “Joaloka bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, ikapeseng maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko, mosa, kelello e ikokobelitseng, bonolo, le tiisetso.”—Ba-Kolosse 3:12, NW.

      E, boikokobetso ke “kelello e ikokobelitseng.” Ke “kelello e inyenyefatsang; ho hloka boikhohomoso; bonolo.” Motho ea ikokobelitseng o “leka-lekane moeeng; ha a ikhohomose.” O “bontša tlhompho ka ho tebileng kapa ka tsela e bontšang mekhoa e metle.” (The World Book Dictionary, Buka I, leqephe 1030) Boikokobetso hase bokoala kapa bofokoli. Ha e le hantle, boikhohomoso bo bonahatsa bofokoli, ha ho bonahatsa boikokobetso hangata ho hloka hore motho a be sebete ’me a be matla.

      Mangolong a Seheberu lentsoe le fetoletsoeng e le “ikokobetse” ha e le hantle le bolela “ikhatakele.” Ka hona, mongoli ea bohlale oa Liproverbia o ile a eletsa: “Mora oa ka, . . . haeba mantsoe a hao a u etselitse leraba, . . . itokolle, mor’a ka, kahobane u le matsohong a mohaeno, etsa tjena: E-ea, u ikokobetse ho eena [ikhatakele] u mo rapele ho fihlela a u mamela.” (Liproverbia 6:1-3, BPN) Ke hore, lahla boikhohomoso, lumela phoso ea hao, lokisa litaba.

      E Lokela ho ba Boikokobetso ba Sebele

      Hase batho bohle ba bonahalang eka ba ikokobelitse ba hlileng ba nang le boikokobetso ba sebele. Batho ba bang bao ho bonahalang eka ba ikokobelitse ha e le hantle e ka ’na eaba baa ikhohomosa ’me ba ka etsa ntho leha e le efe e le hore ba fumane seo ba se batlang. Joale ho na le bao ba aparang lekoko la boikokobetso-’mōtoana ho khahlisa ba bang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a teana le ba bang ba neng ba bonahatsa “boikokobetso ba boikaketsi,” ’me o ile a bontša hore leha e le mang ea etsang sena ha e le hantle o ne “a ikhohomosa ntle ho lebaka ka sebōpeho sa nama sa kelello ea hae.” Ka phoso motho ea joalo o ne a nahana hore ho fumana kamohelo ea Molimo ho ne ho itšetlehile ka hore na oa ja, oa noa, kapa o tšoara lintho tse itseng kapa o boloka matsatsi a bolumeli kapa che. Ke ’nete hore o ne a ka ’na a bonahala a chesehela borapeli ’me a ikokobelitse, empa boikokobetso ba hae ba bohata bo ne bo se na thuso. (Ba-Kolosse 2:18, 23, NW) Ha e le hantle, bo ne bo mo etsa hore a nahane hore moputso oa bophelo o fuoa ba tetseng lintho tse bonahalang. Bo ne bo boetse bo hlahisa mofuta o ipatileng oa lerato la lintho tse bonahalang hobane lithibelo tse fetelletseng li ne li behile tlhokomelo linthong tse bonahalang tseo a neng a ipolela hore o li hloile.

      Ka lehlakoreng le leng, boikokobetso ba sebele bo thibela motho ho bonahatsa boikakaso moaparong, boitlhophong, le mokhoeng oa bophelo. (1 Johanne 2:15-17) Motho ea apereng seaparo sa boikokobetso ha a ikhulele tlhokomelo e sa hlokahaleng kapa hona ho hulela tlhokomelo linthong tseo a li etsang. Ho e-na le hoo, boikokobetso bo mo thusa hore a tšoare ba bang ka mokhoa o nahanelang ’me a italime joalokaha Molimo o mo talima. Empa Molimo o mo talima joang?

      Pono ea Jehova

      Ha moprofeta Samuele a ne a il’o tlotsa morena e mocha bakeng sa sechaba sa Iseraele, o ile a nahana hore mor’a Jese Eliabe e ne e le eena ea khethiloeng ke Jehova. Empa Molimo o ile oa bolella Samuele: “U se ke ua talima tšobotsi ea hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; ’na ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” Bara ba supileng ba Jese ba ile ba qheleloa ka thōko. Molimo o ile oa khetha Davida, ea ileng a ipaka ho ba monna oa botšepehi le boikokobetso.—1 Samuele 13:14; 16:4-14.

