Pina ea 72
Thabo le Litholoana tsa Tšebeletso ea ’Muso
1. Tšebetsong ea Jah, Molim’a rōna (’Mōpi),
Re na le nyakallo’e fetisang,
Ka ho bolella ba bang litaba (tsena)
Tse molemo tse ba thabisang (kannete).
Jesu o re tiiselitse khale (hore),
Thabo ea ho fana e khōlō (ruri ’me),
Re ka fana ka eng e molemo
Haese ’net’e phelisang ea Molimo (feela).
2. Leha re bolela ka ntlo le ntlo (hohle),
Re kopana le ba re somang,
Feela re ke re ikemisetse (bohle)
Hore re be ba tšepahalang (kamehla).
Leha re thulana le tlhoriso (teko),
Hobane re tlotla Jehova (Ntate le),
Jesu o re re tlōle ke thabo,
Hoba ba entse joalo baprofeta (ba Jah).
3. Ke nyakallo ho etsisa Jesu (Kreste).
Tsebetsong ea Mong’a rōna, Jah.
Re lemosa ka Harmagedone (hohle),
Re tlotlisa Ntate Jehova (ka matla).
Re tšelise le ba bang ka tšepo (khotso).
Fatše le lopolotsoeng sebeng (lillong, le),
Hona ho re nea khotsofalo,
E, le tšepo ea phelo bo sa feleng (fatšeng).