Pina ea 96
Ho Tlotlisa Ntate oa Rōna Jehova
1. Jehova pōpo e bina
Hlompho, matla le khanya.
O ratile tsohle tsena
’Me le tsona lia paka.
Tsohong la hao le leholo
Ho hlaha mpho tse khōlō.
Ho phethahala kajeno
Profeta bo boholo.
‘Le hla’iselitsoe ’Moloki,’
Mangeloi a tsebisa.
Jah rea u leboha ruri
Ka tokisetso ena.
2. Ka thabo re bone
Mora A phethahatsa thōmo,
A hlōla lefatše lena,
A tlisa tokoloho.
Leha’entse e le Morena
O phetha litaelo.
O ruta batho ka uena
Le ka ea hao merero.
’Me rōna re nyakallela
Thōmo ea ho tlerola:
‘Uena Morena Jehova,
U tla felisa ho lla.’
3. Na re ka se bine thoko
Tsa hao, ra u thabisa?
Rea itela ka lerato
Ho ’na re’u sebeletsa?
Re tla ’ne re u tlotlise,
Thato ea hao r’e phethe,
Rato re ’ne re le bontše
’Me re ’ne re chesehe.
Ka pelo eohle le moea
Re tla u sebeletsa.
Re’iteke ho isa tlotla
Bitsong la hao kamehla.