Khaolo ea 48
Ha a Tloha ha Jairuse Le ha a Etela Nazaretha Hape
JESU o qetile letsatsi leo a phathahane—ke leeto la leoatleng ho tloha Dekapolise, ho phekola mosali ea nang le phallo ea mali, le ho tsosa morali oa Jairuse. Empa letsatsi ha le e-s’o likele. Ka ho hlakileng ha Jesu a tloha ha Jairuse, banna ba babeli ba lifofu ba mo sala morao, ba hoeletsa: “Mor’a Davida, u re utloele bohloko.”
Ka ho bitsa Jesu “Mor’a Davida,” banna bana ba bontša mona hore ba lumela hore Jesu ke mojalefa teroneng ea Davida le hore ke Messia ea tšepisitsoeng. Leha ho le joalo, Jesu o bonahala a iphapanyetsa lillo tsa bona tsa ho batla thuso, mohlomong e le ho leka ho phehella ha bona. Empa banna bao ha ba tele. Ba sala Jesu morao ho ea moo a lulang, ’me ha a kena ka tlung, ba mo sala morao ba kena le eena.
Joale Jesu oa botsa: “Na lea lumela hore nka tseba ho etsa hoo na?”
Ba arabela ka tšepo, “E, Morena.”
Ka hona, Jesu o ama mahlo a bona, ’me o re: “Le etsetsoe kamoo le lumetseng kateng.” Hang-hang ba qala ho bona! Joale Jesu o ba laela ka matla: “Iponeleng, hore taba eo e se ke ea tsejoa ke motho.” Empa ba tletse thabo, ba iphapanyetsa taelo ea Jesu ’me ba bua ka eena hohle naheng eo.
Hang ha banna bana ba tsamaea, batho ba tlisa monna ea nang le modemona eo o mo entseng semumu. Jesu o leleka modemona, ’me hang-hang monna eo o qala ho bua. Matšoele a hlolloa ke mehlolo ena, ’me a re: “Taba e joalo ha e e-so ho ka e bonoa Iseraeleng!”
Bafarisi le bona ba teng. Ba ke ke ba latola mehlolo ena, empa ka ho hloka tumelo ha bona ho khopo, ba pheta qoso ea bona ka mohloli oa mesebetsi ea Jesu e matla, ba re: “O leleka bademona ka morena oa bademona.”
Nakoana ka mor’a liketsahalo tsena, Jesu o khutlela ha habo Nazaretha, lekhetlong lena a tsamaea le barutuoa ba hae. Hoo e ka bang selemo pejana, o ne a ile a etela synagogeng a ba a ruta. Le hoja pele batho ba ile ba hlolloa ke mantsoe a hae a monate, hamorao ba ile ba khopisoa ke thuto ea hae ’me ba leka ho ’molaea. Joale, ka mohau, Jesu o etsa boiteko bo bong ba ho thusa baahelani ba hae ba pele.
Le hoja libakeng tse ling batho ba phuthehela ho Jesu, mona ho bonahala ba sa etse joalo. Kahoo, ka Sabbatha, o ea synagogeng ho ea ruta. Ba bangata ba mo utloang baa hlolloa. Baa botsa, “Na enoa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae? Na enoa hase mora oa ’metli na? Ha re re, ’m’ae ke ea bitsoang Maria? Le banab’abo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na? Bo-khaitselie le bona ha ba moo ho rōna kaofela ha bona? Na tseo tsohle enoa o li nkile kae na?”
Ba phea khang ea hore, ‘Jesu e ntse e le motho oa sebaka sena joale ka rōna. Re ’mone ha a hōla ’me re tseba lelapa labo. E ka ba Messia joang?’ Kahoo ho sa tsotellehe bopaki bohle—bohlale ba hae bo boholo le mehlolo ea hae—baa mo latola. Esita le beng ka eena ka baka la kamano ea bona e haufi-ufi, baa khopiseha ke eena, ’me ba etsa hore Jesu a fihlele qeto ea hore: “Moprofeta o hlomphuoa hohle haese motseng oa habo har’a beng ka eena, le tlung eabo feela.”—TLP.
Ka sebele, Jesu o makatsoa ke ho hloka tumelo ha bona. Ka hona haa ka etsa mehlolo e meng mono ntle le ho beha matsoho holim’a batho ba seng ba kae ba kulang le ho ba phekola. Mattheu 9:27-34; 13:54-58; Mareka 6:1-6; Esaia 9:7.
▪ Ka ho bitsa Jesu “Mor’a Davida,” ke eng seo banna ba lifofu ba bontšang hore baa se lumela?
▪ Ke tlhaloso efeng bakeng sa mehlolo ea Jesu eo Bafarisi ba itšoarellang ho eona?
▪ Ke hobane’ng ha e le ka mohau hore Jesu a khutle ho ea thusa bao ba leng Nazaretha?
▪ Jesu o amoheloa joang Nazaretha, hona hobane’ng?