Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 157-leq. 162
  • Ho Nkoa ka ’Mele oa Nama

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nkoa ka ’Mele oa Nama
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haeba e Mong a Re—
  • Jesu Kreste
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • ‘Ho Nkeloa ho ea Kopana le Morena’—Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Poloko
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na U tla Nkeloa Leholimong?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 157-leq. 162

Ho Nkoa ka ’Mele oa Nama

Tlhaloso: Tumelo ea hore Bakreste ba khabane ba tla tlosoa lefatšeng ka ho nkoa ka ’mele, ba nkoe ka tšohanyetso lefatšeng, hore ba ee ho kopana le Morena “sebakeng.” Batho ba bang ba utloisisa hore mantsoe “ho nkoa ka ’mele oa nama” ke tlhaloso ea 1 Ba-Thessalonika 4:17. Mantsoe “ho nkoa ka ’mele oa nama” ha a hlahe ka Mangolong a bululetsoeng.

Ha moapostola Pauluse a ne a re Bakreste ba ne ba tla ‘nkeloa’ ho ea ba le Morena, o ne a bua ka taba efe?

1 Ba-Thess. 4:13-18: “Banab’eso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ea ba ithobaletseng [“ba robetseng lefung,” NE; “ba shoeleng,” TEV, JB], le tle le se ke la hlomoha joale ka ba bang ba se nang tšepo. Hobane ha re lumetse hoba Jesu o kile a shoa, a ba a tsoha, le hona re tšoanetse ho lumela hoba ba ithobaletseng, Molimo o tla ba tsosa ka Jesu, ’me o ba hlahise le eena. Re fela re le bolella ka polelo ea Morena, hore, ha e le rōna ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka ba robetseng. Hobane Morena ka sebele o tla theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Ebe moo, rōna ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkeloang marung hammoho le bona, ho ea khahlanyetsa Morena sebakeng; ’me ka mokhoa o joalo, re tla ba le Morena ka mehla. Ka baka leo, le ke le tšelisane ka lipolelo tseo.” (Ka ho hlakileng litho tse ling tsa phutheho ea Bokreste ea Thessalonika li ne li shoele. Pauluse o ne a khothatsa ba setseng hore ba tšelisane ka tšepo ea tsoho. A ba hopotsa hore Jesu o ile a tsosoa kamorao ho lefu la hae; ka hona, le ho tleng hoa Morena, Bakreste bao ba khabane ba neng ba shoele har’a bona ba ne ba tla tsosetsoa ho ea ba le Kreste.)

Ke bo-mang ba tla ‘nkeloa marung,’ joalokaha ho boletsoe ho 1 Ba-Thessalonika 4:17?

Temana ea 15 e hlalosa hore ke ba khabane “ba tlang ho . . . salla ho tla ha Morena,” ke hore, ba sa ntsane ba phela nakong ea ha Kreste a e-tla. Na ba tla ke ba shoe? Ho latela Ba-Roma 6:3-5 le 1 Ba-Korinthe 15:35, 36, 44 (tse qotsitsoeng leqepheng 159), ba tlameha ho shoa pele ba ka fumana bophelo ba leholimo. Empa ha ho hlokahale hore ba hlole lefung ba emetse ho khutla hoa Kreste. Ba tla ‘nkeloa marung,’ “ka ho panya ha leihlo,” ho ea ba le Morena.—1 Ba-Kor. 15:51, 52, le Tšenolo 14:13.

Na Kreste o tla hlaha a bonahala lerung ebe joale o nkela Bakreste ba khabane maholimong lefatše le ntse le shebelletse?

Na Jesu o boletse hore na lefatše le tla mo bona hape ka mahlo a lona a nama kapa che?

Joh. 14:19: “Ho se ho se hokae, ’me lefatše ha le sa tla mpona; empa lōna [barutuoa ba hae ba khabane] le tla mpona; ereka ha ’na ke phela, le lōna le tla phela.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) (Bapisa 1 Timothea 6:16.)

‘Ho theoha ha Morena leholimong’ ho bolela eng?

Na Morena a ka “theoha leholimong,” joalokaha ho boletsoe ho 1 Ba-Thessalonika 4:16, a sa bonahale mahlong a nama? Mehleng ea Sodoma le Gomorrha tsa boholo-holo, Jehova o ile a re o tla ‘theoha a tle a bone’ seo batho ba neng ba se etsa moo. (Gen. 18:21) Empa ha Jehova a etsa tlhahlobo eo, ha ho motho ea ileng a mo bona, le hoja ba ile ba bona manģosa a mangeloi ao a ileng a a roma. (Joh. 1:18) Ka ho tšoanang, ho sa hlokahale hore a ka khutla ka nama, Jesu o ne a ka lebisa tlhokomelo ea hae ho balateli ba khabane ba hae ba lefatšeng ho ba putsa.

Ke ka kutloisiso efe, he, batho ba tla “bona” Morena “a e-tla ka leru”?

Jesu o ile a profeta: “Ke moo ba tla bona Mor’a motho [Jesu Kreste] a e-tla ka leru, ka matla le ka khanya e kholo.” (Luka 21:27) Ha ho tsela eo ka eona polelo ena kapa tse kang eona tse mangolong a mang li hananang le seo Jesu a se buileng se ngotsoeng ho Johanne 14:19. Nahana: Thabeng ea Sinai, ho ile hoa etsahala joang ha Molimo ‘a tla ho sechaba lerung le letenya,’ joalokaha ho boletsoe ho Exoda 19:10? Molimo o ne o le teng o sa bonahale; sechaba sa Iseraele se ile sa bona bopaki bo totobetseng ba boteng ba oona, empa ha ho lea mong ho bona ea hlileng a bona Molimo ka mahlo. Ka hona, ha Jesu a ne a re o tla tla “ka leru,” le eena o tlameha ebe o ne a bolela hore o ne a sa tlo bonahala mahlong a batho empa hore batho ba ne ba tla lemoha hore o teng. Ba ne ba tla mo “bona” ka mahlo a bona a kelello, ba lemoha ’nete ea hore o teng. (Bakeng sa lintlha tse ling, bona sehlooho se seholo “Ho Khutla Hoa Kreste.”)

Na ho bonolo hore Bakreste ba nkeloe leholimong ka ’mele ea bona ea nama?

1 Ba-Kor. 15:50: “Seo ke mpang ke se bolela, banab’eso, ke hoba nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo, ’me ho bola ho ke ke ha e-ja lefa la ho sa boleng.”

Na phihlelo ea moprofeta Elia e hanyetsa see? Le hanyenyane. E tlameha ho utloisisoa leseling la polelo e hlakileng ea Jesu makholo a lilemo hamorao: “Ha ho ea kileng a nyolohela leholimong, ha e se ea theohileng leholimong, e leng Mor’a motho.” (Joh. 3:13) Le hoja Elia a ile a bonoa ha a “nyolohela maholimong ka setsokotsane,” hona ha ho bolele hore o ile a kena sebakeng sa moea. Hobane’ng? Hobane hamorao ho tlalehoa a ile a romela lengolo la khalemelo ho morena oa Juda. (2 Mar. 2:11; 2 Likron. 21:1, 12-15) Pele batho ba qapa lifofane, mono Jehova o ile a sebelisa mokhoa oa hae (koloi ea mollo le setsokotsane) ho phahamisetsa Elia leholimong moo linonyana li fofang le ho mo isa sebakeng se seng.—Bapisa Genese 1:6-8, 20.

Ebe mohlomong Bakreste ba khabane ba tla nkeloa leholimong ka lenyele, ba nyamele feela lefatšeng ba sa shoe?

Ba-Roma 6:3-5: “Ana ha le tsebe hobane rōna bohle ba kolobelelitsoeng ho Jesu Kreste, re kolobelelitsoe lefung la hae na? . . . Hobane ekare ha re entsoe setlama se le seng le eena ka ho tšoana le eena lefung la hae, re tla ba joalo le tsohong ea hae.” (Se etsahetseng tabeng ea Jesu se beile mohlala. Barutuoa ba hae hammoho le ba bang ba tsebile hore o shoele. Ha a ka a khutlisetsoa bophelong ba leholimo ho fihlela kamorao ho lefu la hae le tsoho ea hae.)

1 Ba-Kor. 15:35, 36, 44: “E mong o tla re: Bafu ba tsoha joang? ba tla hlaha ka ’mele o joang? Sethoto ke uena! See u se jalang se ke ke sa phela, ha se sa shoe pele . . . o jaloa e le ’mele oa nama, o tla tsoha e le ’mele oa moea.” (Ka hona lefu le tla pele motho a amohela ’mele oo oa moea, na ha ho joalo?)

Na Morena o tla tlosa Bakreste bohle ba khabane ka mohlolo lefatšeng pele ho mahlomola a maholo?

Matt. 24:21, 22: “Mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hoja matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.” (Hona ha ho bolele hore “bakhethoa” ba tla be ba nketsoe leholimong kaofela pele ho mahlomola a maholo, na ho joalo? Ho e-na le hoo, bona hammoho le metsoalle ea bona e nameng, ho ba tšoaretse tebello ea ho phonyoha mahlomola ao a maholo lefatšeng.)

Tšen. 7:9, 10, 14: “Ka mora’ tseo, ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana. . . . Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo.” (Hore motho a ‘tsoe’ nthong o tlameha a kene ho eona kapa a be ho eona. Ka hona bongata bona bo boholo e tlameha e be batho ba hlileng ba e-ba mahlomoleng a maholo ’me ba tsoa ho oona e le baphonyohi.) (Mabapi le ho ba hoa bona lefatšeng, bona maqephe 229, 230.)

Bakreste ba ’nete ba tla ba le tšireletso efe mahlomoleng a maholo?

Ba-Roma 10:13: “Mang le mang ea rapelang lebitso la Morena [“Jehova,” NW], o tla bolokeha.”

Sof. 2:3: “Batlang Jehova [“MORENA,” RS], baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” (Le Esaia 26:20)

Ebe mohlomong Bakreste bohle ba khabane ba tla nkeloa leholimong kamorao ho mahlomola a maholo?

Matt. 5:5: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.”

Pes. 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, [“naha,” RS] ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Le litemana 10, 11, 34)

1 Ba-Kor. 15:50: “Nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo.”

Bona le sehlooho se seholo “Leholimo.”

Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba nkeloa leholimong ho ea ba le Kreste?

Tšen. 20:6: “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.” (Kaha ba tla busa le Kreste, ho tlameha ho be le batho bao ba tla ba busa. Ke bafe? Bona Mattheu 5:5 le Pesaleme ea 37:29.)

Bona le sehlooho se seholo “Ho Tsoaloa la Bobeli.”

Na ba eang leholimong ba tla khutlisetsoa lefatšeng hamorao ho tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng?

Liprov. 2:21, RS: “Ba lokileng ba tla aha naheng [“lefatšeng,” Bibele ea Sesotho, NE], ’me ba hloekileng ba tla sala ho lona.” (Hlokomela hore temana ha e re batho ba joalo ba lokileng ba tla khutlela lefatšeng empa e re ba tla sala ho lona.)

1 Ba-Thess. 4:17: “Ka mokhoa o joalo, re [Bakreste ba khabane ba nkeloang leholimong] tla ba le Morena ka mehla.”

Haeba e Mong a Re—

‘Na u lumela ho nkoeng ka ’mele oa nama?

U ka ’na ua arabela: ‘Ke fumane hore maikutlo a batho ha a tšoane ka hore na ho nkoa ka ’mele oa nama ho bolela eng. Na nka botsa hore na maikutlo a hao ke afe ka hona? . . . Tabeng efe le efe, ho molemo ho bapisa maikutlo a rōna le seo Bibele e se buang. (Sebelisa likarolo tse loketseng tsa taba e kaholimo.)’

Kapa u ka re: ‘Ke hlaloselitsoe ho nkoa ka ’mele e le tokisetso ea ho phonyoha bakeng sa Bakreste. Ba bangata ba ikutloa hore ena ke tsela eo ka eona ba tla phonyoha mahlomola a maholo a tlang. Na ke kamoo u ikutloang kateng?’ ’Mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ka sebele re batla tšireletso ea Molimo ka nako eo, ’me ke fumana mangolo a mang a re bontšang kamoo re ka ruang molemo ka eona e le a khothatsang haholo. (Sof. 2:3)’ (2) ‘Ho khahlisang, Bibele e bontša hore Molimo o tla sireletsa ba bang ba khabane hona mona lefatšeng. (Liprov. 2:21, 22) Hoo ho lumellana le morero oa Molimo ha o qala ho bōpa Adama ’me o mo bea Paradeiseng, na ha ho joalo?’

Monyetla o mong: ‘Ka ho nkoa ka ’mele oa nama u bolela hore Bakreste ba phelang qetellong ea tsamaiso ea lintho ba tla nkeloa leholimong, na ho joalo? . . . Na u kile ua ipotsa hore na ba tla etsa joang ha ba fihla leholimong? . . . Hlokomela hore na Tšenolo 20:6 le 5:9, 10 li re’ng. . . . Empa ba tla busa bo-mang? (Pes. 37:10, 11, 29)’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela