Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Antikreste
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Batho ka bomong le lichaba ba hanyetsang Kreste e le Morena kapa ba ipolelang ka bohata hore ba phetha karolo ea Messia

      Pes. 2:2: “Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bokanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa [Kreste, kapa Messia] oa hae matla?”

      Bona le Tšenolo 17:3, 12-14; 19:11-22.

      Matt. 24:24: “Ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.”

  • Babylona e Moholo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Babylona e Moholo

      Tlhaloso: ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o akarelletsang bolumeli bohle boo lithuto tsa bona le mekhoa ea bona li hananang le borapeli ba ’nete ba Jehova, Molimo o ’notši oa ’nete. Kamor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, bolumeli ba bohata bo qalehile Babele (hamorao ea tsejoa e le Babylona). (Gen. 10:8-10; 11:4-9) Litumelo le mekhoa ea bolumeli ba Babylona tsa se ke tsa senya nako ho kena linaheng tse ngata. Eaba Babylona e Moholo e ba lebitso le loketseng hantle bakeng sa bolumeli bohle ba bohata.

      Ke bopaki bofe bo supang hore na Babylona e Moholo e boleloang ho Tšenolo ke eng?

      E ne e ke ke ea e-ba motse oa boholo-holo oa Babylona. Tšenolo e ngotsoe qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. ’me e hlalosa liketsahalo tse neng li tla etsahala ho fihlela mehleng ea rōna. The Encyclopedia Americana e re: “Motse [oa Babylona] o ile oa haptjoa ke Bapersia tlas’a Cyruse e Moholo ka 539 B.C. Hamorao Alexandere e Moholo a lokisetsa ho fetola Babylona motse-moholo oa ’muso oa hae o ka bochabela, empa kamorao ho lefu la hae Babylona ea lahleheloa ke botumo butle-butle.” (1956, Moq. III, leq. 7) Kajeno motse ke lithako.

      Tšoantšetso ea Tšenolo e bua ka Babylona e Moholo e le “motse o moholo,” ‘’muso’ o busang marena a mang. (Tšen. 17:18) Joaloka motse, o ne o tla ba le mekhatlo e mengata e hlophisitsoeng kahare ho oona: ’me joaloka ’muso o busang marena a mang, o ne o tla ba moholo ho akarelletsa machaba. O hlalosoa o amana le babusi ba lipolotiki ’me o tlatsetsa haholo leruong la banna ba khoebong, ha oona ka booona e le karolo ea boraro e ‘fetohileng moaho oa bademona’ le mohlorisi oa “baprofeta, le . . . bahalaleli.”—Tšen. 18:2, 9-17, 24.

      Babylona ea boholo-holo e ne e tsebisahala haholo ka bolumeli ba eona le ho nyelisa Jehova hoa eona

      Gen. 10:8-10: “Nimrode, setsomi sa senatla pel’a Jehova. Qalo ea ’muso oa hae ea e-ba Babele [hamorao ea tsejoa e le Babylona].”

      Dan. 5:22, 23: “Empa uena, mora oa hae, Belshatsare [morena oa Babylona], . . . u ikhantšelitse Monghali oa leholimo, . . . ua roka melimo ea silevera, le ea gauda, le ea koporo, le ea tšepe, le ea mahong, le ea majoe, e sa boneng, e sa utloeng, e sa tsebeng letho, ’me Molimo o fuparetseng phefumoloho ea hao letsohong la oona, o busang tsohle tse tla u hlahela, ha ua ka ua o hlonepha.”

      Se ngotsoeng ka mongolo oa boholo-holo se re: “Kaofela Babylona ho na le litempele tse 53 tsa melimo e meholo, matlo a thapelo a 55 a Marduke, matlo a thapelo a 300 bakeng sa melimo ea lefatšeng, a 600 bakeng sa melimo ea leholimo, lialetare tse 180 bakeng sa molimo oa mosali Ishthare, tse 180 bakeng sa melimo Nergale le Adade, le lialetare tse ling tse 12 bakeng sa melimo e fapa-fapaneng.”—Ho qotsitsoe ho The Bible as History (New York, 1964), W. Keller, leq. 301.

      The Encyclopedia Americana e-ea hlalosa: “Tsoelopele ea Sumeria [eo e neng e le karolo ea Babylona] e ne e busoa ke baprista; hlooho ea ’muso e ne e le lugal (‘monna e moholo’), moemeli oa melimo.”—(1977), Moq. 3, leq. 9.

      Ka baka leo, ka ho utloahalang Babylona e Moholo eo ho buuoang ka eona ho Tšenolo, ke ea bolumeli. E tšoana le motse le ’muso o moholo, ha e felle feela sehlopheng se le seng sa bolumeli empa e akarelletsa bolumeli bohle bo hananang le Jehova, Molimo oa ’nete.

      Bolumeling lefatšeng lohle ho fumanoa maikutlo le mekhoa tsa bolumeli ba Babylona ea boholo-holo

      “Egepeta, Persia, le Greece tsa utloa tšusumetso ea bolumeli ba Babylona . . . Hona joale liithuti li lumela ka kakaretso hore ho totobetse hore litšōmo tsa pejana tsa Bagerike le borapeli ba Bagerike li na le motsoako o matla oa mekhoa ea batho ba linaha tse ka boroa bo ka bophirima ho Asia hoo ho sa hlokeng tlhaloso. Mekhoa ena ea linaha tse ka boroa bo ka bophirima ho Asia ke ea Babylona ka ho toba.”—The Religion of Babylonia and Assyria (Boston, 1898), M. Jastrow, e monyenyane, maq. 699, 700.

      Melimo ea bona: Ho ne ho e-na le melimo e entsoeng ka melimo e meraro ho o le mong, ’me melimong ea bona ho ne ho e-na le e emelang matla a sa tšoaneng a tlhaho le e nang le tšusumetso e ikhethang liketsong tse itseng tsa batho. (Babylonian and Assyrian Religion, Norman, Okla.; 1963, S. H. Hooke, maq. 14-40) “Boraro-bo-bong ba Plato, boo ka bobona e mpang e le tokiso ea boraro-bo-bong ba khale bo qalileng ho batho ba boholo-holo, ho bonahala e le mohopolo oa motheo oa boraro-bo-bong o iqapetsoeng ha ho tla hlaha maikutlo a hore ho na le batho ba bararo ho a le mong ba halalelang ba rutoang ke likereke tsa Bokreste. . . . Maikutlo ana a boraro-bo-bong bo halalelang a mohlalefi enoa [Plato] oa Mogerike . . . a ka fumanoa bolumeling bohle ba boholo-holo [ba bohetene].”—Nouveau Dictionnaire Universel (Paris, 1865-1870), e hlophisitsoeng ke M. Lachâtre, Moq. 2, leq. 1467.

      Tšebeliso ea liemahale: “[Bolumeling ba Mesopotamia] seemahale se ne se e-na le karolo e khōlō tumelong hammoho le borapeling ba boinotšing, joalokaha ho bontšoa ka thekiso e batsi ea litšoantšo tse theko e tlaase tsa liemahale tse joalo. Ho ne ho nkoa hore molimo o teng setšoantšong sa tsona haeba se e-na le litšobotsi tse itseng le mokhabo ’me se hlokometsoe ka mokhoa o tšoanelang.”—Ancient Mesopotamia—Portrait of a Dead Civilization (Chicago, 1964), A. L. Oppenheim, leq. 184.

      Tumelo ka lefu: “Ha ho mohla batho kapa baeta-pele ba khopolo ea bolumeli [Babylona] ba kileng ba lumela hore ntho e neng e phela e ka felisoa ho hang. Lefu e ne e le khoro e fetelang bophelong ba mofuta o mong.”—The Religion of Babylonia and Assyria, leq. 556.

      Boemo ba boprista: “Phapang pakeng tsa moprista le setho sa phutheho e khetholla bolumeli bona [ba Babylona].”—Encyclopædia Britannica (1948), Moq. 2, leq. 861.

