Khaolo ea 60
Ho Bona Khanya ea Kreste ’Musong Pele ho Nako
JESU o tlile likarolong tsa Cesarea oa Filippi, ’me o ruta letšoele hammoho le barutuoa ba hae. O etsa tsebiso ena e makatsang ho bona: “Ka ’nete ke re ho lōna: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utloa ho shoa, ba e-so ho bone Mor’a motho a e-tla ’musong oa hae.”
E tlameha ebe barutuoa ba ile ba ipotsa, ‘E be Jesu o ne a bolela eng?’ Hoo e ka bang beke hamorao, Jesu o nka Petrose, Jakobo, le Johanne ’me o tsamaea le bona ho hloa thaba e telele. Mohlomong ke bosiu, kaha barutuoa baa otsela. Ha Jesu a ntse a rapela, o fetoha ka pele ho bona. Sefahleho sa hae se qala ho khanya joaloka letsatsi, ’me liaparo tsa hae li khanya joaloka leseli.
Joale ho hlaha litšoantšo tse peli tsa batho tse ileng tsa tsebahatsoa e le “Moshe le Elia,” ’me li qala ho buisana le Jesu ka ‘leeto la hae la ho tloha Jerusalema.’ Ka ho totobetseng leeto leo le ne le supa lefu la Jesu le tsoho ea hae e neng e tla tla ka morao ho moo. Ka hona puisano ena e paka hore lefu la hae le nyelisang hase ntho e ’ngoe e lokelang ho qobjoa, joalokaha Petrose a ne a lakalitse.
Ba hlaphohetsoe ka ho feletseng, barutuoa ba shebella le ho mamela ba hloletsoe. Le hoja hona e le pono, e bonahala e le ea ’nete hoo Petrose a qalang ho kopanela ketsahalong, a re: “Morena, ho molemo ha re ka lula mona; ha u rata, a re keng re etse metlotloane e meraro mona; o mong e be oa hao, o mong e be oa Moshe, o mong e be oa Elia.”
Ha Petrose a ntse a bua, leru le khanyang le ba koahela, ’me lentsoe le tsoang lerung la re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena; mo utloeng!” Ha ba utloa lentsoe leo, barutuoa ba oa ka lifahleho. Empa Jesu o re: “Tsohang, le se ke la tšaba.” Ha ba tsoha, ba bona ho se motho haese Jesu.
Ha ba le tseleng ba theoha thabeng ka letsatsi le hlahlamang, Jesu o ba laela hore: “Pono eo le se ke la e bolella motho Mor’a motho a e-so ho tsohe bafung.” Ho ba teng ha Elia ponong ho phahamisa potso ka likelellong tsa barutuoa. Ba botsa, “Na ke ho re’ng, ha bangoli ba re: E ka khona Elia a tle pele?”
Jesu oa araba, “Elia o se a tlile, ’me ha ba ka ba mo tseba.” Leha ho le joalo, Jesu o bua ka Johanne Mokolobetsi, ea ileng a phetha karolo e tšoanang le ea Elia. Johanne o ile a hleka tsela bakeng sa Kreste, joalokaha Elia a ile a etsa joalo bakeng sa Elisha.
Pono ee e ipaka e le e matlafatsang hakaakang ho Jesu le barutuoa ba hae! Kamoo ho leng kateng, pono eo e ne e le ho bona pele ho nako ea khanya ea Kreste ’Musong. Ha e le hantle, barutuoa ba bone “Mor’a motho a e-tla ’musong oa hae,” joalokaha Jesu a ne a ile a tšepisa beke pejana ho moo. Ka mor’a lefu la Jesu, Petrose o ile a ngola hore bona ‘e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa ho tlotlisoa ha Jesu ha ba ne ba e-na le eena thabeng e halalelang.’
Bafarisi ba ne ba batlile hore Jesu a ba nehe pontšo ho paka hore e ne e le eena eo ho tšepisitsoeng ka Mangolong hore e tla ba Morena ea khethiloeng ke Molimo. Ha baa ka ba neoa pontšo e joalo. Ka lehlakoreng le leng, barutuoa ba haufi-ufi le Jesu ba lumelloa ho bona ho fetoloa ha Jesu e le tiiso ea boprofeta ba ’Muso. Ke ka hona Petrose a ileng a ngola hamorao: “Hape, re na le litaba tsa boprofeta, tse tiisitsoeng ka ho fetisisa.”
Mattheu 16:13, 28-17:13, NW; Mareka 9:1-13; Luka 9:27-37; 2 Petrose 1:16-19.
▪ Ba bang pele ba bona lefu ba ile ba bona Jesu a e-tla ’Musong oa hae joang?
▪ Moshe le Elia ba ne ba buisana le Jesu ka eng ponong?
▪ Ke hobane’ng ha pono ee e ne e le thuso e matlafatsang hakaale ho barutuoa?