Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsoho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Haeba ba libillione ba tla tsosoa bafung, ba tla phela hokae kaofela?

      Khakanyetso e lokolohileng haholo ea batho ba kileng ba phela lefatšeng ke 20 000 000 000. Joalokaha re bone, hase bona kaofela ba tla tsosoa. Empa, le haeba re ka nka hore ba tla tsosoa, sebaka se tla ba sengata. Lefatše le mobu le ka ba boholo ba 147 600 000 sq km hona joale. Haeba halofo ea lona e ka beeloa kathoko bakeng sa merero e meng, motho ka mong o ne a tla ’ne a lekanoe ke hoo e ka bang 0,37 ha, e leng sebaka se ka ntšang lijo tse ngata. Botebong ba khaello ea hona joale ea lijo hase hobane lefatše le sa bee ka ho lekaneng empa, ho e-na le hoo, ka lebaka la bora ba lipolotiki le meharo ea khoebo.

      Bona le leqephe 213, tlas’a sehlooho “Lefatše (Earth).”

  • Tumelo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Tumelo

      Tlhaloso: “Tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng, ke pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng.” (Ba-Heb. 11:1) Tumelo ea ’nete hase ho lumela ntle ho mabaka, ke hore, ho itokisetsa ho kholoa ntho ntle ho bopaki bo utloahalang kapa feela hobane motho a batla ha e le joalo. Tumelo ea ’nete e hloka tsebo ea motheo kapa ea bohlokoa, ho tloaelana le bopaki, hammoho le kananelo e tlohang pelong ea se suptjoang ke bopaki boo. Ka hona, le hoja ho le thata ho ba le tumelo ea sebele ntle ho tsebo e nepahetseng, Bibele e bolela hore motho o lumela “ka pelo.”—Ba-Roma 10:10.

      Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba se na tumelo?

      Tumelo ke tholoana ea moea oa Molimo, ’me Molimo o fana ka moea oa oona ka thabo ho ba o batlang. (Ba-Gal. 5:22, NW; Luka 11:13) Ka hona batho ba se nang tumelo ha ba batle moea oo, kapa ba etsa joalo ka morero o fosahetseng kapa ba hanela tšebetso ea oona bophelong ba bona. Hona ho susumetsoa ke lintho tse ngata:

      Khaello ea tsebo e nepahetseng ea Bibele: Bibele ke tholoana ea moea oa Molimo, e bululetsoe ke Molimo. (2 Tim. 3:16, 17; 2 Sam. 23:2) Ho hlōleha ho ithuta eona ho

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela