Pina ea 79
Pōpo e Senola Khanya ea Jehova
1. Maholimo a roka Jehova;
Khanya ea hae k’e bona ho oona.
Ba bonolo ba rutoa ke oona
Leh’a ntse a khutsitse kamehla.
Ba bonolo ba rutoa ke oona
Leh’a ntse a khutsitse kamehla.
2. Ke matl’a hao lihloliloeng tsohle
Le meeli ea maoatle e hlotsoe.
Pōpo ea hao ho motho k’e hlollang.
O roka uena, ea Tšoanelehang.
Pōpo ea hao ho motho k’e hlollang.
O roka uena, ea Tšoanelehang.
3. Melao ea hao eohl’e phethehile;
Likhopotso tsa hao ke tsa ’nete.
Li feta ntho tsohle ka bohlokoa.
Re mpe re khomarele ho tsona!
Li feta ntho tsohle ka bohlokoa
Re mpe re khomarele ho tsona!