-
Na U sa Hopola?Molula-Qhooa—1991 | August 15
-
-
ba se ke ba phela hantle ’meleng, empa e ne e le hore mali ke ntho e khethehileng ho Molimo.—6/15, maqephe 8-9.
◻ Ke joang batsoali ba Bakreste le bacha ba ka tiisang monyetla oa hore ho hana tšelo ea mali ha bana ho tla hlomphuoa?
Le hoja ka molao mocha oa Mokreste e se motho e moholo, o lokela ho nolofalloa ho hlalosa ka ho hlaka le ka ho tiea hore na khanyetso ea hae e matla ea bolumeli ke efe mabapi le tšelo ea mali. Batsoali ba ka ba le mananeo a boikoetliso le bana ba bona e le hore bana bana ba ka rua tsebo ea ho hlalosa litumelo tsa bona.—6/15, leqephe 18.
◻ Ke joang basali ba ileng ba hlohonolofatsoa haholo nakong ea tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng?
Jesu o ile a qala mosebetsi o tlisang matšeliso, tšepo, le boemo bo bocha bo hlomphehang bakeng sa basali ba merabe eohle. O ile a ruta basali linnete tse tebileng tsa moea. (Johanne 4:7, 24-26) Nakong ea tšebeletso ea hae, o ile a amohela ho sebeletsoa ke basali ha a ntse a tsamaea hohle ka har’a naha. (Mareka 15:40, 41)—7/1, maqephe 14-15.
◻ Ke mahlale afe a Jesu a ho ruta ao batsoali ba a fumaneng a sebetsa baneng ba bona?
Batsoali ba etsa hantle ho sebelisa litšoantšo ho etsa hore linnete tsa Bokreste li ipiletse lipelong tsa bana ba bona ba banyenyane, ’me ba ka sebelisa lipotso tse nahanisisitsoeng hantle ho lemoha hore na bana ba bona ba baholoanyane ba hlile ba nahana eng. (Bapisa le Mattheu 17:24-27.)—7/1, leqephe 26.
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella mosa o lerato?
Tšoaneleho ea mosa o lerato e eketsa lerato la rōna ho Molimo le ho ba bang. E hōlisa moea oa rōna oa ho amohela baeti ’me e etsa hore re be ba nahanelang haholoanyane. E tiisa litlamo ka har’a lelapa le ka har’a phutheho ea Bokreste. Ka holim’a tsohle, mosa o lerato o tlotlisa Jehova.—7/15, leqephe 22.
◻ Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha etsahala hore Mokreste a khelosoe tabeng ea botsoalle? (1 Ba-Korinthe 15:33)
Motho a ka bonahala a na le botsoalle ’me a khahleha empa haeba a sa kopanele kamehong ea Mokreste ka tšebeletso ea Jehova kapa esita le ho lumela Bibeleng, ke motsoalle e mobe. Hobane’ng? Hobane bophelo ba hae bo thehiloe melao-motheong e fapaneng, ’me lintho tse leng bohlokoa ho Mokreste li ka ’na tsa se be le bohlokoa ba letho ho eena.—7/15, leqephe 23.
◻ Ke hobane’ng ha Letsatsi la Kahlolo e le nako ea tšepo?
Letsatsi la Kahlolo ke nako ea lilemo tse sekete. Le tla etelloa pele ke Molimo ka booona le Mora oa oona, Kreste Jesu, ea khethiloeng ke Molimo ho sebetsa joaloka Moahloli. Ena e tla ba nako ea ho khutlisetsa bophelo bo phethahetseng ba botho ho moloko oa batho boo Adama a ileng a bo lahla bakeng sa litloholo tsa hae. (1 Ba-Korinthe 15:21, 22)—8/1, maqephe 5-7.
-
-
Na U Latola Litšekamelo tsa Boetsalibe?Molula-Qhooa—1991 | August 15
-
-
Na U Latola Litšekamelo tsa Boetsalibe?
“KE MOO ke fumanang molao ka ho ’na ea ratang ho etsa botle, oa hore bobe bo nkhomaretse. Hobane ha e le ka motho oa kahare, ke thabela molao oa Molimo; empa ke fumana molao osele lithong tsa ka, o loantšanang le molao oa kelello ea ka, o mpofellang molaong oa sebe, o lithong tsa ka.”—Ba-Roma 7:21-23.
Ho ne ho hlokahala boikokobetso hore moapostola Pauluse a lumele se ka holimo. Leha ho le joalo, ka ho etsa joalo, o ile a thuseha hore a khone ho thibela litšekamelo tsa hae tsa ho se phethahale hore li mo hlōle.
Hoa tšoana le ho Bakreste ba ’nete kajeno. Ha re fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele, re ile ra etsa liphetoho tse hlokahalang mokhoeng oo re neng re phela ka oona, ra ipapisa le litekanyetso tsa Jehova. Leha ho le joalo, litšekamelo tsa boetsalibe li ntse li setse, “hobane tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae ho ea pele.” (Genese 8:21, NW) Na re tšepahala ka ho lekaneng hore re ka lumela litšekamelo tse itseng tse re hatellang? Kapa na rea latola hore re na le tsona, mohlomong re etsa qeto ea hore, ‘Tsena ke lintlha tseo ba bang ba nang le bothata ho tsona, eseng ’na’?
Ho ithetsa ho joalo e ka ba ho bolaeang. Papiso e theiloeng Bibeleng e ka ’na ea re thusa hore re utloisise tlhokahalo ea ho lemoha litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe ’me re ’ne re li laole.
Lebaka Leo ka Lona ho Latola e Leng ho Bolaeang
Linakong tsa Bibele metse e mengata e ne e sirelelitsoe ka marako. Liheke—tseo hangata li neng li etsoa ka lifate—e ne e le karolo ea lerako le ka hare la motse e neng e ka kenoa habonolo ha ho hlaseloa; kahoo, li ne li sireletsoa ka thata. Baahi ba ne ba etsa liheke tse ngata tse hlokahalang bakeng sa sephethe-phethe nakong ea khotso. Hangata liheke tsa lifate li ne li koaheloa ka tšepe, ho thibela tšenyo e ka etsoang ke mollo. Litora li ne li hahoa marakong e le hore balebeli ba behiloeng ho tsona ba ka bona lira tse atamelang li sa le hōle.
Joale nahana: Ke’ng se neng se ka etsahala haeba baahi ba motse ba ne ba ka latola hore liheke tsa motse oa bona li ka kenoa habonolo ha ho hlaseloa ’me ba sa li sireletse ka ho lekaneng? Masole a sera a ne a ka kena habonolo motseng, ’me hoo ha etsa hore a hlōle.
Ho joalo le ka rōna. Jehova o tseba likarolo tseo ho tsona re ka hlaseloang habonolo ka bomong. “Ha ho sebopuoa se seng pepeneneng ho [eena]; empa tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.” (Ba-Heberu 4:13) Satane le eena e ka ’na eaba o hlokometse tšekamelo e itseng ea boetsalibe ka ho rōna, ho sa tsotellehe hore na ke mabapi le ho khopamisa ’nete, ho fela pelo kapele, ho ba le thahasello boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, lerato la lintho tse bonahalang, boikhohomoso, kapa lintho tse ling tse joalo. Haeba re latola hore re na le litšekamelo tsa boetsalibe, re etsa hore Satane a hlasele tumelo ea rōna habonolo haholoanyane. (1 Petrose 5:8) Ha litakatso tse fosahetseng li hōla ’me li se li sa fetohe litšekamelo feela ’me li tsoala sebe re ka ’na ra hlōleha. (Jakobo 1:14, 15) Ho hlokahala hore re tšoane le Pauluse, ka botšepehi re lemohe ‘liheke tsa lifate’ tseo e ka ’nang eaba li teng.
Itšireletse!
E ka ba ho se nang thuso ho hlokomela litšekamelo tse fosahetseng ebe ha re etse letho ka tsona. Sena se ne se tla tšoana le monna ea ichebang ka seiponeng, a hlokomela libaka tse lokelang ho lokisoa, ’me a tsamaea a sa etsa litokiso tse hlokahalang. (Jakobo 1:23-25) E, ho hlokahala hore re nke khato ea ho itšireletsa hore re se ke ra hatelloa ke litšekamelo tsa boetsalibe. Re ka etsa sena joang?
