Bolumeli
Tlhaloso: Mokhoa oa borapeli. Bo akarelletsa tsamaiso ea maikutlo a bolumeli, litumelo, le mekhoa; tsena e ka ’na ea e-ba tsa botho, kapa tsa buelloa ke mokhatlo o hlophisitsoeng. Hangata bolumeli bo ama ho lumela ho Molimo kapa ho melimo ea palo eitseng; kapa ba nka batho, lintho, litakatso, kapa matla e le lintho tse ka rapeloang. Malumeli a mangata a theiloe boithutong ba batho ba tlhaho; hape ho na le bolumeli bo senotsoeng. Ho na le bolumeli ba ’nete le ba bohata.
Ke hobane’ng ha malumeli a le mangata hakana?
Phuputso e sa tsoa etsoa e fihletse qeto ea hore ho na le malumeli a sehlooho a 10 le lihlopha tsa bokhelohi tse ka bang 10 000. Ho tsona tse ka bang 6 000 li Afrika, tse 1 200 United States, ’me tse makholo-kholo li linaheng tse ling.
Ho na le mabaka a mangata a entseng hore ho be le lihlopha tse ncha tsa bolumeli. Ba bang ba ’nile ba bolela hore malumeli a sa tšoaneng kaofela a emela litsela tse sa tšoaneng tsa ho nehelana ka ’nete ea bolumeli. Empa ha ho bapisoa lithuto tsa oona le mekhoa ea oona le seo Bibele e se supang, ho e-na le hoo, ho bonahala hore ho se tšoane hoa bolumeli ho tsoetsoe ke hore batho ba fetohile balateli ba batho ho e-na le ho mamela Molimo. Hoa hlokomeleha hore, lithuto tse tšoanang tseo a nang le tsona, empa e le tse fapaneng le Bibele, boholo li simolohile Babylona ea boholo-holo. (Bona maqephe 30, 31, tlas’a sehlooho “Babylona e Moholo.”)
Ke mang ea susumetsang pherekano e joalo ea bolumeli? Bibele e tsebahatsa Satane Diabolose e le “molimo oa lefatše lena.” (2 Ba-Kor. 4:4) E re lemosa hore “lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo.” (1 Ba-Kor. 10:20) Ke hoa bohlokoa hakaakang he, ho tiisa hore re hlile re rapela Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, le hore borapeli ba rōna boa mo khahlisa!
Na bolumeli bohle boa amoheleha ho Molimo?
Baahl. 10:6, 7: “Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pel’a Jehova; ba sebeletsa bo-Baale le bo-Ashtarothe, le melimo ea Syria, le melimo ea Sidone, le melimo ea Moabe, le melimo ea bana ba Ammone, le melimo ea ba-Filista; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa. Eaba khalefo ea Jehova e tukela ba-Iseraele.” (Haeba motho a rapela ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ho fapana le Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, ho totobetse hore mokhoa oo a rapelang ka oona ha o amohelehe ho Jehova.)
Mar. 7:6, 7: “A [Jesu] re ho bona [Bafarisi le bangoli ba Bajode]: Esaia o na a profete hantle bakeng sa lōna, lōna baikaketsi, kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Sechaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa lipelo tsa bona li hole le ’na. Empa ba ntšebelletsa lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.” (Ho sa tsotellehe hore na sehlopha se ipolela hore se rapela mang, haeba ba tšoarelletse lithutong tsa batho ho e-na le Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, borapeli ba bona ke ba lefeela.)
Ba-Roma 10:2, 3: “Ke paki ea bona, ea hore ba na le cheseho ho Molimo, empa e seng ka kelello. Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Molimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlas’a ho loka ha Molimo.” (Batho ba ka ’na ba e-ba le Lentsoe le ngotsoeng la Molimo empa ba haelloa ke tsebo e nepahetseng ea se ka ho lona, hobane ha baa ka ba rutoa ka nepo. Ba ka ’na ba ikutloa hore ba chesehela Molimo, empa e ka ’na eaba ha ba etse seo o se hlokang. Borapeli ba bona e ke ke ea e-ba bo khahlisang Molimo, na ha ho joalo?)
Na ke ’nete hore bolumeli bohle bo botle?
Malumeli a mangata a hlile a ruta hore motho ha a lokela ho bua leshano kapa ho utsoa, le tse ling tse joalo. Empa na hoo ho lekane? Na u ka thabela ho noa metsi a nang le mahloko a bolaeang feela hobane e mong a u tiiselitse hore boholo ba seo u se noang ke metsi?
2 Ba-Kor. 11:14, 15: ‘Satane le eena o ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka.’ (Mona re hlokomelisoa hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e simolohang ho Satane e ka ’nang ea bonahala e le mpe. O mong oa mekhoa e ka sehloohong eo a thetsang batho ka eona ebile bolumeli ba bohata ba mefuta-futa, boo bo bong ba bona a bo neang ponahalo ea ho loka.)
2 Tim. 3:2, 5: “Batho . . . ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.” (Ho sa tsotellehe hore na ba re ba rata Molimo kapa che, haeba bao u rapelang le bona ba sa sebelise Lentsoe la oona ka tieo bophelong ba bona, Bibele e u phehella hore u ikarohanye le ba joalo.)
Na ho loketse ho tlohela bolumeli ba batsoali ba motho?
Haeba seo batsoali ba rōna ba re rutileng sona se hlile se e-tsoa ka Bibeleng, re lokela ho tšoarella ho sona. Le haeba re ithuta hore mekhoa ea bona ea bolumeli le seo ba se lumelang ha li lumellane le Lentsoe la Molimo, batsoali ba rōna ba lokeloa ke tlhompho ea rōna. Empa ho thoe’ng haeba u ithuta hore mokhoa o itseng oa batsoali ba hao o ne o le kotsi bophelong ’me o ka khutsufatsa bophelo ba motho? Na u ka ba etsisa ’me ua khothalletsa le bana ba hao hore ba etse joalo, kapa na ka hlompho u ka arolelana le bona seo u ithutileng sona? Ka ho tšoanang, tsebo ea ’nete ea Bibele e tlisa boikarabelo. Haeba ho ka etsahala, re lokela ho arolelana le litho tsa malapa seo re ithutang sona. Re tlameha ho etsa qeto: Na re hlile re rata Molimo? Na re hlile re rata ho utloa Mor’a Molimo? Ha re etsa joalo ho ka ’na hoa re hloka hore re tlohele bolumeli ba batsoali ba rōna hore re nke borapeli ba ’nete. Ruri e ke ke ea e-ba ho loketseng ho lumella boinehelo ba rōna ho batsoali ba rōna hore bo phahamele lerato la rōna bakeng sa Molimo le Kreste, na ha ho joalo? Jesu o itse: “Ea ratang ntat’ae, leha e le ’m’ae haholo ho ’na, ha a ntšoanele; le ea ratang mor’a hae, leha e le morali oa hae haholo ho ’na, ha a ntšoanele.”—Matt. 10:37.
Josh. 24:14: “Ha ho le joalo, tšabang Jehova joale, le mo sebeletse ka sebele le ka ’nete; le lahle melimo eo bo-ntat’a lōna ba ileng ba e sebeletsa mose oane ho nōka, le Egepeta, ’me le sebeletse Jehova.” (Hoo ho ne ho bolela ho fetoha bolumeling ba bo-ntat’a bona moholo, na ha ho joalo? Ho sebeletsa Jehova ka ho amohelehang, ba ne ba tlameha ho lahla litšoantšo leha e le life tse neng li sebelisoa bolumeling bo joalo le ho hloekisa lipelo tsa bona takatsong leha e le efe ea lintho tse joalo.)
1 Pet. 1:18, 19: “Le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silevera le ka gauda le lopolotsoeng mokhoeng oa lōna oa lefeela, oo le neng le o rutiloe ke bo-ntat’a lōna; empa e le ka mali a bohlokoa a Kreste, Konyana e se nang letheba le sekoli.” (Kahoo, Bakreste ba pele ba ile ba furalla lineano tseo tsa bo-ntat’a bona moholo, e leng lineano tse neng li ke ke tsa ba nea bophelo bo sa feleng. Ho leboha sehlabelo sa Kreste ho ile hoa ba etsa hore ba chesehele ho lahla eng le eng e neng e etsa hore bophelo ba bona ebe bo se nang sepheo, bo se nang seo bo se bolelang hobane ba ne ba sa hlomphe Molimo. Na le rōna ha rea lokela ho ba le boikutlo bo joalo?)
Maikutlo a Bibele ke afe ka tumelo e kopanetsoeng?
Jesu o ile a talima baeta-pele ba bolumeli ba neng ba ikhakantse eka ba lokile empa ba hlompholla Molimo joang? “Jesu a re ho bona: Holane Molimo ke Ntat’a lōna, le ka be le nthata, kahobane ke tsoile ho Molimo, ’me ke tlile. Ha kea itlisa, empa ke oona o nthomileng. . . . Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano le ntate oa ea leshano, empa ’na, kahobane ke bolela ’nete, ha le ntumele. . . . ke ka baka leo le sa utloeng, hobane le se ba Molimo.”—Joh. 8:42-47.
Na ekaba ho bontša botšepehi ho Molimo le litekanyetso tsa oona tse lokileng haeba bahlanka ba oona ba ne ba ka kenyelletsa boeneng ba bolumeli batho ba itloaelitseng seo Molimo o se nyatsang kapa ba buellang mekhoa e joalo? “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena. . . . Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Kor. 5:11; 6:9, 10) “Ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” (Jak. 4:4) “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe! O sirela meea ea bakhethoa ba hae.”—Pes. 97:10.
2 Ba-Kor. 6:14-17: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela.”
Tšen. 18:4, 5: “Eaba ke utloa lentsoe le leng le tsoang leholimong, le re: Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.” (Bakeng sa lintlha tse ling, bona sehlooho se seholo “Babylona e Moholo.”)
Na ho ba setho sa bolumeli bo hlophisitsoeng hoa hlokahala?
Mekhatlo e mengata e hlophisitsoeng ea bolumeli e beile litholoana tse mpe. Hase ’nete ea hore lihlopha li hlophisitsoe e mpe. Empa tse ngata li ntšelitse pele mekhoa ea borapeli e theiloeng lithutong tsa bohata ’me haholo-holo e theiloe litšebeletsong ho e-na le ho fana ka tataiso ea ’nete ea moea; e sebelisitsoe hampe ho laola bophelo ba batho ka sepheo sa boithati; e amehile ka ho fetisisa ka ho bokella lichelete le matlo a majaba-jaba a borapeli ho e-na le melemo ea moea; litho tsa eona hangata ke baikaketsi. Ka ho hlakileng ha ho ea ratang ho loka ea neng a ka rata ho ba setho sa mokhatlo o hlophisitsoeng o joalo. Empa bolumeli ba ’nete bo fapane ka ho khathollang ha bo bapisoa le seo sohle. Leha ho le joalo, ho phethahatsa se hlokoang ke Bibele, bo tlameha ho hlophisoa.
Ba-Heb. 10:24, 25: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Ho phethahatsa taelo ena ea Mangolo, ho tlameha ho be le liboka tsa Bokreste tseo re ka eang ho tsona motheong oa kamehla. Tokisetso e joalo e re khothalletsa ho bontša lerato la rōna ho ba bang, e seng feela ho ameha ka borōna.)
1 Ba-Kor. 1:10: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (Bonngoe bo joalo bo ne bo ke ke ba finyelloa haeba batho ba ne ba sa kopane hammoho ’me ba rua molemo lenaneong le tšoanang la phepo ea moea, le ho hlonepha boemeli boo taeo e joalo e fanoang ka bona. Bona le Johanne 17:20, 21.)
1 Pet. 2:17: “Ratang banab’abo lōna bohle.” (Na hoo ho akarelletsa feela bao e ka ’nang eaba re kopana le bona bakeng sa borapeli lelapeng le itseng? Le hanyenyane; ke boena ba machaba, joalokaha ho bontšoa ho Ba-Galata 2:8, 9 le 1 Ba-Korinthe 16:19.)
Matt. 24:14: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Hore lichaba tsohle li neoe monyetla oa ho utloa Evangeli eo, ho tlameha hore ho boleloe ka tsela e laolehileng, ka bolebeli bo loketseng. Ho rata Molimo le batho ba bang, ho entse hore lefatšeng lohle batho ba tšoarane ka matsoho ho etsa mosebetsi ona.)
Bona le sehlooho se seholo “Mokhatlo o Hlophisitsoeng.”
Na hoo e hlileng e leng taba ke ho rata batho ba bang?
Ha ho pelaelo ka hoo, lerato le joalo ke la bohlokoa. (Ba-Roma 13:8-10) Empa ho ba Mokreste ho ama ho fetang feela ho ba mosa ho bao re ahisaneng le bona. Jesu o itse barutuoa ba hae ba ’nete ba ne ba tla khetholloa ka ho totobetseng ka ho ratana hoa bona, le ho rata balumeli bahabo bona. (Joh. 13:35) Bohlokoa ba seo bo hatisoa nako le nako ka Bibeleng. (Ba-Gal. 6:10; 1 Pet. 4:8; 1 Joh. 3:14, 16, 17) Leha ho le joalo, Jesu o bontšitse hore hoo e leng hoa bohlokoa haholoanyane ke lerato la rōna ho Molimo le bontšoang ke hore re utloe melao ea oona. (Matt. 22:35-38; 1 Joh. 5:3) Ho bontša lerato le joalo, ho hlokahala hore re ithute re be re sebelise Lentsoe la Molimo ’me re bokane le bahlanka hammoho le rōna ba Molimo bakeng sa borapeli.
Na ho ba le kamano ea botho le Molimo ke ntho eo e hlileng e leng ea bohlokoa?
Ruri ke ntho ea bohlokoa. Ho ba teng feela litšebeletsong tsa bolumeli ka mokhoa o tloaelehileng ho ke ke hoa nka sebaka sa hoo. Empa ho hlokahala hore re be seli. Hobane’ng? Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le batho ba neng ba nahana hore ba na le kamano e ntle le Molimo empa bao Jesu a bontšitseng hore ba ne ba fositse ka ho fetisisa. (Joh. 8:41-44) Moapostola Pauluse o ngotse ka ba bang bao ho bonahalang hore ba ne ba chesehela tumelo ea bona ’me ka ho totobetseng ba nahana hore ba na le kamano e ntle le Molimo empa ba sa utloisise se hlileng se hlokahalang e le hore ba ka amoheleha ho Molimo.—Ba-Roma 10:2-4.
Na re ka ba le kamano e ntle ea botho le Molimo haeba re nka melao ea oona e se ea bohlokoa hakaalo? O mong oa eona ke hore re bokane ka mehla le balumeli bahabo rōna.—Ba-Heb. 10:24, 25.
Haeba re ipalla Bibele ka bōrōna, na ho lekane?
Ke ’nete hore batho ba bangata ba ka ithuta ho hongata ka ho ipalla Bibele ka bo bona. Haeba sepheo sa bona e le ho ithuta ’nete ka Molimo le merero ea oona, seo ba se etsang se babatseha haholo. (Lik. 17:11) Empa, ho bua ’nete, na kannete re tla hle re utloisise bohlokoa bohle ba sona ntle ho thuso? Bibele e bolela ka monna ea neng a le boemong bo phahameng empa e le moikokobetsi ka ho lekaneng hore a lumele hore o hloka ho thusoa ho utloisisa boprofeta ba Bibele. Thuso eo e ile ea fanoa ka setho sa phutheho ea Bokreste.—Lik. 8:26-38; bapisa litšupiso tse ling tse buang ka Filippi ho Liketso 6:1-6; 8:5-17.
Haele hantle, haeba motho a bala Bibele empa a sa e sebelise bophelong ba hae, ha e mo tsoele molemo hakaalo. Haeba a e lumela, ’me a sebetsa tumellanong le eona, o tla kopanela le bahlanka ba Molimo libokeng tsa kamehla tsa phutheho. (Ba-Heb. 10:24, 25) Hape o tla ikopanya le bona ho arolelaneng “Evangeli” le batho ba bang.—1 Ba-Kor. 9:16; Mar. 13:10; Matt. 28:19, 20.
Motho a ka tseba joang hore na ke bolumeli bofe bo nepahetseng?
(1) Lithuto tsa bona li theiloe ho eng? Na li tsoa ho Molimo, kapa boholo ba tsona li tsoa ho batho? (2 Tim. 3:16; Mar. 7:7) Ka mohlala, ipotse: Ke hokae moo Bibele e rutang hore Molimo ke Boraro-bo-bong? Ke hokae moo e reng moea oa motho ha o shoe?
(2) Nahana hore na bo tsebahatsa lebitso la Molimo kapa che. Jesu thapelong ho Molimo o itse: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng.” (Joh. 17:6) A re: “Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.” (Matt. 4:10) Na bolumeli ba hao bo u rutile hore ‘ke Jehova eo u tlamehang ho mo rapela?’ Na u tseba Motho ea khetholloang ka lebitso leo—merero ea hae, mesebetsi ea hae, litšoaneleho tsa hae—hoo u ikutloang hore u ka mo atamela ka tšepo?
(3) Na tumelo ea ’nete ho Jesu Kreste e-ea bontšoa? Hona ho ama kananelo bakeng sa melemo ea sehlabelo sa bophelo ba botho ba Jesu le boemo ba hae kajeno e le Morena oa leholimo. (Joh. 3:36; Pes. 2:6-8) Kananelo e joalo e bontšoa ka ho utloa Jesu—ho kopanela ka bouena le ka cheseho mosebetsing oo a o abetseng balateli ba hae. Bolumeli ba ’nete bo na le tumelo e joalo e tsamaeang le mesebetsi.—Jak. 2:26.
(4) Na haholo-holo ke litšebeletso, tloaelo, kapa na ke tsela ea bophelo? Molimo o nyatsa ka matla bolumeli boo e leng tloaelo feela. (Esa. 1:15-17) Bolumeli ba ’nete bo phahamisa litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro le puo e hloekileng ho e-na le hore ka bofokoli re ee le mekhoa e ratehang. (1 Ba-Kor. 5:9-13; Ba-Ef. 5:3-5) Litho tsa bona li bonahatsa tholoana ea moea oa Molimo bophelong ba tsona. (Ba-Gal. 5:22, 23) Ka hona, ba khomarelang borapeli ba ’nete ba ka tsebahatsoa hobane ka tieo ba leka ho sebelisa litekanyetso tsa Bibele bophelong ba bona e seng feela ha ba le libakeng tsa bona tsa liboka empa le bophelong ba malapa a bona, moo ba sebetsang, sekolong, le boikhathollong.
(5) Na litho tsa bona li ratana kannete? Jesu o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Joh. 13:35) Lerato le joalo le tlōla moeli oa morabe, kahisano, le meeli ea bochaba, le atametsa batho hammoho boeneng ba ’nete. Lerato lena ke le matla hoo le ba khethollang e le ba fapaneng kannete. Ha lichaba li e-ea ntoeng, ke bo-mang ba ratang baena ba bona ba Bakreste ka ho lekaneng ba linaheng tse ling hoo ba hanang ho nka lihlomo le ho ba bolaea? Ke se ileng sa etsoa ke Bakreste ba pele.
(6) Na bo hlile bo arohile lefatšeng? Jesu o itse balateli ba hae ba ’nete e ne e sa tlo ba “ba lefatše.” (Joh. 15:19) Ho rapela Molimo ka mokhoa oo a o amohelang, ho hloka hore re ‘ipoloke lefatšeng re se na le lethebanyana.’ (Jak. 1:27) Na hoo ho ka boleloa ka bolumeli boo baruti ba bona le litho tse ling tsa bona ba amehileng lipolotiking, kapa bao bophelo ba bona bo likolohang haholo linthong tse bonahalang le litakatsong tsa nama?—1 Joh. 2:15-17.
(7) Na litho tsa bona ke lipaki tse mafolo-folo mabapi le ’Muso oa Molimo? Jesu o hlile a bolela: “Evangeli ena ea ’Muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Matt. 24:14) Ke bolumeli bofe bo hlileng bo bolelang ’Muso oa Molimo e le oona tšepo bakeng sa batho ho e-na le ho khothalletsa batho hore ba shebe bobusi ba batho hore bo rarolle mathata a bona? Na bolumeli ba hao bo u hlomelletse hore u kopanele mosebetsing oo, le hore u o etse ka ntlo le ntlo joalokaha Jesu a rutile baapostola ba hae hore ba etse?—Matt. 10:7, 11-13; Lik. 5:42; 20:20.
Na Lipaki tsa Jehova li lumela hore bolumeli ba tsona ke bona feela bo nepahetseng?
Bona maqephe 250, 251, tlas’a “Lipaki tsa Jehova.”
Ke hobane’ng ha batho ba bang ba e-na le tumelo ha ba bang ba e hloka?
Bona sehlooho se seholo “Tumelo.”
Haeba e Mong a Re—
‘Ha ke thahaselle bolumeli’
U ka ’na ua arabela: ‘Hoo ha ho ’makatse. Batho ba bangata ba ikutloa joaloka uena. Na nka botsa, Na haesale u ikutloa ka tsela eo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa nkhahla ebile ho fumana hore hoo e ka bang thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea sehlooho e rutoang likerekeng kajeno ha e fumanoe ka Bibeleng. (Mohlomong u ka sebelisa se fumanoang maqepheng 250, 251, tlas’a “Lipaki tsa Jehova,” u bolela ka ho khethehileng ka ’Muso. Ha ho bapisoa, supa seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang, joalokaha se thathamisitsoe maqepheng 246, 247.)’
Bona le maqephe 16, 17.
‘Ho na le boikaketsi bo bongata bolumeling’
U ka ’na ua arabela: ‘E, ke lumellana le uena. Ba bangata ba ruta hona empa ba phela ka tsela e ’ngoe. Empa mpolelle: U ikutloa joang ka Bibele? (Pes. 19:7-10)’
‘Ke phela bophelo bo botle. Ke tšoara baahelani ba ka hantle. Hoo ke bolumeli bo ntekaneng’
U ka ’na ua arabela: ‘Kaha u re u phela bophelo bo botle, ho totobetse hore u thabela bophelo, na ha ho joalo? . . . U ka rata joang ho phela tlas’a maemo a hlalositsoeng ho Tšenolo 21:4? . . . Hlokomela seo Johanne 17:3 e reng sea hlokahala hore u ka ba karolo ea hona.’
Bona le maqephe 76, 77.
‘Ha ke thahaselle bolumeli bo hlophisitsoeng. Ke lumela hore kamano ea botho le Molimo ke eona ea bohlokoa’
U ka ’na ua arabela: ‘Hoo hoa nkhahla. Na haesale u ikutloa ka tsela eo? . . . Na ho na le mohla u kileng ua kopanela le sehlopha sa bolumeli? . . . (Joale mohlomong u ka sebelisa taba e maqepheng 75-78.)’
‘Ha ke lumellane le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo kereke ea ka e e rutang, empa ha ke bone ho hlokahala ho fetohela ho e ’ngoe. Nka mpa ka sebeletsa ho ntlafatsa ea ka’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke ananela ha u mpolella hoo. Kea tiisa u tla lumela hore hoo e hlileng e leng hoa bohlokoa ho rōna bohle ke ho amoheloa ke Molimo, na ha ho joalo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Mona ho Tšenolo 18:4, 5 Molimo o re fa bohle ho hong ho tebileng hoo re ka nahanang ka hona. . . . Le haeba rōna ka borōna re sa etse lintho tse fosahetseng, Bibele e bontša hore re mali matsohong haeba re tšehetsa mekhatlo ena e hlophisitsoeng. (Bona le sehlooho se seholo “Babylona e Moholo.”)’ (2) (Mohlomong u ka sebelisa le taba e maqepheng 78, 79.) (3) ‘Molimo o batla batho ba ratang ’nete ’me o ba khobokanya hammoho bakeng sa borapeli bo kopaneng. (Joh. 4:23, 24)’
‘Malumeli ’ohle a lokile; u na le ba hao, le ’na ke na le ba ka’
U ka ’na ua arabela: ‘Ho totobetse hore u nahana ka mokhoa o batsi. Empa hape u-ua hlokomela hore bohle re hloka tataiso e fanoang ke Lentsoe la Molimo, ’me ke ka lona lebaka leo u nang le bolumeli, na ha ho joalo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Mona ho Mattheu 7:13, 14, Bibele e re nea tataiso e ’ngoe ea bohlokoa haholo ka mantsoe a Jesu. (E bale.) . . . Ke hobane’ng ha ho ka ba joalo?’
Bona le maqephe 71-73.
‘Hafeela u lumela ho Jesu, ha ho hlile ha ho tsotellehe hore na u kena kereke efe’
U ka ’na ua arabela: ‘Ha ho pelaelo, ho lumela ho Jesu ke hoa bohlokoa. ’Me ke nka hore ka ho rialo u bolela ho amohela sohle seo a ileng a se ruta. Ha ho pelaelo hore u hlokometse joalokaha ke hlokometse, hore ba bangata ba reng ke Bakreste ha ba hlile ha ba phelele seo lebitso leo le se emelang.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Hlokomela seo Jesu a se boletseng mona ho Mattheu 7:21-23.’ (2) ‘Ho na le bokamoso bo babatsehang bakeng sa ba hlileng ba tsotellang ho fumana hore na thato ea Molimo ke efe ebe baa e etsa. (Pes. 37:10, 11; Tšen. 21:4)’
‘Ke eng ho etsang hore u nahane hore ho na le bolumeli bo le bong feela bo nepahetseng?’
U ka ’na ua arabela: ‘Ntle ho pelaelo, ho na le batho ba tšepahalang hoo e ka bang bolumeling bo bong le bo bong. Empa hoo e hlileng e leng hoa bohlokoa ke seo Lentsoe la Molimo le se buang. Le bua ka litumelo tse kae tsa ’nete? Hlokomela se ngotsoeng mona ho Ba-Efese 4:4, 5.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Hoo ho lumellana le se boleloang ke litemana tse ling. (Matt. 7:13, 14, 21; Joh. 10:16; 17:20, 21)’ (2) ‘Ka hona, phephetso eo re tlamehang ho talimana le eona ke ho tseba bolumeli boo. Re ka bo tseba joang? (Mohlomong sebelisa taba e maqepheng 78, 79.)’ (3) (Bona le se maqepheng 246, 247, tlas’a sehlooho “Lipaki tsa Jehova.”)
‘Ke ipalla Bibele eaka lapeng ’me ke rapele Molimo bakeng sa kutloisiso’
U ka ’na ua arabela: ‘Na u se u atlehile ho bala Bibele kaofela?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Ha u ntse u sebeletsa ho seo, u tla fumana ntho e ’ngoe e thahasellisang haholo ho Mattheu 28:19, 20. . . . Hona ke hoa bohlokoa hobane ho bontša hore Kreste o sebelisa batho ba bang ho re thusa ho utloisisa se amehang hore motho ebe Mokreste oa sebele. Tumellanong le seo, Lipaki tsa Jehova li ithaopela ho etela batho malapeng a bona ka hora kapa nako eo ho ka lumellanoang ka eona beke le beke, ntle ho tefello, ho buisana le bona ka Bibele. Na nka nka metsotsoana e seng mekae ho u bontša hore na re ho etsa joang?’
Bona le maqephe 77, 78.
‘Ke nahana hore bolumeli ke ntho ea motho ka mong’
U ka ’na ua arabela: ‘Ao ke maikutlo a tloaelehileng mehleng ena, ’me haeba batho ba hlile ba sa thahaselle molaetsa oa Bibele, ka thabo re fetela malapeng a mang. Empa na u kile ua hlokomela hore lebaka leo ke u etetseng ka lona ke hobane ke sona seo Jesu a se laetseng balateli ba hae hore ba se etse? . . . (Matt. 24:14; 28:19, 20; 10:40)’