Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 40
  • Thuto ka Mohau

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ka Mohau
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ka Mohau
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • O Ruta ka ho Tšoarela
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Jesu o Lijong Bethani ha Simone
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 40

Khaolo ea 40

Thuto ka Mohau

EKA ’na eaba Jesu o ntse a le Naine, moo a sa tsoa tsosa mor’a mohlolohali, kapa mohlomong o etetse motse o haufi le moo. Mofarisi e mong ea bitsoang Simone o lakatsa ho shebisisa enoa ea etsang mesebetsi e hlollang hakana. Kahoo o mema Jesu ho ja le eena.

Ha Jesu a talima ketsahalo eo e le monyetla oa ho sebeletsa ba teng, a amohela memo eo, joalokaha a ile a amohela memo ea ho ea ja le balekhetho le baetsalibe. Empa, ha a kena ka tlung ha Simone, Jesu ha a fumane tlhokomelo e mofuthu e atisang ho etsetsoa baeti.

Maoto a roetseng meqathatso aa chesa ’me a ba litšila ka lebaka la ho tsamaea litseleng tse lerōle, ’me ke ketso e tloaetsoeng ea ho amohela baeti ea ho ba hlatsoa maoto ka metsi a pholileng. Empa maoto a Jesu ha a hlatsuoe ha a fihla. Leha e le hore o amoheloa ka ho akoa, e leng mokhoa o tloaetsoeng. Le oli eo ho tloaelehileng hore ho amoheloe baeti ka eona ha e fanoe bakeng sa moriri oa hae.

Nakong ea lijo, ha baeti ba lutse tafoleng, mosali e mong ea sa mengoang o kena ka tlung ka lenyele. Motseng oo o tsebahala e le mosali ea phelang bophelo ba boitšoaro bo bobe. Mohlomong o ile a utloa lithuto tsa Jesu, ho akarelletsa ha a mema ‘bohle ba imeloang hore ba tle ho eena ’me o tla ba imolla.’ ’Me kaha o susumelitsoe ka ho tebileng ke seo a se boneng le seo a se utloileng, joale o tsoile ho batla Jesu.

Mosali eo o pota ka mor’a Jesu tafoleng ’me o khumama maotong a hae. Ha meokho ea hae e ntse e rothela maotong a Jesu, o e hlakola ka moriri oa hae. O boetse o ntša oli e nkhang hamonate ka pitseng ea hae, ’me ha a ntse a aka maoto a Jesu ka mofuthu, o a tlotsa ka oli ena. Simone a talima a sa ananele. O re: “Motho enoa, hoja ke moprofeta, a ka be a tseba mosali eo, ea mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ea joang; hobane ke moetsalibe.”

Ha Jesu a lemoha monahano oa hae, o re: “Simone, ke na le seo ke u bolellang sona.”

Oa arabela: “Bua, moruti.”

Jesu oa qala: “Morui o na a le teng ea nametsoeng ke batho ba le babeli; e mong o na a namile ka lidenare tse makholo a mahlano, e mong ka tse mashome a mahlano. Eare ha ba hloka seo ba ka lefang ka sona, a ba tlohella molato ba babeli. Ak’u bolele hore ke ofe ho bona ea tla mo rata haholo.”

Mohlomong ka boikutlo ba boiphapanyo potsong ena e bonahalang e sa amane le taba, Simone o re, “Nka re: ke ea tloheletsoeng ho hoholo.”

Jesu o re, “U ahlotse hantle.” ’Me ha a retelehela ho mosali, o re ho Simone: “Mosali enoa ua ’mona na? Ke kene tlung ea hao, ’me ha ua ka ua ’nea metsi ho itlhatsoa maoto; empa enoa o kolobisitse maoto a ka ka meokho, o a hlakotse ka moriri oa hlooho ea hae. Ha ua ka ua nkaka; empa enoa, e sa le a kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka. Ha ua ka ua ntlotsa hlooho ka oli; empa enoa o tlotsitse maoto a ka ka setlolo.”

Kahoo mosali eo o fane ka bopaki ba pako e tlohang botebong ba pelo bakeng sa boitšoaro ba hae bo bobe ba nako e fetileng. Kahoo Jesu o qetella ka ho re: “Ka baka leo, ke re ho uena: Libe tse ngata tsa hae o li tšoaretsoe; ke ka baka leo a ratileng haholo; empa ea tlohelloang ho honyenyane, o rata hanyenyane.”

Jesu ha a emele kapa ho lumella boitšoaro bo bobe ka tsela leha e le efe. Ho e-⁠na le hoo, ketsahalo ena e senola kutloisiso ea hae e nang le kutloelo-bohloko ho batho ba etsang liphoso bophelong empa hamorao ba bontša hore baa li soabela ’me kahoo ba tla ho Kreste bakeng sa topollo. Ha a fa mosali eo khatholoho ea ’nete, Jesu o re: “U tšoaretsoe libe tsa hao. . . . Tumelo ea hao e u pholositse; e-⁠ea ka khotso.” Luka 7:36-50; Mattheu 11:28-30.

▪ Simone o amohela Jesu joang?

▪ Ke mang ea batlang moo Jesu a leng teng, hona hobane’ng?

▪ Jesu o etsa papiso efe, hona o e sebelisa joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela