Pina ea 108
Lentsoe la Jehova Lea Tsepahala
1. Joaloka pula e tsoang holimo
Hore lefatše le ntše lijo,
Ho joalo le ka ntsoe la Jehova;
Le lona ho hang ha l’etse phoso.
2. Joshua a bolella sechaba
Hore se bone molem’oa Jah
Ea phethahalitseng pallo tsa hae
Kahoo matl’a hae aa tsebahatsa.
3. Hore ntsoe la hae ha le fetohe
Jehova o ne a ikane
Ho majalefa ’ohle a pallo,
A tiisa tšepo ea rōna bohle.
4. A re kholoeng polelo tsa ’Mōpi.
Pallo tsa oona li’a atleha.
Kaha Jehova o’a tšepahala,
Taolong e ncha, re tla mo roka.