      Seaparo sa boikokobetso sea re sireletsa hore re se ke ra ikhohomosa, ra itšepa ho tlōlisa—’me ra se amoheloe ke Molimo. “O hanela baikhohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.” (Jakobo 4:6) Pono ea hae e bontšoa ke mantsoe a mopesaleme: “Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang, ’me o tsebisisa baikakasi ba sa le hole.” (Pesaleme ea 138:6; 1 Petrose 5:5, 6) Seo Jehova a se lebelletseng ho bahlanka ba hae se bonahala potsong ena e botsitsoeng ho Mikea 6:8 (NW): “Ke eng seo Jehova a se batlang ho uena haese hore u sebelise toka ’me u rate mosa le hore u tsamaee ka boinyenyefatso le Molimo oa hao?”

      Molimo le Kreste ba Bonahalitse Boikokobetso

      Ha ho makatse hore ebe Jehova o lebelletse hore re bontše boikokobetso! Ke e ’ngoe ea litšoaneleho tsa hae. Ka mor’a hore Molimo o lopolle Davida lireng tsa hae, Davida o ile a bina: “Uena [Jehova] u tla mpha thebe ea hao ea poloko, . . . ’me boikokobetso ba hao bo tla nkhōlisa.” (Pesaleme ea 18:35, NW; 2 Samuele 22:1, 36) Le hoja Jehova a le maholimong a holimo-limo, “o inamela ho nyarela maholimong le lefatšeng. O tsosa ea malimabe lerōleng, o ntša ea lesitsi thotobolong, a tle a ba lulise le mahosana, e, le mahosana a sechaba sa hae.” (Pesaleme ea 113:5-8) Molimo o bontša boikokobetso ka ho bontša mohau ho moloko oa batho ba baetsalibe. Litšebelisano tsa oona le baetsalibe le ho fana ha oona ka mora oa oona e le sehlabelo sa libe ke lipontšo tsa boikokobetso ba oona, lerato, le litšoaneleho tse ling.—Ba-Roma 5:8; 8:20, 21.

      Jesu Kreste, ea neng a le “bonolo ’me a ikokobelitse pelong,” o ile a fana ka mohlala o moholo ka ho fetisisa oa boikokobetso ba motho. (Mattheu 11:29, NW) O ile a bolella barutuoa ba hae: “E mong le e mong ea iphahamisang, o tla kokobetsoa, ’me e mong le e mong ea ikokobetsang, o tla phahamisoa.” (Mattheu 23:12) Eo e ne e se puo ea bokheleke feela. Mantsiboeeng a ho qetela pele a shoa, Jesu o ile a hlatsoa baapostola ba hae maoto, a etsa tšebeletso eo ho neng ho tloaelehile hore e etsoe ke makhoba. (Johanne 13:2-5, 12-17) Jesu o ile a sebeletsa Molimo ka boikokobetso pele a tla lefatšeng ’me o ile a bonahatsa boikokobetso ho tloha ho tsoheng ha hae bafung ho ea boemong bo phahameng leholimong. Kahoo Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena ho ‘lekanya hobane ba bang baa ba fetisa’ ’me ba be le boikutlo ba boikokobetso ba Jesu Kreste.—Ba-Filippi 2:3, 5-11.

      Kaha Molimo le Kreste ba bonahatsa boikokobetso, ba batlang kamohelo ea Molimo ba tlameha ho bonahatsa tšoaneleho ena. Haeba ka linako tse ling re ile ra ikhohomosa, ho tla ba bohlale hore re ikokobetse ’me re rapelle tšoarelo ea Molimo. (Bapisa le 2 Likronike 32:24-26.) ’Me ho e-na le ho ba le maikutlo a ho iphahamisa, ho hlokahala hore re sebelise keletso ea Pauluse: “Le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane.” (Ba-Roma 12:16) Leha ho le joalo, ke joang boikokobetso bo ka re tsoelang molemo le ho tsoela ba bang molemo?

      Melemo ea Boikokobetso

      Molemo o mong oa boikokobetso ke hore bo re thibela ho ithorisa. Ka hona re etsa hore ba bang ba se ke ba khopeha ’me re qoba ho ipakela lihlong haeba ba bang ba sa thahaselle seo re atlehileng ho se etsa. Re lokela ho rorisa Jehova, eseng ho ithorisa.—1 Ba-Korinthe 1:31.

      Boikokobetso bo re thusa ho fumana tataiso ea Molimo. Jehova o ile a romela lengeloi ho Daniele ka pono hobane moprofeta eo o ne a ile a ikokobetsa ka pel’a Molimo ha a ne a batla tataiso le kutloisiso. (Daniele 10:12) Ha Esdrase a ne a lokela ho etella batho ba Jehova pele ho tsoa Babylona ka gauda le silevera e ngata bakeng sa ho ntlafatsa tempele e Jerusalema, o ile a phatlalatsa hore ba itime lijo e le hore ba ikokobetse ka pel’a Molimo. Phello e bile efe? Jehova o ile a ba sireletsa tlhaselong ea sera nakong ea leeto le kotsi. (Esdrase 8:1-14, 21-32) Joaloka Daniele le Esdrase, a re bonahatseng boikokobetso ’me re batleng tataiso ea Jehova ho e-na le ho leka ho phetha likabelo tseo re li fuoeng ke Molimo ka bohlale le matla a rōna.

      Haeba re apere seaparo sa boikokobetso, re tla hlompha ba bang. Ka mohlala, bana ba nang le boikokobetso baa hlompha ebile ba utloa batsoali ba bona. Bakreste ba ikokobelitseng ba boetse ba hlompha balumeli-’moho le bona ba lichaba tse ling, merabe, le limelo, hobane boikokobetso bo etsa hore re se ke ra ba leeme.—Liketso 10:34, 35; 17:26.

      Boikokobetso bo hlahisa lerato le khotso. Motho ea ikokobelitseng ha a loantše balumeli-’moho ka boiteko ba ho fumana litokelo tseo a nahanang hore o lokela ho li fumana. Pauluse o ne a etsa lintho tse hahang feela ’me o ne a ke ke a khathatsa letsoalo la moena. (Ba-Roma 14:19-21; 1 Ba-Korinthe 8:9-13; 10:23-33) Boikokobetso bo ka boetse ba re thusa ho hlahisa lerato le khotso ka ho tšoarela ba bang libe tseo ba re siteloang ka tsona. (Mattheu 6:12-15; 18:21, 22) Bo re susumelletsa ho ea ho motho eo re mo khopisitseng, ho lumela phoso ea rōna, ho kōpa tšoarelo ho eena, le ho etsa seo re ka se khonang ho lokisa phoso leha e le efe eo ebang re e entse. (Mattheu 5:23, 24; Luka 19:8) Haeba motho ea khopisitsoeng a re atamela, boikokobetso bo re susumelletsa ho lokisa litaba ka khotso ka moea oa lerato.—Mattheu 18:15; Luka 17:3.

      Poloko e itšetlehile ka ho bonahatsa boikokobetso. Ka mohlala, mabapi le Molimo, ho thoe: “Sechaba se ikokobetsang ua se pholosa; empa mahlo a hao a tjametse baikhohomosi hore u ba kokobetse.” (2 Samuele 22:28) Ha Morena Jesu Kreste a ‘palama, a hlōla, a loanela ’nete, le boikokobetso, le ho loka,’ o tla pholosa ba ikokobetsang ka pele ho eena le ka pele ho Ntate oa hae. (Pesaleme ea 45:4, BPN) Ba bontšang boikokobetso ba ka fumana matšeliso mantsoeng ana: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:3.

      Boikokobetso le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo

      Boikokobetso bo etsa hore batho ba Molimo ba ananele mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng ’me ba lule ho oona joaloka baboloki ba botšepehi. (Bapisa le Johanne 6:66-69.) Haeba re sa fuoe tokelo ea tšebeletso eo re neng re tšepile hore re tla e fuoa, boikokobetso bo re thusa ho sebelisana le ba jereng boikarabelo ka phuthehong. ’Me tšebelisano-’moho ea rōna e tletseng boikokobetso e fana ka mohlala o motle.

      Ka lehlakoreng le leng, boikokobetso bo re thibela ho bonahatsa boikhohomoso mabapi le litokelo tsa rōna tsa tšebeletso har’a batho ba Jehova. Bo re thibela ho batla thoriso bakeng sa mosebetsi oo re ileng ra ba le tokelo ea ho o etsa mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo. Ho feta moo, haeba re sebeletsa re le baholo, boikokobetso bo re thusa ho tšoara mohlape oa Molimo ka bonolo.—Liketso 20:28, 29; 1 Petrose 3:8.

