Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Adama le Eva
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Adama le Eva

      Tlhaloso: Adama e ne e le sebopuoa sa pele sa motho. Lentsoe la Seheberu ’a·dhamʹ le boetse le fetoleloa hantle e le “motho,” “motho oa lefatše,” le “batho.” Eva, mosali oa pele, e ne e le mosali oa Adama.

      Na Adama le Eva e ne e le batho ba tšōmong feela?

      Na hoa utloahala ho lumela hore kaofela ha rōna re tsoile ho batsoali ba le bang ba pele?

      “Hona joale thuto ea mahlale e tlatsa seo malumeli a mangata a maholo e leng khale a se ruta: Batho ba merabe eohle . . . ba tsoile ho motho a le mong oa pele.”—Heredity in Humans (Philadelphia le New York, 1972), Amram Scheinfeld, leq. 238.

      “Makholong a fetileng a lilemo, pale ea Bibele ea Adama le Eva, ntate le ’mè ba morabe ’ohle oa batho, e boletse ’nete e bontšoang kajeno ke ba thuto ea mahlale: hore batho bohle ba lefatše ke lelapa le le leng le hore ba simolohile nģa e le ’ngoe.”—The Races of Mankind (New York, 1978), Ruth Benedict le Gene Weltfish, leq. 3.

      Lik. 17:26: “[Molimo] o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle.”

      Na Bibele e bolela Adama e le feela motho oa tšōmong ea tšoantšetsang batho bohle ba pele?

      Juda 14: “Le bona ba profetiloe ke Henoke, monna oa bosupa ha ho qaloa ka Adama.” (Henoke e ne e se oa bosupa ha ho qaloa ho batho bohle ba pele.)

      Luka 3:23-38: “Jesu o na a batla ho ba le lilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho ruta. Ka ho lekanya ha batho, . . . e ne e le mora oa . . . Davida . . . oa Abrahama . . . oa Adama.” (Davida le Abrahama ke batho ba tsebisahalang. Ka hona na ha ho utloahale ho fihlela qeto ea hore Adama e ne e le motho oa sebele?)

      Gen. 5:3: “Adama a phela lilemo tse lekholo le mashome a mararo, a tsoala mora ka setšoantšo sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha.” (Ka sebele Setha ha a ka a tsoaloa ke banna bohle ba pele, leha e le hore banna bohle ba pele ba bile le bara ha ba le lilemo li 130.)

      Na polelo ea hore noha e ile ea bua le Eva e hloka hore tlaleho ee ebe tšōmo?

      Gen. 3:1-4: “Noha e ne e feta ka bohlale liphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Molimo a li entseng; ’me ea re ho mosali: A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na? Mosali a re ho noha: . . . Molimo o itse: Le se ke la li ja, ’me le se ke la li ama, hore le tle le se ke la shoa. Noha ea fetola mosali, ea re: Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa.”

      Joh. 8:44: “[Jesu a re:] Diabolose, . . . ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.” (Ka hona Diabolose ebile mohloli oa leshano la pele, le builoeng Edene. O sebelisitse noha e le ’muelli ea bonahalang. Tlaleho ea Genese ha e rute ka libōpuoa tsa tšōmong. Bona le Tšenolo 12:9.)

      Papiso: Ho tloaelehile hore motho ea buang a koetse molomo a etse hore ho bonahale eka lentsoe la hae le tsoa mohloling o mong. Bapisa Numere 22:26-31, e bolelang hore Jehova o ile a etsa hore esele e tšehali ea Balaame e bue.

      Haeba “motho oa pele, Adama” e ne e le tšōmo feela, ho thoe’ng ka “Adama oa morao” Jesu Kreste?

      1 Ba-Kor. 15:45, 47: “Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Motho oa pele, Adama, o entsoe moea o phelang, ’me Adama oa morao o entsoe moea o phelisang. Motho oa pele e ne e le oa lefatše, o entsoe ka mobu: empa motho oa bobeli, e leng Morena, o tsoile leholimong.” (Ka hona ho latola hore Adama e ne e le motho oa sebele ea ileng a siteloa Molimo ho hlahisa pelaelo ka boleng ba Jesu Kreste. Tatolo e joalo e isa ho haneng lebaka le ileng la etsa hore ebe hoa bohlokoa hore Jesu a fane ka bophelo ba hae bakeng sa batho. Ho latola seo ho bolela ho hana tumelo ea Bokreste.)

      Jesu ka boeena o ne a talima tlaleho ea Genese joang?

      Matt. 19:4, 5: “[Jesu] a re: Na ha lea ka la bala [ho Genese 1:27; 2:24] hobane ea ba [Adama le Eva] entseng tšimolohong, o ba entse e le e motona le e motšehali, a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela?” (Kaha Jesu o ne a lumela tlaleho ea Genese hore ke ’nete, na le rōna ha rea lokela ho e lumela?)

      Haeba e Mong a Re—

      ‘Sebe sa Adama e ne e le thato ea Molimo, tokisetso ea Molimo’

      U ka ’na ua arabela: ‘Batho ba bangata ba ’nile ba bua joalo. Empa haeba ke ne nka etsa ntho e ’ngoe eo u neng u batla ha ke e etsa, na u ne u tla ’nyatsetsa hona? . . . Joale, haeba sebe sa Adama e ne e le thato ea Molimo, ke hobane’ng ha Adama a ile a lelekeloa kantle ho Edene e le moetsalibe? (Gen. 3:17-19, 23, 24)’

      Kapa u ka re: ‘Eo ke ntlha e thahasellisang, ’me ruri karabelo e hlile e ama hore na Molimo ke motho oa mofuta ofe. Na ekaba ho lokileng kapa na ke lerato ho nyatsa motho ka ho etsa ho hong hoo uena u ho lokiselitseng hore a ho etse?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Jehova ke Molimo oa lerato. (1 Joh. 4:8) Litsela tsa hae kaofela li lokile. (Pes. 37:28; Deut. 32:4) E ne e se thato ea Molimo hore Adama a etse sebe; o ile a lemosa Adama khahlanong le sona. (Gen. 2:17)’ (2) ‘Molimo o fetse oa lumella Adama, joalokaha o re lumella, bolokolohi ba ho ikhethela hore na a etse joang. Phetheho e ne e sa hanele ho sebelisa bolokolohi ba ho se utloe. Adama a ikhethela ho fetohela Molimo, ho sa tsotellehe temoso ea hore ho ne ho tla fella ka lefu.’ (Bona le maqephe 358, 359.)

  • Antikreste
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Antikreste

      Tlhaloso: Antikreste e bolela khahlanong le kapa ho e-na le Kreste. Lentsoe lena le sebetsa ho bohle ba latolang seo Bibele e se buang ka Jesu Kreste, bohle ba hanyetsang ’Muso oa hae le bohle ba tlatlapang balateli ba hae. Hape le akarelletsa batho ka bomong, mekhatlo e hlophisitsoeng le lichaba tseo ka bohata li ipolelang hore li emela Kreste kapa tse iphamolelang karolo ea Messia.

      Na Bibele e bua ka antikreste a le mong feela?

      1 Joh. 2:18: “Bana, ke nako ea qetello; ’me joale ka ha le utloile hobane antikreste o ea tla, le joale bo-antikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke ka hoo re tsebang hobane ke nako ea qetello.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela