Khaolo ea 43
Ho Ruta ka Litšoantšo
HO BONAHALA Jesu a le Kapernauma ha a khalemela Bafarisi. Hamorao letsatsing lona leo, o tloha hae ’me o tsamaela Leoatleng le haufi la Galilea, moo ho bokanang matšoele a batho. O palama seketsoana, o elella thōkoana, ’me o qala ho ruta batho ba lebōpong la leoatle ka ’Muso oa maholimo. O etsa joalo ka letoto la lipapiso, kapa litšoantšo, se seng le se seng ka lintho tse tloaetsoeng ke batho bao.
Pele, Jesu o bua ka majali ea jalang peō. Peō e ’ngoe e oela pel’a tsela ’me e jeoa ke linonyana. Peō e ’ngoe e oela mobung o majoe. Kaha metso ha ea teba, limela tse ncha li pona ke letsatsi le bataolang. Ho sa le joalo, peō e ’ngoe e oela har’a meutloa, e pupetsa limela ha li hōla. Qetellong, peō e ’ngoe e oela mobung o motle ’me e bea ha lekholo, e ’ngoe ha mashome a tšeletseng, e ’ngoe ha mashome a mararo.
Setšoantšong se seng, Jesu o tšoantša ’Muso oa Molimo le monna a jalang peō. Matsatsi ha a ntse a feta, ha motho a robala leha a tsoha, peō ea mela. Monna eo ha a tsebe hore na e mela joang. Ea imelisa ’me e hlahisa lijo-thollo. Ha lijo-thollo tseo li butsoitse, monna eo oa li kotula.
Jesu o bolela setšoantšo sa boraro ka monna ea jalang mofuta o motle oa peō, empa ‘ha batho ba robetse,’ sera sea tla ’me se jala mofoka har’a koro. Bahlanka ba monna eo ba mo botsa hore na ba lokela ho fothola mofoka oo. Empa oa arabela: ‘Che, mohlomong ha le e-kha mofoka, le ka tšoha le fothola le eona koro. Li leseng tse peli, li hōle hammoho, ho be ho fihle kotulo. Joale ke tla bolella bakotuli hore ba khethe mofoka ba o chese; ’me ba bokelle koro molikong.’
Ho ntšetsa pele puo ea hae ho letšoele lena le lebōpong la leoatle, Jesu o boetse o fana ka litšoantšo tse ling tse peli. O hlalosa hore “’muso oa maholimo” o tšoana le tlhaku ea mosetareta eo motho a e lemang. Le hoja e le tlhaku e nyenyane ho feta lipeō tsohle, o re, e hōla ho feta limela tsohle. E fetoha sefate seo linonyana li tlang ho sona, ’me li fumana moriti har’a makala a sona.
Kajeno ba bang ba pheha khang ea hore ho na le lipeō tse nyenyane ho feta lipeō tsa mosetareta. Empa Jesu ha a rute ka limela. Ho lipeō tseo Bagalilea ba mehleng ea hae ba tloaelaneng le tsona, tlhaku ea mosetareta ka sebele ke e nyenyane ho li feta. Kahoo ba ananela taba ea khōlo eo Jesu a e bontšang.
Qetellong, Jesu o bapisa “’muso oa maholimo” le tomoso eo mosali a e tsoakang le litekanyo tse tharo tse khōlō tsa phofo. O re, ka nako ea teng e phunyeletsa likarolo tsohle tsa hlama.
Hoba a fane ka litšoantšo tsena tse hlano, Jesu o laela matšoele ana ho qhalana ’me o khutlela hae moo a lulang. Kapele baapostola ba hae ba 12 le ba bang ba tla ho eena moo.
Ho Rua Molemo Litšoantšong tsa Jesu
Ha barutuoa ba tla ho Jesu ka mor’a puo ea hae ho matšoele lebōpong la leoatle, ba lakatsa ho tseba ka mokhoa oa hae o mocha oa ho ruta. E, ba mo utloile ha a sebelisa litšoantšo pele, empa eseng ka mokhoa o batsi hakana. Kahoo ba botsa: “Na u buela’ng le bona ka litšoantšo na?”
Lebaka le leng leo a etsang joalo ka lona ke hore a phethahatse mantsoe a moprofeta: “Ke tla ahlamisa molomo oa ka ka litšoantšo, ke pepese litaba tse neng li patiloe ha e sa le lefatše le theoa.” Empa hona ho ama taba e khōloanyane. Ho sebelisa ha hae litšoantšo ho sebeletsa morero oa ho thusa ho senola se ka lipelong tsa batho.
Ha e le hantle, batho ba bangata ba thahasella Jesu e le mopheti feela oa lipale ea khabane le ramehlolo, eseng ea ka sebeletsoang e le Morena le ea ka lateloang ka boitelo. Ha ba batle ho sitisoa maikutlong a bona kapa tseleng ea bona eo ba phelang ka eona. Ha ba batle hore molaetsa o tebe ho isa bohōleng bo itseng.
Joale Jesu o re: “Ke ka baka leo ke buang le bona ka litšoantšo, kahobane leha ba bona, ha ba bone; leha ba utloa, ha ba utloe, ’me ha ba utloisise. Ho phethahala ho bona se profetiloeng ke Esaia, ha a re: . . . pelo ea sechaba sena e nonne.”
Jesu o tsoela pele hore, “empa mahlo a lōna a lehlohonolo, hobane a bona, le litsebe tsa lōna li lehlohonolo, hobane lia utloa. Ka ’nete ke re ho lōna: Baprofeta ba bangata le ba lokileng ba bangata ba lakalitse ho bona tseo le li bonang, ’me ha ba ka ba li bona, le ho utloa tseo li le utloang, ’me ha ba ka ba li utloa.”
E, baapostola ba 12 le ba nang le bona ba na le lipelo tse amohelang. Ka baka leo Jesu o re: “Ke hobane lōna le neiloe ho tseba liphiri tsa ’muso oa maholimo, empa bona ha ba ka ba neoa.” Ka lebaka la ho lakatsa ha bona kutloisiso, Jesu o hlalosetsa barutuoa ba hae setšoantšo sa mojali.
Jesu o re, “lijalo ke lentsoe la Molimo,” ’me mobu ke pelo. Ka peō e jetsoeng ka thōko ho tsela moo ho leng thata, oa hlalosa: “Diabolose o’a tle, a hlakole lentsoe lipelong tsa bona, hore ba se ke ba lumela, le ho bolokeha.”
Ka lehlakoreng le leng, peō e jetsoeng mobung o majoe ke lipelo tsa batho ba amohelang lentsoe ka thabo. Leha ho le joalo, kaha lentsoe le ke ke la teba lipelong tse joalo, batho bana ba oa habonolo ha nako ea teko kapa hloriso e fihla.
Ha e le ka peō e oetseng ka har’a meutloa, Jesu o tsoela pele ho bolela hore e supa batho ba utloileng lentsoe. Bana leha ho le joalo, ba hoholoa ke lipelaelo le maruo le menate ea bophelo bona, kahoo ba pupetsoa ka ho feletseng ’me ha ba phethe letho.
Qetellong, ka peō e jetsoeng mobung o motle, Jesu o re, bana ke bao, ka mor’a ho utloa lentsoe ka pelo e ntle le e molemo, baa le boloka ’me ba bea litholoana ka mamello.
Barutuoa ba ileng ba batla Jesu hore ba fumane tlhaloso ea lithuto tsa hae ba lehlohonolo hakaakang! Morero oa Jesu ke hore litšoantšo tsa hae li utloisisoe hore li fetisetse ’nete ho ba bang. Oa botsa: “Hleka lebone le tlisoa hore le beoe ka tlas’a morula, kapa ka tlas’a malao na?” Che, “hore le hlongoe kandelareng.” Ka hona Jesu oa eketsa: “Ka baka leo, bonang kamoo le utloang kateng.”
Ba Hlohonolofalitsoe ka Taeo e Eketsehileng
Ka mor’a hore ba amohele tlhaloso ea Jesu ea setšoantšo sa mojali, joale barutuoa ba batla ho ithuta ka ho eketsehileng. Baa kōpa, “re qaqisetse setšoantšo sa mofoka oa tšimo.”
Boikutlo ba barutuoa bo fapane hakaakang le ba letšoele lohle le lebōpong la leoatle! Batho bao ba haelloa ke takatso ea sebele ea ho ithuta se boleloang ke litšoantšo tsena, ba khotsofaletse ho seng hokae feela hoo ba ho fuoang. Ha a bapisa bamameli bao ba lebōpong la leoatle le barutuoa ba hae ba botsang ba ileng ba tla ho eena lapeng, Jesu o re:
“Tekanyo eo le lekanyang ka eona, le lōna le tla lekanngoa ka eona; ’me ho tla phaelleloa lōna ba utloang.” Barutuoa ba tšoanelehela thahasello ea sebele ea Jesu le tlhokomelo, ’me joale ba hlohonolofatsoa ka ho fumana taeo e eketsehileng. Kahoo, ha a arabela potso ea barutuoa ba hae, Jesu oa hlalosa:
“Ea jalang peō e ntle ke Mor’a motho; tšimo ke lefatše; peō e ntle ke bana ba ’muso; mofoka ke bana ba e mobe; sera se o jalileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatše; bakotuli bona ke mangeloi.”
Hoba a khetholle tšobotsi ka ’ngoe ea setšoantšo sa hae, Jesu o hlalosa phello. O re, qetellong ea tsamaiso ea lintho, bakotuli, kapa mangeloi, ba tla arola Bakreste-’mōtoana ba kang mofoka ho “bana ba ’muso” ba ’nete. “Bana ba e mobe” joale ba tla tšoaeloa timetso, empa bana ba ’Muso oa Molimo, “ba lokileng,” ba tla khanya ’Musong oa Ntate oa bona.
Jesu o boetse o hlohonolofatsa barutuoa ba hae ba chesehelang ho tseba litaba ka litšoantšo tse ling tse tharo. Pele, o re: “’Muso oa maholimo o joale ka letlotlo le patiloeng tšimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; ’me ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tšimo eo.”
O boetse o tsoela pele, “’muso oa maholimo hape o joale ka mohoebi ea batlang liperela tse ntle. Hobane a fumane perela ea bohlokoa, a ea, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, ’me a ithekela eona.”
Jesu ka boeena o tšoana le motho ea sibollang letlotlo le patiloeng le mohoebi ea fumanang perela ea bohlokoa. O ile a rekisa tsohle, joalokaha eka ho joalo, a tela boemo bo hlomphehang leholimong ho ba motho ea tlaasana. Joale, e le motho lefatšeng, o utloa bohloko ke ho rohakoa le mahloriso a lehloeo, a paka hore o tšoaneleha ho ba ’Musi oa ’Muso oa Molimo.
Phephetso e boetse e beoa ka pel’a balateli ba Jesu hore ba rekise ntho tsohle e le hore ba ka fumana moputso o moholo oa ho ba babusi ’moho le Kreste kapa bafo ba ’Muso lefatšeng. Na re tla nka ho ba le karolo ’Musong oa Molimo e le ntho ea bohlokoa ho feta ntho leha e le efe bophelong, e le letlotlo la bohlokoahali kapa perela e ntlehali?
Qetellong, Jesu o tšoantša “’muso oa maholimo” le letlooa le tšoasang litlhapi tsa mefuta eohle. Ha litlhapi li aroloa, tse mpe lia lahloa empa tse ntle lia bolokoa. Kahoo, Jesu o re, ho tla ba joalo qetellong ea tsamaiso ea lintho; mangeloi a tla arola ba khopo ho ba lokileng, a bolokela ba khopo timetso.
Jesu ka boeena o qala mosebetsi ona oa ho tšoasa, a bitsa barutuoa ba hae ba pele hore e be “ba tšoasang batho.” Ka tlas’a tsamaiso ea mangeloi, mosebetsi oa ho tšoasa o tsoela pele ka makholo a lilemo. Qetellong ho fihla nako ea ho hula “letlooa,” le tšoantšetsang mekhatlo e hlophisitsoeng lefatšeng e ipolelang hore ke ea Bokreste.
Le hoja litlhapi tse mpe li lahleloa timetsong, ka teboho re ka balloa har’a ‘litlhapi tse ntle’ tse bolokoang. Ka ho bontša takatso e tšoanang e matla e kang ea barutuoa ba Jesu bakeng sa tsebo le kutloisiso tse eketsehileng, re ke ke ra hlohonolofatsoa feela ka taeo e eketsehileng empa le tlhohonolofatso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng. Mattheu 13:1-52; Mareka 4:1-34; Luka 8:4-18; Pesaleme ea 78:2; Esaia 6:9, 10.
▪ Ke neng hona hokae moo Jesu a buileng le matšoele ka litšoantšo?
▪ Ke litšoantšo life tse hlano tseo joale Jesu a li bolellang matšoele?
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a bolela hore tlhaku ea mosetareta ke e nyenyane ho feta lipeō tsohle?
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a bua ka litšoantšo?
▪ Barutuoa ba Jesu ba iponahatsa e le ba fapaneng le matšoele joang?
▪ Ke tlhaloso efe eo Jesu a faneng ka eona mabapi le setšoantšo sa mojali?
▪ Barutuoa ba fapana joang le matšoele a lebōpong la leoatle?
▪ Ke mang kapa ke eng e emeloang ke mojali, tšimo, peō e ntle, sera, kotulo, le bakotuli?
▪ Jesu o fana ka litšoantšo life tse tharo tse eketsehileng, ’me re ka ithuta eng ho tsona?