Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • si maq. 79-84
  • Buka ea Bibele ea 14—2 Likronike

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Bibele ea 14—2 Likronike
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITABA TSE KA HARE TSA LIKRONIKE TSA BOBELI
  • LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
  • Kakaretso ea 2 Likronike
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Likronike Tsa Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Buka ea Bibele ea 11—1 Marena
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Buka ea Bibele ea 12—2 Marena
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
si maq. 79-84

Buka ea Bibele ea 14​—2 Likronike

Mongoli: Esdrase

Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema (?)

Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 460 B.C.E.

Nako e Akarelitsoeng: 1037–537 B.C.E.

1. Esdrase o phethile Likronike neng, hona e le ka morero ofe?

KAHA ho hlakile hore Likronike tsa Pele le tsa Bobeli e ne e le buka e le ’ngoe qalong, mabaka a behiloeng khaolong e ka pele mabapi le semelo, bongoli, nako ea ho ngola, ho ba karolo ea Mangolo a halalelang, le ’nete ea tlaleho ea eona a sebetsa libukeng tsena ka bobeli. Ho latela bopaki bo fanoeng, Esdrase o ile a phetha Likronike tsa Bobeli hoo e ka bang ka 460 B.C.E., mohlomong a le Jerusalema. Morero oa Esdrase e ne e le ho boloka boitsebiso ba histori bo neng bo le kotsing ea ho lahleha. Thuso ea moea o halalelang, e kopane le matla a hae a ho fumana le ho hlophisa lintlha tse qaqileng joaloka rahistori, e ile ea etsa hore Esdrase a khone ho etsa tlaleho e nepahetseng le e sa feleng. O ile a bolokela bokamoso seo a neng a se talima e le ’nete ea histori. Mosebetsi oa Esdrase o ne o le nakong ka ho fetisisa, kaha joale ho ne ho boetse ho hlokahala hore ho bokelloe hammoho letoto lohle la mangolo a halalelang a Seheberu a ’nileng a tlalehoa ho theosa le makholo a lilemo.

2. Ke hobane’ng ha ho se na lebaka la ho belaella ho nepahala ha Likronike?

2 Kronike ea Esdrase e bululetsoeng e ile ea tsoela Bajode ba mehleng ea Esdrase molemo o moholo. E ne e ngoletsoe ho ba ruta le ho khothalletsa mamello. Ka ho tšelisoa ke Mangolo, ba ne ba ka ba le tšepo. Ba ne ba amohela buka ea Likronike e le karolo ea Mangolo a halalelang a Bibele. Ba ne ba tseba hore e ka tšeptjoa. Ba ne ba ka e hlahloba ka mangolo a mang a bululetsoeng le ka histori e ngata ea lefatše eo Esdrase a ileng a e qotsa. Le hoja ba ile ba tlohella histori ea lefatše e sa bululeloang hore e nyamele, ba ile ba boloka Likronike ka hloko. Bafetoleli ba Septuagint ba ile ba akarelletsa Likronike Bibeleng ea Seheberu.

3. Mangolo a mang a bontša joang hore Likronike ke tlaleho ea ’nete?

3 Jesu Kreste le bangoli ba Mangolo a Bokreste a Segerike ba ne ba e amohela e le tlaleho ea ’nete e bileng e bululetsoeng. Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a hopotse liketsahalo tse kang e tlalehiloeng ho 2 Likronike 24:21 ha a nyatsa Jerusalema e le ’molai ebile e le e tlepetsang baprofeta le bahlanka ba Jehova ka majoe. (Matt. 23:35; 5:12; 2 Likron. 36:16) Ha Jakobo a bua ka Abrahama e le “motsoalle oa Jehova,” mohlomong o ne a supa polelo ea Esdrase e ho 2 Likronike 20:7. (Jak. 2:23, NW) Buka ena e boetse e fupere boprofeta bo ileng ba phethahatsoa ntle le phoso.—2 Likron. 20:17, 24; 21:14-19; 34:23-28; 36:17-20.

4. Ke tšibollo efe ea baepolli ba lintho tsa khale e tiisang bonnete ba tlaleho ea Likronike tsa Bobeli?

4 Ho epolloa ha lintho tsa khale le hona ho tiisa botšepehi ba Likronike tsa Bobeli. Ho cheka sebakeng seo e neng e le Babylona ea boholo-holo ho sibollotse matlapa a letsopa a nakong ea puso ea Nebukadnezare, ao le leng la ’ona le bitsang “Yaukin, morena oa naha ea Yahud,” ke hore, “Jojakine, morena oa naha ea Juda.”a Sena se nyalana hantle le tlaleho ea Bibele ea ho isoa ha Jojakine kholehong Babylona selemong sa bosupa sa puso ea Nebukadnezare.

5. Likronike tsa Bobeli e akaretsa nako efe, ’me ke hobane’ng ha ho totobatsoa ha histori ea Juda ho fapana le ea ’muso oa meloko e leshome?

5 Tlaleho ea Likronike tsa Bobeli e lokolisa liketsahalo tsa Juda ho tloha pusong ea Salomone, ho qala ka 1037 B.C.E., ho isa taelong ea Cyruse ka 537 B.C.E. ea ho tsosolosa ntlo ea Jehova Jerusalema. Historing ena ea lilemo tse 500, ’muso oa meloko e leshome o boleloa feela ha o kenella litabeng tsa Juda, ’me ha ho le moo ho buuoang ka ho timetsoa ha ’muso oo o ka leboea ka 740 B.C.E. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hobane moprista Esdrase o ne a amehile haholo-holo ka borapeli ba Jehova sebakeng sa bona se loketseng, ntlong ea Hae e Jerusalema, hammoho le ’muso oa lesika la Davida, eo Jehova a neng a entse selekane sa Hae le eena. Ka hona, Esdrase o shebane le ’muso o ka boroa e le ho tšehetsa borapeli ba ’nete le ka tebello ea hore ’musi o tla tsoa Juda.—Gen. 49:10.

6. Ke lintlheng life moo Likronike tsa Bobeli e khothatsang e bileng e susumetsang?

6 Esdrase o na le pono ea litaba e khothatsang. Likhaolong tse 36 tsa Likronike tsa Bobeli, tse 9 tsa ho qala li hlalosa puso ea Salomone, ’me tse 6 ho tsena ka ho felletseng li hlalosa ho lokisoa le ho neheloa ha ntlo ea Jehova. Tlaleho e siea ho kheloha ha Salomone ka thōko. Likhaolong tse 27 tse setseng, tse 14 li bua ka marena a mahlano ao ha e le hantle a ileng a latela mohlala oa Davida oa boinehelo borapeling ba Jehova a ’notši: Asa, Josafate, Jothame, Ezekiase, le Josiase. Esita le likhaolong tse ling tse 13, Esdrase o ela hloko ho totobatsa lintlha tse ntle tsa marena a mabe. Ka mehla o hatisa liketsahalo tse amanang le ho tsosolosoa le ho bolokoa ha borapeli ba ’nete. Hoo ke ho susumetsang hakaakang!

LITABA TSE KA HARE TSA LIKRONIKE TSA BOBELI

7. Jehova o etsa hore Salomone a ‘phahame haholo’ joang?

7 Khanya ea puso ea Salomone (1:1–9:31). Ha Likronike tsa Bobeli e qala, re bona Salomone mor’a Davida a ntse a ipha matla boreneng. Jehova o na le eena ’me o tsoela pele ho “mo phahamisa haholo.” Ha Salomone a etsa sehlabelo Gibeone, Jehova o itlhahisa ho eena bosiu, o re: “Kōpa seo ke tla u nea sona.” Salomone o kōpa tsebo le bohlale e le hore a buse batho ba Jehova ka tsela e loketseng. Ka lebaka la kōpo ena e se nang boithati, Molimo o tšepisa hore ha o na ho fa Salomone bohlale le tsebo feela empa hape le letlotlo le maruo le botumo “boo le pele ho e-song ho be morena ea bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ea tla ba le bo bokalo.” Letlotlo le kenang motseng oo ke le leholo hoo ka mor’a nako Salomone a seng a “etsa hore silevera le gauda li tšoane le majoe Jerusalema.”—1:1, 7, 12, 15.

8. Mosebetsi o tsoela pele joang tempeleng, ’me tse ling tsa lintlha tse qaqileng tsa ho hahoa ha eona ke life?

8 Salomone o kenya basebetsi ba se nang boikhethelo mosebetsing oa ho haha ntlo ea Jehova, ’me Morena Hurame oa Tyre o sebelisana le eena ka ho romela lifate tsa ho haha le ho fana ka monna ea tsebang mosebetsi. “Ka selemo sa bone sa ho busa” ha Salomone, mohaho oa qaleha, ’me o phethoa ka morao ho lilemo tse supileng le halofo, ka 1027 B.C.E. (3:2) Tempele ka boeona e na le mathule a maholo a bophahamo ba litsoe tse 120 (limithara tse 53,4) ka pele. Litšiea tse peli tse khōlō tsa koporo, e ’ngoe e bitsoa Jakine, e bolelang “[Jehova] a ke a Thee ka Tieo,” ’me e ’ngoe e bitsoa Boaze, eo ho bonahalang eka e bolela “Ka Matla,” li eme ka pel’a mathule ao. (3:17, NW) Ha ho bapisoa ntlo ka boeona e nyenyane, e bolelele ba litsoe tse 60 (limithara tse 26,7), bophahamo ba litsoe tse 30 (limithara tse 13,4), le bophara ba litsoe tse 20 (limithara tse 8,9), empa mabota a eona le siling a khabisitsoe ka gauda ka holimo; kamore ea eona e ka hare-hare, Sehalalelisiso, ka boeona e khabisitsoe ka mokhoa o majaba-jaba ka gauda. Hape e na le likerubime tse peli tsa gauda, e le ’ngoe ka lehlakoreng ka leng la kamore, tseo mapheo a tsona a qhakhalletseng ’me a kopana bohareng.