Hangata, linakong tsa Bibele, metse e menyenyane, kapa “metse e sa ipuseng” e ne e se na marako. (Numere 21:25, 32, NW; Baahloli 1:27, NW; 1 Likronike 18:1, NW; Jeremia 49:2, NW) Baahi ba metse ena ba ne ba ka balehela metseng e nang le marako ha sera se ba hlasela. Ka hona metse e sirelelitsoeng e ne e sebetsa joaloka setšabelo bakeng sa batho ba sebaka se e potolohileng.
Bibele e hlalosa Jehova Molimo e le qhobosheane, setšabelo, lerako leo re ka balehelang ho lona bakeng sa tšireletso. (Liproverbia 18:10; Zakaria 2:4, 5) Kahoo Jehova ke mosireletsi ea ka sehloohong oa bahlanka ba hae. Ho hlokahala hore re mo rapele re sa phetse. (1 Ba-Thessalonika 5:17) Thuso e ’ngoe ke Bibele. Ha re sebelisa Lentsoe la Molimo, re tla be re etsa hantle ha re ithuta ka ho khethehileng likarolo tse tšohlang bofokoli ba rōna. Re ka ’na ra boela ra behella ka thōko bakeng sa ho itlhahloba khafetsa lihlooho tse theiloeng Bibeleng tse tšohlang ‘liheke tsa lifate’ tseo re nang le tsona ka bomong.
Hape, joaloka balebeli ba leng toreng, re ka bona sera se sa le hōle, kamoo ho ka boleloang ka teng, ’me re nke khato e nepahetseng. Joang? Ka ho qoba maemo a re pepesetsang teko kapa khatello. Ka mohlala, motho ea sebeletsang ntlheng ea ho leka-lekana tšebelisong ea lino tse tahang, ka bohlale o tla khetha ho qoba libaka tseo ho tsona lino tsena li sebelisoang ka bolokolohi kapa moo li khothalletsoang.
Sena sohle se hloka boiteko. Leha ho le joalo, haeba moapostola Pauluse a ne a tlameha ho ‘otla ’mele oa hae’ e le hore a ka hanela litšekamelo tsa ho se phethahale, na le rōna ha ho hlokahale hore re etse boiteko? Ho lemoha litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe ka tsela ena ho tla bontša hore re latela taelo ea moapostola Petrose e reng: “Etsang sohle seo le ka se khonang hore qetellong a le fumane le se na letheba le sekoli ’me le e-na le khotso.”—1 Ba-Korinthe 9:27, NW; 2 Petrose 3:14, NW.
Lemoha ’me U Nke Khato
U se ke ua nyahama haeba, ho sa tsotellehe boiteko boo u bo etsang, litšekamelo tsohle tsa hao tsa ho se phethahale li sa fele. Hafeela re ntse re sa phethahala, litšekamelo tse fosahetseng li tla ’ne li be teng ho isa bohōleng bo itseng, joalokaha ho bile joalo tabeng ea Pauluse. Empa ho hlokahala hore re tsoele pele ho sebeletsa ho li hatella, ho li thibela hore li tsoale sebe.
Leha ho le joalo, hlokomela phapang pakeng tsa ho amohela boteng ba ho se phethahale le ho ho mamella. Sena se ka tšoantšoa le monna ea nang le pelo e fokolang ka hare ho sefuba sa hae. O lokela ho toba ’nete ena ka ho leka ka hohle kamoo a ka khonang ho boloka pelo ea hae e le boemong bo botle. A ke ke a nahana hore kaha pelo ea hae ea sebele ea fokola, a ka ’na a tlohela lithibelo tsohle ’me a phela ka tsela eo a e ratang.
Joale, tseba hore matla a rōna ha aa itšetleha ka hore ka bofofu re hane litšekamelo tsa boetsalibe empa ka ho li lemoha le ka ho nka khato ea ho li loantša. Kahoo u se ke ua tšaba ho lumela ka bouena le ho Jehova likarolo tseo ho tsona ho leng bonolo hore u lekoe le ho hatelloa. Ha ua lokela ho fokotsa lerato leo u ithatang ka lona bakeng sa ho etsa sena, ’me le lerato la Jehova ho uena le ke ke la fokotseha. Ha e le hantle, ha u ntse u atamela haufinyane le Molimo u na le kameho e tiileng bakeng sa kamohelo ea oona, o tla atamela haufi haholoanyane le uena.—Jakobo 4:8.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Setšoantšo sena sa Megiddo se bontša liheke tse sirelelitsoeng le marako a sireletsang a metse ea boholo-holo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
-