Pina ea 164
Bana—Limpho tsa Bohlokoa tse Tsoang ho Molimo
1. Ke Jehov’a re fileng bana,
Re ba rute, re ba koetliseng.
Re lokela ho ba tataisa
Ho finyella pakane tse ling (re ba rute).
Ba khalemeloeng,
’Me ba shapuoeng.
Empa re’etse sena ka mosa,
Re kōpeng thuso ea Jehova.
2. Ho re hloka tsebo eohle ho
Ntša maikutloa pelong ea mocha.
Hore ’net’e tebe ka baneng,
Ba rutoeng e sa le masea (a lebese).
Re ka ba khona,
Ha re qalella.
Re rapelle thuso ea ’Mōpi,
’Me re ke ke ra fosa ruri.
3. Ka ho buisana kamehla
Re’etsa bana ba lokolohe
Ba itlhalose ba sa tšabe
’Me ba re nke re le metsoalle (ea sebele).
Re se ba khentšeng,
Re buisaneng.
Re lekeng ho hloka molato,
Re ba tataiseng ka hloko.
4. Ruri bana ke ba Molimo
’Me re ba filoe e le lefa.
Ha re ba rupetse ka hloko
Ruri ba tla re nyakallisa (ka lipelong).
Ba tla ithuta
Ha re ba ruta.
Re tšepeng Jah ho ba hōlisa,
’Me re mo roriseng le bona.