Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 1/15 maq. 8-9
  • Jehova O phethahatsa Litšepiso Tsa Hae!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova O phethahatsa Litšepiso Tsa Hae!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lokolloa ba Kholehong
  • Tsosoloso e-ea Hanyetsoa
  • Ho Phethoa Tempele
  • Esdrase o-oa Khutla
  • Sechaba sea Hloekisoa
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esdrase
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Buka ea Bibele ea 15—Esdrase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lula u Tšepile Jehova Linakong Tsa Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Esdrase o Ruta Batho Molao oa Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 1/15 maq. 8-9

Lintlha tsa Bibele tsa Sehlooho Esdrase 1:1-10:44

Jehova O phethahatsa Litšepiso Tsa Hae!

Tokoloho! Tsosoloso! Litaba tsee e tlameha e be e bile tse thobang pelo hakaakang ho Bajode ba kholehong Babylona! Bonneteng ba tšepiso ea Molimo, le kamor’a lilemo tse 70 ba le botlamuoeng, Bajode ba ne ba khutlisetsoa naheng ea habo bona. (Jeremia 25:12; Esaia 44:28-45:7) Ho feta moo, lintho tse ileng tsa nkoa tempeleng ea Jehova li ne li khutlisetsoa libakeng tsa tsona tse loketseng. Ke thabo e kaakang!

Buka ea Bibele ea Esdrase e qala ka liketsahalo tsena tse hlollang. E ngoletsoe Jerusalema ke mongoli Esdrase ho e ka bang ka 460 B.C.E., e koahela lilemo tse ka bang 70, ho tloha ha Bajode ba lokolloa ho fihlela ha ho phethoa tempele ea bobeli le ho hloekisoa hoa boprista (537-ho e ka bang ka 467 B.C.E.). Ho totobatsoang ke tsela eo Jehova a phethahatsang litšepiso tsa hae ka eona. Buka ena e boetse e na le lithuto tsa bohlokoa bakeng sa Lipaki tsa Jehova kajeno.

Ho Lokolloa ba Kholehong

Ka kōpo bala Esdrase 1:1-3:6. Moea oa hae o susumelitsoe ke Jehova, morena oa Persla o ntša phatlalatso: Tempele e Jerusalema e tla hahuoa bocha, ’me borapeli ba Jehova bo tla tsosolosoa moo! Baiseraele bohle ba ka ba le karolo. Ba ka khonang ba lokolohile hore ba ka khutlela naheng ea habo bona bakeng sa mosebetsi oa ho haha. Ba bang ba khothaletsoa ho tlatsetsa ka bolokolohi morerong. Lipitsa tsa tempele ea pele tse ileng tsa isoa Babylona ke Nebukadnezare, li tla khutlisoa. Ba etelletsoe pele ke Zorobabele, ba ka bang 50 000 ba nka leeto la bolelele ba lik’hilomithara tse 1 600 (limaele tse 1 000) ho khutlela Jerusalema. Ba boela ba haha aletare e halalelang ’me ba fana ka mahlabelo ho Jehova. Hape, qetellong ea 537 B.C.E., ba keteka Mokete oa Metlotloane. Lilemo tse 70 tse profetiloeng tsa lesupi tsa fela hantle ka nako!—Jeremia 25:11; 29:10.

◆ 1:3-6—Na Baiseraele ba neng ba setse Babylona ba ne ba sa tšepahale?

E seng joalo, le hoja llntho tse bonahalang le ho haelloa ke kananelo e ka ’na eaba e bile tsona lisosa mabakeng a mang. Molao oa Cyruse ha oa ka oa hloka hore bohle ba khutle empa oa e etsa taba ea boithaopo. Maemo a kang botsofali, kholofalo, kapa litlamo tsa malapa e ka ’na eaba li ile tsa thibela ba bang hore ba nke leeto. Empa ba ne ba lokela ho tšehetsa ba neng ba ka khutla.

◆ 1:8—Sheshebatsare e ne e le mang?

Mohlomong, e ne e le lebitso la molao leo Zorobabele a ileng a le fuoa lekhotleng la Kalde. (Bapisa Daniele 1:7.) Tlotla e fuoang Sheshebatsare kae-kae e boetse e fuoa Zorobabele. (Esdrase 5:16; Zakaria 4:9) Ka bobeli ba filoe tlotla ea “’musisi.” (Esdrase 5:14; Haggai 2:21) ’Me ho Esdrase 2:2 le 3:1, 2 ho lumeloa hore Zorobabele e bile moeta pele oa ba khutlang kholehong; ka hona, ka ho loketseng, lebitso Sheshebatsare ha le boleloe.

◆ 2:61-63—Urime le Thummime e ne e le eng?

Ho nahanoa hore e ne e le lintho tse halalelang tse neng li sebelisoa ha potso e ne e hloka karabelo e tsoang ho Jehova. Ho latela neano ea Sejode, li ile tsa nyamela ha tempele e timetsoa ka 607 B.C.E. Hona ho tšehetsoa ke ’nete ea hore ba neng ba ipolela hore ke ba lelapa la boprista ba ne ba thibetsoe bopristeng le ho jeng boholo ba lintho tse halalelang “ho be ho hlahe moprista ea ka emang pel’a Molimo a tšoere Urime le Thummime.” Empa ha ho na tlaleho ea hore li ile tsa sebelisoa ka nako eo kapa kamorao ho moo.

Thuto ho Rōna: Boemo bo tšoanang le boo ba Bajode ba kholehong bo teng ho Lipakl tsa Jehova kajeno. Hase bohle ba khonang ho tšoareha tsebeletsong ea nako e tletseng kapa ho siea malapa a bona ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Empa li etsa ka hohle ho ntšetsa pele lithahasello tsa borapeli bo hloekileng ka ho etsa menehelo ea boithaopo le ho khothatsa ba ka khonang ho tšoareha tšebeletsong e eketsehileng.

Tsosoloso e-ea Hanyetsoa

Bala 3:7-4:24. Ka ho thaba ho hoholo, Bajode ba khutlileng ba rala motheo oa ntlo ea Jehova. Empa ka lilemo lira tsa leka ho nyahamisa lihahi tsa tempele. Qetellong, ka ho kholisa morena hore “motse o ikhantšang, o mobe” o ntse o tsosolosoa, lira tsena tsa etsa hore mosebetsi o emisoe ka taelo ea borena. Thibelo ea tsoela pele “ho isa lemong sa bobeli sa ho busa ha Dariuse, morena oa Persia.”

◆ 3:12—Banna baa ba ne ba llela eng?

Banna bana ba tsofetseng ba ne ba hopola kamoo tempele e qapiloeng ke Molimo e khanyang ea Salomone e neng e shebahala kateng. Se ka pel’a mahlo a bona—moralonyana feela—e ne e se letho ha ho bapisoa. Mohlomong ba ile ba nyahama, ba belaela hore na boiteko ba bona bo ne bo tla khutlisa khanya ea pele.—Haggai 2:2, 3.

◆ 4:1-3—Ke hobane’ng ha ho ile hoa hanoa thuso?

Bana bao e neng e se Bajode, ba tlisitsoeng ke morena oa Assyria ho tla tlatsa naha, e ne e se barapeli ba ’nete ba Molimo. (2 Marena 17:33, 41) Ho amohela thuso ea bona ho ne ho tla bolela ho sekisetsa borapeli ba ’nete, ’me Jehova ka ho toba o ne a hlile a lemosa batho ba hae khahlanong le mekhoa efe kapa efe e joalo ea tumelo e kopaneloang. (Exoda 20:5; 34:12) Ho feta moo, tlaleho e bitsa bana bao e neng e se Bajode “lira.”