      Boikokobetso le Khalemelo

      Seaparo sa boikokobetso se re thusa ho amohela khalemelo. Batho ba ikokobelitseng ha ba tšoane le Morena Oziase oa Juda, eo pelo ea hae e ileng ea ikhohomosa hoo a ileng a inkela mesebetsi ea baprista. O ile ‘a siteloa Jehova, Molimo oa hae; hobane o ile a kena tempeleng ea Jehova a tle a chese libano aletareng ea libano.’ Ha Oziase a halefela baprista ha ba ’montša phoso ea hae, o ile a otloa ka lepera. Eo ke phello e bohloko hakaakang ea ho hloka boikokobetso! (2 Likronike 26:16-21; Liproverbia 16:18) Le ka mohla u se ke ua tšoana le Oziase ’me ua lumella hore boikhohomoso bo u sitise ho amohela khalemelo e tsoang ho Molimo ka Lentsoe la Oona le mokhatlo o hlophisitsoeng oa oona.

      Tabeng ena Pauluse o ile a bolella Bakreste ba tlotsitsoeng ba Baheberu: “Mora oa ka, se nyatse taeo ea Morena, ’me u se ke ua tepella ha u khalemeloa ke eena; hobane Morena o ee a laee eo a mo ratang, ’me a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang. . . . Empa taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; ea mo llisa; empa hamorao, ba rutoang ka eona e ba kotulisa khotsong litholoana tsa ho loka.” (Ba-Heberu 12:5-11) Hopola hape hore, “likhalemelo tsa taeo ke tsela ea bophelo.”—Liproverbia 6:23.

      Lula U Apere Boikokobetso

      Ke habohlokoa hakaakang hore ka linako tsohle Bakreste ba apare seaparo sa boikokobetso! Bo re susumelletsa ho mamella re le baboleli ba ’Muso, ka boikokobetso re paka ka ntlo le ntlo re batla ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’ (Liketso 13:48, NW; 20:20) Ka sebele, boikokobetso bo re thusa ho lula re utloa Molimo lintlheng tsohle, le hoja bahanyetsi ba baikhohomosi ba hloile tsela ea rōna ea ho loka.—Pesaleme ea 34:21.

      Ka lebaka la hore boikokobetso bo re susumelletsa ho ‘tšepa Jehova ka pelo ea rōna eohle,’ o otlolla litsela tsa rōna. (Liproverbia 3:5, 6) Ha e le hantle, ke feela haeba re apere tšoaneleho ena e ntle ka sebele re ka tsamaeang le Molimo ’me ra thabela kamohelo le tlhohonolofatso ea oona. Joalokaha morutuoa Jakobo a ngotse: “Ikokobetseng pel’a Morena, ’me o tla le phahamisa.” (Jakobo 4:10) Ka hona a re apareng boikokobetso, seaparo seo se setle se entsoeng ke Jehova Molimo.

  • Seboka sa Selemo le Selemo—October 5, 1991
    Molula-Qhooa—1991 | July 15
    • Seboka sa Selemo le Selemo—October 5, 1991

      SEBOKA SA SELEMO LE SELEMO sa litho tsa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania se tla tšoaroa ka la 5 October, 1991, Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova, 2932 Kennedy Boulevard, Jersey City, New Jersey. Seboka sa pele sa litho feela se tla qala ka 9:30 hoseng, se lateloe ke seboka se akaretsang sa selemo le selemo ka 10:00 hoseng.

      Litho tsa Mokhatlo li lokela ho tsebisa Ofisi ea Mongoli hona joale ka phetoho leha e le efe ea liaterese tsa tsona tsa poso e bileng teng selemong se fetileng e le hore mangolo a tloaelehileng a tsebiso le liforomo tsa ho vouta li ka fihla ho tsona kapele ka mor’a la 1 August.

      Liforomo tsa ho vouta tse tlang ho romelloa ho litho hammoho le tsebiso ea seboka sa selemo le selemo, li lokela ho khutlisoa e le hore li fihle Ofising ea Mongoli oa Mokhatlo pele ho la 15 August. Setho ka seng se lokela ho tlatsa le ho khutlisa foromo ea sona kapele, se bolele hore na se tla ba teng ka seqo sebokeng seo kapa che. Boitsebiso bo fanoeng foromong ka ’ngoe ea ho vouta e lokela ho ba bo tobileng ntlheng ena, kaha ho tla be ho itšetlehiloe ka bona ha ho etsoa qeto ea hore na ke bo-mang ba tla ba teng ka seqo.

      Ho lebelletsoe hore lenaneo lohle, ho akarelletsa seboka sa molao le litlaleho, le tla fela ka 1:00 motšehare oa mantsiboea kapa kapele ka mor’a moo. Ho ke ke ha e-ba le lenaneo la motšehare oa mantsiboea. Ka baka la sebaka se fokolang, ho tla kenoa ka litekete feela. Ho ke ke ha etsoa litokisetso tsa ho hokahanya seboka sena sa selemo le selemo le libaka tse ling ka thelefono.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela