Pina ea 46
Mangolo—A Bululetsoe, A Na le Molemo
1. Lentsoe la Jah ke seli,
Le re qobisang kotsi.
Le re isa tokollong,
Le re hōlisa tsebong.
2. Ka ho bala Mangolo
Re tla phema bokhopo.
Ka tumelo ho oona
A tla re hlalefisa.
3. Ntsoe leo le bululetsoe,
Ka lona re rutiloe.
Le re thusa ka taeo
Le ho lokisa lintho.
4. Ruri ke la bohlokoa,
Le’a kholisa, le’a laea.
Hore motho’a Molimo
A matlafale pelo.