Thuto ho Rōna: Ha re tobane le bothata ba ho sebeletsa Molimo, re lokela ho etsisa Bajode ba neng ba tsosolosa bao kapelepele ba ileng ba bokana bakeng sa borapeli joaloka “motho a le mong.” Ho tšepa Jehova le ho bea borapeli ba hae pele hoa ba matlafatsa hore ba phethe mosebetsi oo ba o abetsoeng.—Esdrase 3:1-12.

Ho Phethoa Tempele

Bala 5:1-6:22. O susumelitsoe ke baprofeta Haggai le Zakaria, mosebetsi oa ho haha o tsoela pele ka cheseho e nchafetseng. Li sa khone ho o emisa, lira tsa boela tsa belaela. Morena Dariuse o-oa fuputsa ’me o fumana molao oa pele oa Cyruse. Bahanyetsi ha ba laeloe hore ba ‘khaotse le ho emisa’ feela empa ba boela ba laeloa hore ba thuse ka lintho tse bonahalang! Ka khothatso e tsoetseng pele e tsoang ho baprofeta ba Jehova, tempele e phethoa ka 515 B.C.E. ebile eea khakoloa. Ka thabo e neheloa ho Molimo, oo litšepiso tsa oona li phethahalang!

◆ 5:5—Ke hobane’ng ha bahanyetsi ba sa ka ba thibela mosebetsi oa ho haha?

Tlhokomelo ea Jehova e ne e le holim’a bahlanka ba hae ba tšepahalang. (2 Likronike 16:9) Ba matlafalitsoe ke moea oa Molimo, baholo ba hana ho tšosoa. Ba supa molaong oa Cyruse oo e leng khale o lebetsoe. Kaha molao oa Persia o ne o sa fetoloe, lira li ne li tšaba ho hanyetsa taelo ea borena. (Daniele 6:8, 15) Tataiso ea Jehova e ne e totobetse, ’me mosebetsi oa tsoela pele.

◆ 6:21—Ke bo-mang ba “hlobohaneng le litšila tsa lichaba”?

E ka ’na eaba e ne le batho ba sokolohileng ba ileng ba khutla le Bajode, Basamaria ba neng ba ahile naheng eo ka nako eo, kapa bona Bajode ba khutlileng ba neng ba silafalitsoe ke litšusumetso tsa bohetene. (Bapisa Esdrase 9:1.) Tsoelo pele ea borapeli bo hloeklleng ba Jehova Jerusalema ho bonahala e ile ea ba susumelletsa ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba bona.

Thuto ho Rōna: Kajeno baholo ba Bakreste le bona ba lokela ho batla tataiso ea Jehova. O fana ka kutloisiso e hlokahalang ha re tobana le bahanyetsi.—Pesaleme ea 32:8.

Esdrase o-oa Khutla

Bala 7:1-8:36. Nako e-ea feta. Ka 468 B.C.E., Morena Artaxerxese o nea Esdrase “tsohle tseo a li kōpileng,” a mo nolofaletsa ho ea fana ka thuso Jerusalema. Taelo ea morena e khothaletsa Bajode bohle ba ratang hore le bona ba khutle, ’me o fana ka silevera le gauda bakeng sa ho lokisetsa tsohle tse hlokahalang ntlong ea Jehova. Esdrase o fuoa matla a ho khetha baahloli, ba tla sebelisa molao oa Jehova le oa morena. Ka ho tšepa ho tšehetsoa ke Jehova, Esdrase oa imatlafatsa ’me o nka leeto le kotsi. Ha a kōpe ho felehetšoa ke banna ba hlometseng, esere hona hoa talingoa e le ho fokolloa ke tumelo matleng a ho tšehetsoa ke Jehova. Ka ho tšehetsoa ke Molimo, Bajode ba flhla ba sireletsehile.

◆ 7:1, 7, 11—Artaxerxese enoa e ne e le mang?

Enoa e ne e le morena oa Persia Artaxerxese I (Longimanus). Selemong sa hae sa bo20, a nea Nehemia tumello ea ho khutlela Jerusalema le ho ea tsosolosa marako le menyako ea eona. (Nehemia 2:1-8) Bo-rahistori ba boholo-holo ba re Artaxerxese enoa o ne a e-na le boikutlo bo akaretsang bo mosa le ba ho fana. Ka lebaka la monehelo oa hae o moholo, o ile a akarelletsoa ho Esdrase 6:14 e le e mong oa bao melao ea bona e tlatselitseng ho phethoeng hoa tempele, le hoja ho hahuoa hoa eona ho phethiloe lilemong tse ka bang 47 pejana. O fapana le Artaxerxese ea ileng a thibela mosebetsi oa ho tsosolosa. (Esdrase 4:7-23) Eo e ne e le Gaumata, ea ileng a busa likhoell tse robeli feela ka 522 B.C.E. “Artaxerxese” ho bonahala e ne e le lebitso la terone feela kapa tlotla.

Thuto ho Rōna: Esdrase o beetse bahlanka ba Jehova mohlala o motle kajeno. Mongoli ea masene ea ithutileng Lentsoe la Molimo ka matla, o ile a lebisa tlotla eohle ho ea Holimo-limo ’me o ne a amehile haholo ka khanya ea Jehova ho feta ho sireletseha hoa hae hoa botho.—Esdrase 7:27, 28; 8:21-23.

Sechaba sea Hloekisoa

Bala 9:1-10:44. Esdrase a ithuta kapele hore ba bangata “ha ba ka ba ikhetha ho lichaba tse linaheng tse ka mathōko, ba mpa ba entse ka manyala a tsona.” Bajode, ho akarelletsa baprista le Balevi, ba ile ba nyallana le Bakanana ba bahetene. Esdrase o maketse. Ka thapelo o teka taba ka pel’a Jehova, ka ho hlomoha a bolela liphoso tsa sechaba. Tlas’a boetapele ba hae, batho baa baka ’me ba ikemisetsa ho leleka basali ba bona ba balichaba. Litšila li hloekisoa ka nako e ka bang likhoeli tse tharo.

◆ 9:2—Ke hobane’ng ha ho nyallana ho joalo e ne e le sebe?

Ho ne ho fupere tšoso tsosolosong ea borapeli ba ’nete. (Deuteronoma 7:3, 4) Basali bana ba ne ba sa lumela, ba rapela litšoantso. Ho nyallana le bona ho ne ho ka ’na hoa qetella ka ho tsoakana le lichaba tsa bohetene tse ba potolohileng, ’me borapeli bo hloekileng bo ne bo ka ’na ba fela lefatšeng.

◆ 10:3, 44—Ke hobane’ng ha bana le bona ba ile ba lelekoa?

Hangata bana ba banyenyane ba hloka bo ’m’a bona. Ho feta moo, ka tšusumetso ea bana, basali ba lelekiloeng ba ne ba ka ’na ba khutla kamor’a nako. Borapeli bo hloekileng ba Jehova bo ne bo lokela ho tla pele.

Thuto ho Rōna: Joaloka Bajode ba tšepahalang ba mehleng ea Esdrase, Lipaki tsa Jehova li khomarela melao ea Mollmo bakeng sa lenyalo. Lia hlokomela hore li lokela ho nyala ‘feela moreneng.’—1 Ba-Korinthe 7:39.

Jehova o ile a boloka tšepiso ea hae ea hore borapeli bo hloekileng bo tsosolosoe Jerusalema oa boholo-holo. Ka ho tšoanang, o tla phethahatsa tšepiso ea hae hore borapeli ba hae bo hloekileng bo sebelisoe lefatšeng ka bophara. (Habakuke 2:14) Na u tla ba har’a barapeli ba hae ha ’Moloki e moholo oa Litšepiso a tlisa khotso le thabo lefatšeng lee?—Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 21:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela