Eketsa Karolo ea Hao Kabong ea Limakasine
1 Kabo ea limakasine ke e ’ea litsela tse ka sehloohong tseo ka tsona molaetsa oa ’Muso o phatlalatsoang libakeng tse hōle. Morao tjena kabo ea limakasine e ’nile ea theoha liphuthehong tse ngata. Ka June 1992 kakaretso ea kabo ea limakasine Afrika Boroa e bile limakasine tse 3,8 mohoeletsi ka mong, ha selemong se fetileng e ne e le 5,2. Bothata boo bo ka rarolloa joang? Ke hobane’ng ha le sa sebelisise litlhahiso tsena tse peli?
2 Ameha ka Limakasine: Le hoja boemo ba moruo bo ntseng bo mpefala e ka ’na eaba bo amme kabo ea rōna ea limakasine, re lumela hore lebaka la sehlooho ke ho se tšehetse litokisetso tsa mosebetsi oa limakasine. Ho ba bangata ba rōna, re fumana monyetla o motle oa ho kopanela kabong ea limakasine Moqebelo o mong le o mong, ebang ke hoseng kapa ke motšehare oa mantsiboea. Liphutheho tse ngata li behelletse ka thōko nako bakeng sa mosebetsi oa limakasine har’a beke molemong oa bahoeletsi ba sa khoneng ho ea tšebeletsong ea tšimo ka Moqebelo. Ba bang ba ka ’na ba fumana hore bopaki ba mantsiboea bo fana ka monyetla o motle oa ho nehelana ka limakasine ka ntlo le ntlo. Mosebetsi oa seterateng, ho sebetsa tšimong ea mabenkele, ho etsa bopaki bo sa reroang, le litselana tsa limakasine kaofela ke litsela tse ntle tseo ka tsona re ka kopanelang kabong ea limakasine. Mosebetsing o tloaelehileng oa ntlo le ntlo, limakasine tsa morao-rao li ka buelloa haeba mpho ea khoeli e hanoa. Ho falimehela ho etsa joalo ho ka re tlisetsa thabo.
3 Ipehele Pakane ea Botho: U ka ’na ua lakatsa ho hahamalla kakaretso ea makasine o le mong hora ka ’ngoe eo u e qetang u le tšebeletsong khoeling eo. Pakane ea hao ea botho e lokela ho ba e ka finyelloang, u nahanele maemo a hao a botho le nako eo u khonang ho e qeta tšebeletsong ea tšimo.
4 Jehova ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang, o tsoela pele ho re fa seo re se hlokang hore re eketse karolo ea rōna kabong ea limakasine. Kaha mosebetsi o joalo o rorisa Jehova, re tla ba le thabo e tebileng e tlisoang ke karolo e eketsehileng kabong ea limakasine.—Joh. 15:8.