Khaolo ea 62
Thuto ea Boikokobetso
KA MOR’A ho folisa moshanyana ea kenoeng ke modemona sebakeng se haufi le Cesarea oa Filippi, Jesu o lakatsa ho khutlela hae Kapernauma. Leha ho le joalo, o batla ho ba le barutuoa ba hae feela leetong leo e le hore a ka ba koetlisa ka ho feletseng bakeng sa lefu la hae le boikarabelo ba bona ka morao ho moo. Oa ba hlalosetsa: “Mor’a motho o tla neeloa matsohong a batho; ba tla ’molaea, ’me hobane a bolaoe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.”
Le hoja Jesu a buile ka sena pejana, ’me baapostola ba bararo ba hlile ba bona ho fetoloa ha hae; e leng nako eo ka eona ho ileng ha buisanoa ka ‘leeto’ la hae, balateli ba hae ba ntse ba sa utloisise taba eo. Le hoja ho se lea mong oa bona ea lekang ho latola hore o tla bolaoa, joalokaha Petrose a ile a etsa pejana, ba tšaba ho mo botsa ka ho eketsehileng ka hona.
Qetellong ba kena Kapernauma, eo e ’nileng ea e-ba setsi sa bona nakong ea tšebeletso ea Jesu. Hape ke ha habo Petrose le baapostola ba bang ba bangata. Ha ba le moo, banna ba bokellang lekhetho la tempele ba atamela Petrose. Mohlomong ba leka ho tsoakelletsa Jesu tlōlong e ’ngoe ea moetlo o amoheloang, baa botsa: “Ana moruti oa lōna ha a ntše didrakema [lekhetho la tempele] na?”
Petrose oa araba: “Che, oa e ntša.”
Jesu, le hoja e ka ’na eaba o ile a fihla ka tlung nakoana ka mor’a moo, o hlokomela se etsahetseng. Kahoo le pele Petrose a ka bua ka taba eo, Jesu oa botsa: “Ho joang ho uena, Simone? Marena a lefatše a nka lekhetho la khoebo le la lehae ho bafe? Na a ke ho bana ba ’ona, kapa a ke ho ba lichaba tse ling na?”
Petrose oa araba, “Ke ho ba lichaba tse ling.”
Jesu o re, “Ha ho le joalo bana ba bona ba lokolohile lekhethong.” Kaha Ntat’a Jesu ke Morena oa bokahohleng, Eena ea rapeloang tempeleng, ka molao ha ho hlile ha ho hlokahale hore Mor’a Molimo a lefe lekhetho la tempele. Jesu o re, “Empa ka ho re, re se ke ra ba khopisa, e-ea leoatleng, u akhele selope teng, ’me u tšoase hlapi e tla phahama pele; etlare ha u e ahlamisa molomo, u tla fumana chelete ea statera [lidrakema tse ’nè] teng; u e nke, u ba nee eona, e lefelle ’na le uena.”
Ha barutuoa ba phuthehile ka mor’a ho khutlela ha bona Kapernauma, mohlomong ba le tlung ea Petrose, baa botsa: “E moholo ’musong oa maholimo ke mang na?” Jesu oa tseba hore na potso ea bona e hlahisoa ke eng, kaha a ile a hlokomela se neng se etsahala har’a bona ha ba ntse ba e-tla ba mo setse morao ho khutleng ha bona Cesarea oa Filippi. Kahoo oa botsa: “Le ne le tsekisana ka life tseleng?” Ka ho hlabjoa ke lihlong, barutuoa baa thōla, hobane ba ne ba phehisane khang ka hore na e moholo e ne e tla ba mang har’a bona.
Ka mor’a hoo e batlang e le lilemo tse tharo tsa ho ruta ha Jesu, na ho bonahala e le ho makatsang hore barutuoa ba ne ba ka etsa khang e joalo? Koana, hoo ho senola tšusumetso e matla ea ho se phethahale ha botho, ’moho le ea phihlelo ea bolumeli. Bolumeli ba Sejode boo barutuoa ba neng ba hōletse ho bona bo ne bo hatella boemo le bophahamo litšebelisanong tsohle. Ho feta moo, mohlomong Petrose, ka baka la tšepiso ea Jesu ea ho fumana “linotlolo” tse itseng tsa ’Muso, o ne a ikutloa a ba phahametse. E ka ’na eaba Jakobo le Johanne, ba ile ba e-ba le likhopolo tse tšoanang ka baka la ho neoa tlotla ea ho bona ka mahlo ho fetoloa ha Jesu.
Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, Jesu o etsa pontšo e susumetsang ka boiteko ba ho lokisa boikutlo ba bona. O Bitsa ngoana, o mo emisa har’a bona, o mo kopa ka matsoho, ’me o re: “Ha le sa fetohe, la ba joale ka bana, ha le ka ke la kena ’musong oa maholimo. Ka baka leo, e mong le e mong ea ikokobetsang joale ka ngoana enoa, ke eena eo e leng e moholo ’musong oa maholimo; ’me e mong le e mong ea amohelang ngoana ea joale ka enoa ka lebitso la ka, o amohela ’na.”
Ke tsela e tsotehang hakaakang ea ho lokisa monahano oa barutuoa ba hae! Jesu ha a ba halefele ’me ha a ba bitse ba ikakasang, ba meharo, kapa ba ratang litulo tse phahameng. Che, empa o etsa pontšo ea thuto ea hae e lokisang monahano ka ho sebelisa mohlala oa bana ba banyenyane, ba khethollehang ka boikokobetso, le ba sa rateng litulo tse phahameng, ’me ka kakaretso ba sa nahane ka bophahamo har’a bona. Kahona Jesu o bontša hore barutuoa ba hae ba hloka ho hlaolela litšoaneleho tse khethollang bana ba banyenyane ba ikokobelitseng. Jesu o qetella ka hore: “Ea itšoarang joaloka ea tlaasana har’a lōna kaofela ke eena e moholo.” Mattheu 17:22-27; 18:1-5; Mareka 9:30-37; Luka 9:43-48, NW.
▪ Ha ba khutlela Kapernauma, Jesu o pheta thuto efe, ’me e amoheloa joang?
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a sa tlameha ho lefa lekhetho la tempele, empa ke hobane’ng ha a le lefa?
▪ Ke eng eo e ka ’nang eaba e ile ea baka khang ea barutuoa, ’me Jesu o lokisa monahano oa bona joang?