      Mekhoa ea bolepi ba linaleli, bonohe, boselamose le boloi: Rahistori A. H. Sayce o-oa ngola: “Bolumeling ba Babylonia ea boholo-holo . . . ho ne ho nahanoa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe le matla a mang le a mang a tlhaho li na le zi kapa moea, o ka laoloang ka ho lelekoa ka boselamose ke Shaman, kapa moprista oa moloi.” (The History of Nations, New York, 1928, Moq. I, leq. 96) “Bakalde [Bababylona] ba ile ba tsoela pele haholo ho ithuta linaleli ka boiteko ba ho sibolla bokamoso linaleling. Mokhoa ona re o bitsa ‘bolepi ba linaleli.’”—The Dawn of Civilization and Life in the Ancient East (Chicago, 1938), R. M. Engberg, leq. 230.

      Babylona e Moholo e tšoana le seotsoa, motho ea phelang menonong e lihlong

      Tšenolo 17:1-5 e re: “Tlo, ke u bontše kahlolo ea seotsoa se seholo, se lutseng holim’a metsi [batho] a mangata; seo marena [babusi ba lipolotiki] a lefatše a febileng le sona, le ba ahileng lefatšeng ba tahiloeng ke veine ea bootsoa ba sona. . . . Ho no ho ngoliloe phatleng ea hae lebitso le reng: Sephiri: Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” Tšenolo 18:7, NW e phaella ka hore ‘o ithorisitse le ho phela menonong e lihlong.’

      Na hase ’nete hore mekhatlo e meholo e hlophisitsoeng ea bolumeli e itloaelitse ho tlatsana le babusi ba lipolotiki pusong le matlotlong a bonahalang, le hoja hona ho felletse ka mahlomola ho batho ba tlaase? Na hase ’nete hape hore baruti ba bona ba phahameng ba phela menonong, le hoja e ka ’na eaba batho ba bangata bao ba lokelang ho ba sebeletsa ba futsanehile?

      Ke hobane’ng ha ka nepo malumeli a ipolelang hore ke a Bokreste a talingoa e le karolo ea Babylona e Moholo hammoho le a sa tsebeng letho ka Molimo oa Bibele?

      Jak. 4:4: “Banna le basali ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” (Kahoo, le hoja ba tseba hore na Bibele e re’ng ka Molimo, ba iketsa lira tsa oona haeba ba ikhethela ho ba metsoalle ea lefatše ka ho etsisa litsela tsa lona.)

      2 Ba-Kor. 4:4; 11:14, 15: ‘Molimo oa lefatše lena o ba foufalitse likelello, ke ho re, ba sa lumelang, ba tle ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli ea khanya ea Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo.’ ‘Satane le eena o ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka: empa qetello ea bona e tla lekana le mesebetsi ea bona.’ (Ka hona sera se seholo sa Jehova, Satane Diabolose ka seqo, o hlile o hlomphuoa ke bohle ba sa rapeleng Molimo oa ’nete ka mokhoa oo O o khethileng, le hoja ba ka ’na ba ipolela hore ke Bakreste. Bona le 1 Ba-Korinthe 10:20.)

      Matt. 7:21-23: “Hase bohle ba reng ho ’na [Jesu Kreste]: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo: empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong. Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella, pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”

      Ke hobane’ng ha ho potlakile ho tsoa Babylona e Moholo ntle ho tieho?

      Tšen. 18:4: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”

      Tšen. 18:21: “Eaba lengeloi le matla le nka lejoe le ka ka leloala le leholo, la le akhela leoatleng, la re: Ho tla akheloa joalo ka matla Babylona, motse o moholo, ’me ha a sa tla hlola a fumanoa.”

      Luka 21:36: “Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”

      Ho tla etsahala joang ka batho ba sa kang ba tseba ’nete ea Bibele empa ba phetse ba ba ba e-shoa e ntse e le karolo ea Babylona e Moholo?

      Lik. 17:30: “Molimo ha o se o lesitse litšiu tseo tsa ho se tsebe hore li fete, joale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.”

      Lik. 24:15: “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Hore na ke bafe “ba sa lokang” ba tla tsosoa, qeto ke ea Molimo.)

      Jobo 34:12: “Ruri, Molimo o ke ke oa etsa ho sa lokang; Ea matla ’ohle a ke ke a khopamisa ho loka.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela