Khaolo ea 59
Hantle-ntle Jesu ke Mang?
HA SEKETSOANA se palamisitseng Jesu le barutuoa ba hae se fihla Bethsaida, batho ba tlisa sefofu ho eena ’me ba mo kōpa hore a se ame le ho se folisa. Jesu o tšoara sefofu ka letsoho o tsoela le sona ka ntle ho motse ’me, ka mor’a ho tšoela mathe mahlong a sona, a ntoo se botsa: ‘U bona’ng?’
Sefofu sa araba, “Ke batho, hobane ke ba bona ba tsamaea, eka lifate.” Ka ho bea matsoho a hae mahlong a sefofu, Jesu o etsa hore se bone hantle. Joale Jesu o romela sefofu hae ka taelo ea hore se se ke sa kena motseng.
Joale Jesu o tloha le barutuoa ba hae ho ea metsaneng ea Cesarea oa Filippi, leboea le hōle la Palestina. Ke moepa o molelele o ka bang lik’hilomithara tse 48, ho ea sebakeng se setle sa Cesarea oa Filippi, limithara tse 350 ka holim’a leoatle. Mohlomong leeto le nka matsatsi a se makae.
Ha ba le tseleng, Jesu o kheloha a le mong ho ea rapela. Ho setse feela khoeli tse ka bang robong kapa leshome pele ho lefu la hae, ’me o amehile ka barutuoa ba hae. Ba bangata ba se ba khaolitse ho mo latela. Ho bonahala ba bang ba ferekane le ho soaba kahobane a hanne boiteko ba batho ba ho mo etsa morena leha a phepetsoa ke lira tsa hae, haa ka etsa pontšo e tsoang leholimong ho paka borena ba hae. Baapostola ba hae ba lumela eng ka boitsebahatso ba hae? Ha a khutla moo a neng a ile ho ea rapela, Jesu oa botsa: “Batho ba re ke mang na”?
Ba bang ba araba: “Ba bang ba re, u Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re, u Elia; ba bang ba re, u Jeremia, kapa e mong oa baprofeta.” E, batho ba nahana hore Jesu ke e mong oa batho bana ba tsositsoeng bafung!
Jesu a botsa, “Lōna, le re, ke mang na?”
Ka potlako Petrose a araba: “U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.”
Ka mor’a ho lumela karabo ea Petrose, Jesu a re: “Ke re ho uena, u Petrose, ’me ka holim’a lejoe leo, ke tla haha phutheho ea ka, ’me likhoro tsa nģalo ea bafu ha li ka ke tsa e hlōla.” Mona ke lekhetlo la pele Jesu a tsebisa hore o tla haha phu- theho le hore esita le lefu le ke ke la etsa litho tsa eona makhoba kamor’a tsela ea bona ea botšepehi lefatšeng. Joale a bolella Petrose: “Ke tla u nea linotlolo tsa ’muso oa maholimo.”
Ka hona Jesu o senola hore Petrose o tla amohela litokelo tse khethehileng. Che, Petrose haa beoe boemong bo ka pele ho ba baapostola ba bang, leha e le hore o etsoa motheo oa phutheho. Jesu ka boeena ke Lejoe leo phutheho ea hae e tla ahuoa holim’a lona. Empa Petrose o filoe linotlolo tse tharo tseo ka tšoantšetso, a neng a tla bula ka tsona monyetla oa ho kena ’Musong oa maholimo.
Petrose o sebelisitse senotlolo sa pele ka Pentekonta ea 33 C.E. ha a ne a bontša Bajode ba bakileng hore ba lokela ho etsa’ng hore ba bolokehe. O ne a tla sebelisa senotlolo sa bobeli hamorao ha a bulela Basamaria ba lumetseng monyetla oa ho kena ’Musong oa Molimo. Joale, ka 36 C.E. o ne a tla sebelisa senotlolo sa boraro ho bulela Balichaba ba sa bollang, Kornele le metsoalle ea hae, monyetla o tšoanang.
Jesu o tsoela pele ka moqoqo oa hae le baapostola ba hae. O ba soabisa ka ho ba bolella ka bohloko le lefu tseo a tla talimana le tsona Jerusalema. A sitoa ho utloisisa hore Jesu o ne a tla tsosetsoa bophelong ba leholimo, Petrose o bitsetsa Jesu ka thōko. A re: “Morena, u ikutloele bohloko, tse joalo li ke ke tsa u hlahela.” Ha a retelehela ho eena, Jesu a araba: “Tloha ho ’na Satane, u khopiso ho ’na, hobane ha u utloe tsa Molimo, u utloa tsa batho feela.”
Ka ho hlakileng, ba bang ka ntle ho baapostola ba tsamaea le Jesu, joale o ba bitsetsa ho eena ho ba hlalosetsa hore ha ho bonolo ho ba molateli oa hae. A re: “Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ’me a ntšale morao. Hobane e mong le e mong ea ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timelloa ke jona; empa e mong le e mong ea timelloang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana.”
E, balateli ba Jesu ba tlameha ho ba sebete le ho iketsa sehlabelo haeba ba tla ipaka ba tšoaneloa ke mohau oa hae. Oa bolela: “Hobane e mong le e mong ea hlajoang ke lihlong ka ’na le ka litaba tsa ka pel’a moloko ona o mofebi, o moetsalibe, le eena Mor’a motho o tla mo hlabeloa lihlong, mohla a tlang ka khanya ea hae, le ea Ntat’ae, le ea mangeloi a halalelang.” Mareka 8:22-38; Mattheu 16:13-28, NW; Luka 9:18-27.
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a amehile ka barutuoa ba hae?
▪ Ke maikutlo afe ao batho ba nang le ’ona ka hore na Jesu ke mang?
▪ Ke linotlolo life tseo Petrose a li filoeng, ’me li sebelisitsoe joang?
▪ Ke khalemelo efe eo Petrose a e amohetseng, hona hobane’ng?