9. Hlalosa mekhabiso le lintho tse sebelisoang lebaleng esita le tempeleng.

9 Lebaleng le ka hare, ho na le aletare e khōlō ea koporo e nang le bolelele le bophara bo lekanang ba litsoe tse 20 (limithara tse 9) le bophahamo ba litsoe tse 10 (limithara tse 4,5). Ntho e ’ngoe e khahlehang e lebaleng ke leoatle le tšollotsoeng, sejana se seholo sa koporo se lutseng mekokotlong ea lipoho tsa koporo tse 12 tse shebileng ka mathōko, tse tharo li lehlakoreng ka leng. Leoatle lena le khona ho boloka “libathe tse likete tse tharo” (lilithara tse 66 000) tsa metsi, a sebelisoang ke baprista ho itlhatsoa. (4:5) Ho hong hape ho lulang lebaleng ke lijana tse leshome tse nyenyane tsa koporo tse lutseng holim’a likoloi tse nyenyane tse khabisitsoeng tsa koporo, ’me ka metsing ana, ho tsokotsoa lintho tse amanang le licheso. Li tlatsoa metsi a tsoang leoatleng le tšollotsoeng ’me li khannoa ho ea kae kapa kae moo metsi a hlokahalang teng. Ho phaella moo, ho na le liluloana tsa mabone tsa gauda tse leshome le lintho tse ling tse ngata tse sebelisoang, tse ling ke tsa gauda ’me tse ling ke tsa koporo, bakeng sa borapeli tempeleng.b

10. Ho etsahala’ng ha Areka e kenngoa ka Sehalalelisisong?

10 Qetellong, ka mor’a lilemo tse supileng le halofo tsa mosebetsi, ntlo ea Jehova ea phethoa. (1 Mar. 6:1, 38) Letsatsi la ho khakoloa ha eona ke nako ea ho kenya tšoantšetso ea boteng ba Jehova ka kamoreng e ka hare-hare ea mohaho ona o majaba-jaba. Baprista ba kenya “areka ea selekane sa Jehova tulong tsa eona, sehalalelong sa ntlo, sehalalelisisong, tlas’a mapheo a likerubime.” Joale ho etsahala’ng? Ha libini le liletsi tsa Balevi li rorisa li bile li leboha Jehova ka pina e le ’ngoe, ntlo e tlala leru, ’me baprista ba sitoa ho ema bakeng sa ho sebeletsa kahobane “khanya ea Jehova” e tlala ntlo ea Molimo oa ’nete. (2 Likron. 5:7, 13, 14) Ka hona Jehova o bontša ho amohela tempele ’me o paka boteng ba hae moo.

11. Salomone o etsa thapelo efe, ’me ka tieo o kōpa eng?

11 Sethala sa koporo se bophahamo ba litsoe tse tharo (limithara tse 1,3) se hahetsoe ketsahalo eo, ’me se behoa lebaleng le ka hare haufi le aletare e khōlō ea koporo. Boemong bona bo phahameng, Salomone a ka bonoa ke matšoele a maholo a phuthehileng bakeng sa ho neheloa ha tempele. Ka mor’a ponahatso ea mohlolo ea boteng ba Jehova ka khanya ea leru, Salomone o khumama ka pele ho bongata ’me o etsa thapelo e susumetsang ea teboho le thoriso, e akarelletsang likōpo tse ngata tse etsoang ka boikokobetso ho kōpa tšoarelo le tlhohonolofatso. Qetellong, o kōpa ka tieo: “Joale, Molimo oa ka, mahlo a hao a ele seli, ’me litsebe tsa hao li hloaolohele thapelo e beoang nģalong ena! Jehova Molimo, u se ke ua furalla motlotsuoa oa hao; u elelloe mehauhelo e neiloeng mohlanka oa hao Davida!”—6:40, 42.

12. Jehova o arabela thapelo ea Salomone joang, ’me mokete oa matsatsi a 15 o qetella ka ntlha efe e thabisang?

12 Na Jehova o utloa thapelo ee ea Salomone? Hang ha Salomone a qeta ho rapela, mollo o theoha maholimong ’me o chesa secheso le mahlabelo, ’me “khanya ea Jehova” e tlala ntlo. Sena se etsa hore batho bohle ba khumame ’me ba lebohe Jehova, “hobane o molemo; hobane mohau oa hae ke o sa feleng!” (7:1, 3) Joale Jehova o etsetsoa sehlabelo se seholo. Mokete oa nehelo o nkang beke o lateloa ke Mokete oa Pokello o nkang beke le sabbatha ea ho khaotsa ho sebetsa. Ka mor’a mokete ona oa matsatsi a 15 oa thabo, o matlafatsang moeeng, Salomone o khutlisetsa batho mahae ba thabile ’me ba nyakalletse lipelo. (7:10) Jehova le eena o thabile. O boetse o tiisetsa Salomone selekane sa ’Muso, ka nako e tšoanang o fana ka temoso ea liphello tse bohloko tsa ho se utloe.

13. (a) Ke mosebetsi ofe oa ho haha o latelang oa kaho ea tempele? (b) Mofumahali oa Sheba o hlalosa maikutlo a hae joang ha a bona ’muso oa Salomone?

13 Joale Salomone o ntšetsa pele mosebetsi o pharalletseng oa kaho ho pholletsa le sebaka seo a se busang, ha a qetelle ka ho haha ntlo ea borena feela empa o boetse o haha metse ea liqhobosheane, metse eo ho bolokoang lintho ho eona, metse ea makoloi, le metse ea bakalli ba lipere, esita le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a lakatsang ho e haha. Ke nako ea katleho e khanyang le khotso hobane morena hammoho le sechaba ba ela borapeli ba Jehova hloko. Esita le mofumahali oa Sheba, ea tsoang sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 1 900, o utloa ka katleho le bohlale tsa Salomone ’me o nka leeto le lelelele, le boima ho tla iponela ka boeena. Na oa soetseha? Le hanyenyane, hobane oa lumela: “Ha kea ka ka lumela lipolelo tsa bona ho fihlela ke ba ke e-tla, ke bona ka mahlo a ka; ’me bona, ke ne ke sa ka ka bolelloa le karolonyana ea boholo ba bohlale ba hao; tsa hao li fetisa botumo boo ke bo utloileng. Ba lehlohonolo, batho ba hao! ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao.” (9:6, 7) Ha ho marena a mang a lefatše a fetang Salomone ka maruo le bohlale. O busa Jerusalema ka lilemo tse 40.

14. Ke hobane’ng ha Iseraele e amohuoa khanya ea eona ka potlako hakaale?

14 Ho busa ha Roboame le Abija (10:1–13:22). Puso e thata le e hatellang ea mora oa Salomone Roboame e susumelletsa meloko e leshome e ka leboea e tlas’a Jeroboame ho mo fetohela ka 997 B.C.E. Leha ho le joalo, baprista le Balevi ba mebuso eo ka bobeli ba ema le Roboame, ba etelletsa botšepehi selekaneng sa ’Muso ka pele ho moea oa bochaba. Ka potlako Roboame o furalla molao oa Jehova, ’me Morena Shishake oa Egepeta oa futuha, o kena Jerusalema ’me o amoha ntlo ea Jehova matlotlo a eona. Ke ho soabisang hakaakang hore e be nako e ka holimonyana ho lilemo tse 30 feela ka mor’a ho hahoa ha eona, mehaho ena e khabisitsoeng ka mokhoa o majaba-jaba e amohuoa khanya ea eona! Lebaka: Sechaba se “itšoere ka ho hloka botšepehi ho Jehova.” Hantle feela ka nako e loketseng Roboame oa ikokobetsa, kahoo Jehova ha a senye sechaba ka ho felletseng.—12:2, NW.

15. Ke lintoa life tse tlang ka mor’a lefu la Roboame, hona ke hobane’ng ha Juda e ipaka e feta Iseraele ka matla?

15 Ha Roboame a e-shoa e mong oa bara ba hae ba 28, Abija, o etsoa morena. Puso ea lilemo tse tharo ea Abija e khetholloa ka ntoa e bakang tšollo e khōlō ea mali pakeng tsa hae le Iseraele e ka leboea. Lenane la Juda le menoa habeli ke lenane la Iseraele, mabotho a 400 000 khahlanong le a 800 000 a tlas’a Jeroboame. Nakong ea lintoa tse kholohali tse latelang, bahlabani ba Iseraele ba fokotseha hoo ba salang ba le ka tlaase ho halofo, ’me barapeli ba namane ba fihlang ho halofo ea millione ka lenane baa timetsoa. Bara ba Juda ba ipaka ba ba feta ka matla kahobane ba itšetlehile “ka Jehova, Molimo oa bo-ntat’a bona.”—13:18.

16. Jehova o arabela thapelo e etsoang ka tieo ea Asa joang?

16 Morena Asa ea tšabang Molimo (14:1–16:14). Abija o hlahlangoa ke mora oa hae Asa. Asa ke motšehetsi oa borapeli ba ’nete. O etsa phutuho ea ho hloekisa naha borapeling ba litšoantšo. Empa, bona! Juda e sokeloa ke lebotho la ntoa le tšosang la Baethiopia ba millione. Asa oa rapela: “Re tlatse, Jehova, Molimo oa rōna, hobane re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao.” Jehova o arabela ka ho mo fa tlhōlo e makatsang.—14:11.

17. Asa o khothalletsoa ho tsosolosa borapeli joang Juda, empa o khalemelloa eng ka matla?

17 Moea oa Molimo o tlela Azaria hore a bolelle Asa: “Jehova o na le lōna hafeela le ntse le ipaka le e-na le eena; ’me haeba le ’matla, o tla etsa hore a fumanoe ke lōna.” (15:2, NW) Asa a khothalitsoe haholo, o tsosolosa borapeli Juda, ’me sechaba se etsa selekane sa hore mang kapa mang ea ke keng a batla Jehova o lokela ho bolaoa. Leha ho le joalo, ha Baesha, morena oa Iseraele, a etsa litšitiso tse thibelang Baiseraele ho leba Juda, Asa o etsa phoso e tebileng ka ho hira Ben-Hadade, morena oa Syria, ho loantša Iseraele, ho e-na le ho talima ho Jehova ho fumana thuso. Jehova o mo khalemela ka matla ka lebaka la sena. Ho sa tsotellehe sena, pelo ea Asa e ipaka e le “kaofela ha eona ka litšiu tsohle tsa ho phela ha hae.” (15:17) O shoa selemong sa bo41 sa puso ea hae.

18. (a) Josafate o etsa phutuho bakeng sa borapeli ba ’nete joang, hona ka liphello life? (b) Ke joang tumellano ea lenyalo eo a e etsang e batlang e lebisa tlokotsing?

18 Puso e ntle ea Josafate (17:1–20:37). Josafate mor’a Asa o ntšetsa pele ntoa e khahlanong le borapeli ba litšoantšo ’me o thea phutuho e khethehileng ea thuto, ka barupeli ba tsamaeang ho pholletsa le metse ea Juda kaofela, ba ruta sechaba buka ea Molao oa Jehova. Ho latela nako ea katleho e khōlō le khotso, ’me Josafate o “ntse a hola, a ba a phahama haholo.” (17:12) Empa joale o etsa tumellano ea lenyalo le Morena Akabe ea khopo oa Iseraele ’me o theoha ho ea mo thusa ho loantša ’muso o hōlang oa Syria, o iphapanyetsa moprofeta oa Jehova Mikea ’me bophelo ba hae bo pholoha ‘ka lesoba la nale’ ha Akabe a bolaoa ntoeng Ramothe-Gileade. Jehu moprofeta oa Jehova o khalemela Josafate ka matla ka lebaka la ho etsa setsoalle le Akabe ea khopo. Ka mor’a sena Josafate o khetha baahloli ho pholletsa le naha eohle, ’me o ba laela ho phethahatsa mesebetsi ea bona ka ho tšaba Molimo.

19. Tlhorong ea puso ea Josafate, ke joang ntoa e ipakang e le ea Molimo?

19 Joale ho latela tlhoro ea puso ea Josafate. Mabotho a kopaneng a Moabe, Ammone, le tikoloho e lithaba ea Seire a futuhela Juda ka matla a tšosang. A nyoloha ka bongata ka lefeella la Ene-Gedi. Sechaba se kenoa ke tšabo. Josafate le Juda eohle, hammoho le “bana ba bona ba banyenyane, le basali ba bona le bara ba bona,” ba ema pel’a Jehova ’me ba retelehela ho eena ka thapelo. Moea oa Jehova o tlela Jahaziele Molevi, ea hooang ho matšoele a phuthehileng: “Mamelang, lōna, ba-Juda bohle, le lōna, baahi ba Jerusalema, le uena, morena Josafate! Ho itsoe ke Jehova: Se tšabeng, ’me le se ke la tepeletsoa ke sera se seholohali seno, hobane ntoa hase ea lōna, ke ea Molimo. Hosasane, le theoheleng ho bona; . . . Jehova o tla ba le lōna.” Ha a tsoha e sa le hoseng, Juda o kena tseleng le libini tsa Balevi tse etelletseng pele. Josafate oa li khothatsa: “Tšepang Jehova . . . le lumele baprofeta ba hae, le tle le atlehe.” Ka thabo libini li tlotlisa Jehova, “hobane mohau oa hae o hlola ka ho sa feleng!” (20:13, 15-17, 20, 21) Jehova o bonahatsa mosa oa hae o lerato ka tsela e tsotehang, o lokisetsa hore mabotho a futuhileng a tsometsoe e le hore a bolaeane. Ha ba e-tla qhooeng lefeelleng, Bajuda ba nyakalletseng ba bona litopo feela. Ruri ntoa ke ea Molimo! Ho fihlela qetellong ea puso ea hae ea lilemo tse 25, Josafate o tsoela pele ho tsamaea ka botšepehi pel’a Jehova.

20. Puso ea Jorame e khetholloa ka litlokotsi life?

20 Puso e mpe ea Jorame, Akazia, le Athalia (21:1–23:21). Jorame mor’a Josafate o qala puso hampe ka ho bolaea baena ba hae kaofela. Leha ho le joalo, Jehova oa mo hauhela ka lebaka la selekane sa Hae le Davida. Edomo e qala ho mo fetohela. Elia o romela lengolo a le sebakeng se seng, o lemosa Jorame hore Jehova o tla otla ntlo ea hae ka kotlo e khōlō le hore o tla shoa ka mokhoa o sisimosang. (21:12-15) Joalokaha boprofeta bo boletse, Bafilista le Baarabia baa futuha ’me ba hapa maruo a Jerusalema, ’me morena o bolaoa ke lefu le nyonyehang la mala, ka mor’a puso ea lilemo tse robeli.

21. Ke lintho life tse mpe tse tlisoang ke ho busa ha Athalia Juda, empa Jehojada o atleha ho tsosolosa borena ba Davida joang?

21 Mora a le mong feela ea ntseng a phela oa Jorame, Akazia (Joakaze), oa mo hlahlama, empa o susumelletsoa ho etsa bobe ke ’m’ae Athalia, morali oa Akabe le Jezebele. Puso ea hae e khaoletsoa ka mor’a selemo se le seng ha Jehu a ripitla ntlo ea Akabe. Ha sena se etsahala, Athalia o bolaea litloholo tsa hae ’me o inkela borena. Leha ho le joalo, e mong oa bara ba Akazia oa pholoha. Ke Joase ea nang le selemo se le seng, ea patoang ka tlung ea Jehova ke rakhali’ae Joshabeathe. Athalia o busa ka lilemo tse tšeletseng, ’me joale monn’a Joshabeathe, moprista e moholo Jehojada, ka sebete o nka Joase e monyenyane ’me o phatlalatsa hore ke morena, joaloka e mong oa “bara ba Davida.” Ha Athalia a e-tla tlung ea Jehova, o hahola liaparo tsa hae ’me oa hooa: “Phetohelo! phetohelo!” Empa hoo ha ho thuse letho. Jehojada o laela hore a ntšetsoe ka ntle ho tempele ’me a bolaoe.—23:3, 13-15.

22. Ke joang puso ea Joase e qalang hantle empa e fella hampe?

22 Puso ea Joase, Amatsia, le Oziase e qala hantle empa e qetella hampe (24:1–26:23). Joase o busa ka lilemo tse 40, ’me hafeela Jehojada a sa ntsane a phela ’me a ntse a mo fa tšusumetso e ntle, o etsa se nepahetseng. O bile o thahasella ntlo ea Jehova ’me o laela hore e nchafatsoe. Leha ho le joalo, ha Jehojada a e-shoa, Joase o susumetsoa ke mahosana a Juda hore a furalle borapeli ba Jehova ’me a sebeletse lipalo tse halalelang le melimo ea litšoantšo. Ha moea oa Molimo o susumelletsa Zakaria mor’a Jehojada ho khalemela morena, Joase o laela hore moprofeta eo a tlepetsoe ka majoe a be a shoe. Nakoana ka mor’a moo lebotho le lenyenyane la ntoa la Basyria lea futuha, ’me lebotho la Bajuda le leholo ho feta moo haholo le sitoa ho le khutlisa ka lebaka la hore “ba furaletse Jehova, Molimo oa bo-ntat’a bona.” (24:24) Joale bahlanka ba Joase ka boeena ba mo tsohela matla ’me baa ’molaea.

23. Amatsia o latela mokhoa ofe oa ho hloka botšepehi?

23 Amatsia o hlahlama ntat’ae Joase. O qala puso ea hae ea lilemo tse 29 hantle empa hamorao o lahleheloa ke kamohelo ea Jehova kahobane o emisa melimo ea litšoantšo ea Baedomo ebile oa e rapela. Moprofeta oa Jehova oa mo lemosa: “Molimo o rerile ho u timetsa.” (25:16) Leha ho le joalo, Amatsia o tlala boikhantšo ’me o phephetsa Iseraele e ka leboea. Joalokaha lentsoe la Molimo le boletse, Baiseraele ba mo hlōla ka tsela e hlabisang lihlong. Ka mor’a ho hlōloa hoo, bafetoheli ba mo tsohela matla ’me baa ’molaea.

24. Matla a Oziase a fetoha bofokoli ba hae joang, hona ka phello efe?

24 Oziase mor’a Amatsia o latela mehlaleng ea ntat’ae. O qeta karolo e khōlō ea lilemo tse 52 a ntse a busa hantle, o fumana botumo ba ho ba le bohlale bo boholo ba ntoa, ba ho ba sehahi sa litora, le ba ho “rata masimo haholo.” (26:10) O hlomella lebotho la hae ka lihlomo le makoloi a ntoa. Leha ho le joalo, matla a hae a fetoha bofokoli ba hae. O tlala boikhohomoso ’me o batla ho inkela mosebetsi oa boprista oa ho nyehela libano tempeleng ea Jehova. Ka lebaka la sena, Jehova o mo otla ka lepera. Ka lebaka leo, o tlameha ho lula thōko, hōle le ntlo ea Jehova hammoho le ntlo ea morena, moo mor’a hae Jothame a ahlolang batho teng tulong tsa hae.

25. Ke hobane’ng ha Jothame a atleha?

25 Jothame o sebeletsa Jehova (27:1-9). Ho fapana le ntat’ae, Jothame ha a “hlompholle tempele ea Jehova.” Ho e-na le hoo ‘o tsoela pele ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.’ (27:2, NW) Nakong ea puso ea hae ea lilemo tse 16, o etsa mosebetsi o moholo oa kaho ’me ka katleho o kokobetsa phetohelo ea Baammone.

26. Akaze o tetebela bokhopong bofe bo tebileng boo ho e-s’o ka ho e-ba le bo tšoanang le bona?

26 Morena Akaze ea khopo (28:1-27). Akaze mor’a Jothame o ipaka e le e mong oa marena a khopo ka ho fetisisa har’a marena a Juda a 21. O etsa ho fetelletseng ka ho nyehela bara ba hae ka boeena e le licheso ho melimo ea bahetene. Ka lebaka leo Jehova le eena oa mo furalla, o mo tlohellela mabotho a Syria, Iseraele, Edomo, le Filistia. Kahoo Jehova o kokobetsa Juda ka lebaka la hore Akaze ‘o tlohella ho hloka boitšoaro ho hōla Juda, ’me ho etsoa lintho ka ho hloka botšepehi ho hoholo ho Jehova.’ (28:19, NW) Akaze, a ntse a e-ea bobeng bo eketsehileng, o etsetsa melimo ea Syria mahlabelo ka lebaka la hore Basyria ba ipaka ba le matla ho mo feta ntoeng. O koala menyako ea ntlo ea Jehova ’me o beha borapeli ba melimo ea bahetene sebakeng sa borapeli ba Jehova. Qetellong, puso ea Akaze e fela ka mor’a lilemo tse 16.

27. Ezekiase o bontša ho chesehela borapeli ba Jehova joang?

27 Morena Ezekiase ea tšepahalang (29:1–32:33). Ezekiase, mor’a Akaze, o busa Jerusalema ka lilemo tse 29. Ketso ea hae ea pele ke ho bula menyako ea ntlo ea Jehova hape le ho e lokisa. Joale o phutha baprista le Balevi ’me o ba fa litaelo tsa ho hloekisa tempele le ho e halaletsa bakeng sa tšebeletso ea Jehova. O phatlalatsa hore o batla ho etsa selekane le Jehova le ho tlosa khalefo ea Hae e tukang. Borapeli ba Jehova bo tsosolosoa ka tsela e hlollang.

28. Ezekiase o tšoara mokete ofe o moholohali Jerusalema, ’me sechaba se bontša thabo ea sona joang?

28 Ho reroa Paseka e khōlō, empa kaha ha ho nako ea ho e lokisetsa khoeling ea pele, ho sebelisoa tokisetso ea Molao hamolemo, ’me e ketekoa khoeling ea bobeli ea selemo sa ho qala sa puso ea Ezekiase. (2 Likron. 30:2, 3; Num. 9:10, 11) Morena ha a meme feela Juda eohle hore e be teng empa le Iseraele ka ho tšoanang, ’me le hoja ba bang ba Efraime, Manasse, le Zabulone ba soma memo eo, ba bang baa ikokobetsa ’me ba tla Jerusalema hammoho le Juda eohle. Ka mor’a Paseka, ho tšoaroa Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang. Ke mokete o thabisang hakaakang oa matsatsi a supileng! Ka sebele, ke o matlafatsang hoo phutheho eohle e ntšetsang mokete pele ka matsatsi a mang a supileng. Ho ba le ‘thabo e kholo Jerusalema; hobane ha e sa le mehleng ea Salomone, mor’a Davida, morena oa Iseraele, ho ne ho sa ka ha etsoa ho hokalo Jerusalema.’ (2 Likron. 30:26) Batho ba tsosolositsoeng moeeng ba latela ka phutuho e makatsang ea ho fenya borapeli ba melimo ea litšoantšo Juda le Iseraele, ’me ha e le Ezekiase, o tsosolosa menehelo ea lintho tse bonahalang bakeng sa Balevi le litšebeletso tempeleng.

29. Jehova o putsa tšepo e felletseng eo Ezekiase a e behileng ho Eena joang?

29 Joale Sankeribe morena oa Assyria o futuhela Juda ’me o sokela Jerusalema. Ezekiase o beta pelo, o lokisa liqhobosheane tsa motse, ’me o hanyetsa linyeliso tsa sera. A behile tšepo e felletseng ho Jehova, o tsoela pele ho rapella thuso. Jehova o arabela thapelo ena ea tumelo ka tsela e hlollang. O tsoela pele ho “romela lengeloi, la ea, la timetsa banna ba bahale, le balaoli, le matona a liahelong tsa morena oa Assyria.” (32:21) Sankeribe o khutlela hae ka lihlong. Esita le melimo ea hae e ke ke ea mo thusa ho itlosa lihlong, hobane hamorao o bolaoa ke bara ba hae aletareng ea eona. (2 Mar. 19:7) Ka mohlolo Jehova o lelefatsa bophelo ba Ezekiase, ’me o ba le maruo a maholo le khanya, Juda eohle ea mo hlompha lefung la hae.

30. (a) Manasse o khutlela bokhopong bofe, empa pako ea hae e lateloa ke eng? (b) Ke eng e khethollang puso e khutšoanyane ea Amone?

30 Manasse le Amone ba busa ka bokhopo (33:1-25). Manasse mor’a Ezekiase o khutlela tseleng e khopo ea ntat’ae moholo Akaze, o etsolla botle bohle bo finyelletsoeng nakong ea puso ea Ezekiase. O haha linģalo tse phahameng, o emisa lipalo tse halalelang, o bile o etsetsa melimo ea bohata mahlabelo ka bara ba hae. Qetellong, Jehova o etsa hore morena oa Assyria a futuhele Juda, ’me Manasse o isoa kholehong Babylona. Ha a le moo o bakela liketso tsa hae tse mpe. Ha Jehova a bontša mohau ka ho mo khutlisetsa boreneng ba hae, o ikitlaeletsa ho fothola borapeli ba bademona le ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, ha Manasse a e-shoa ka mor’a puso ea lilemo tse 55, mor’a hae Amone o hloella boreneng ’me ka bokhopo o boetse o tšehetsa borapeli ba bohata. Ka mor’a lilemo tse peli, bara ba hae ka boeena baa ’molaea.

31. Lintlha tsa sehlooho tsa puso e sebete ea Josiase ke life?

31 Puso e sebete ea Josiase (34:1–35:27). Josiase e mocha, mor’a Amone, o etsa boiteko bo sebete ba ho tsosolosa borapeli ba ’nete. O laela hore lialetare tsa bo-Baale le litšoantšo tse silafetseng li heletsoe, ’me o lokisa ntlo ea Jehova, moo “buka ea molao oa Jehova o neiloeng ka Moshe,” eo ntle le pelaelo e leng kopi eo ho simollotsoeng ka eona, e fumanoang teng. (34:14) Leha ho le joalo, Josiase ea lokileng o bolelloa hore naha e tla tleloa ke tlokotsi ka lebaka la ho hloka botšepehi ho seng ho entsoe, empa eseng nakong ea hae. Selemong sa bo18 sa puso ea hae, o lokisetsa mokete o khethehileng oa Paseka. Ka mor’a puso ea lilemo tse 31, Josiase oa bolaoa boitekong bo se nang thuso ba ho thibela mabotho a Egepeta ho feta naheng eo tseleng ea ’ona ea ho ea Eufrate.

32. Marena a ho qetela a mane a isa Juda bofelong ba eona bo tlang e le tlokotsi joang?

32 Joakaze, Jojakime, Jojakine, Tsedekia, le thipitlo ea Jerusalema (36:1-23). Ka potlako bokhopo ba marena a mane a ho qetela a Juda bo isa sechaba bofelong ba sona bo tlang e le tlokotsi. Joakaze mor’a Josiase o busa likhoeli tse tharo feela, o tlosoa ke Faro Neko oa Egepeta. O nkeloa sebaka ke ngoan’abo, Eliakime, eo lebitso la hae le fetoleloang ho Jojakime, eo nakong ea puso ea hae Juda e hatelloang ke ’muso o mocha oa lefatše, Babylona. (2 Mar. 24:1) Ha Jojakime a mo fetohela, Nebukadnezare o nyolohela Jerusalema ho tla mo fa kotlo ka 618 B.C.E., empa Jojakime o shoa hona selemong seo, ka mor’a ho busa ka lilemo tse 11. O nkeloa sebaka ke mor’a hae Jojakine ea lilemo li 18. Ka mor’a ho busa ka nako e batlang e fihla ho likhoeli tse tharo, Jojakine o inehela tlas’a Nebukadnezare ’me o isoa kholehong Babylona. Joale Nebukadnezare o beha mora oa boraro oa Josiase, Tsedekia rangoan’a Jojakine, boreneng. Tsedekia o busa hampe ka lilemo tse 11, o hana ho “ikokobetsa pel’a Jeremia moprofeta eo mantsoe a hae a neng a e-tsoa molomong oa Jehova.” (2 Likron. 36:12) Ka ho hloka botšepehi ho hoholo, baprista le sechaba ka ho tšoanang ba silafatsa ntlo ea Jehova.

33. (a) Lesupi la lilemo tse 70 le qaleha joang, ‘ho phetha lentsoe la Jehova’? (b) Ke taelo efe e ikhethang historing e tlalehiloeng litemaneng tse peli tsa ho qetela tsa Likronike tsa Bobeli?

33 Qetellong, Tsedekia o fetohela joko ea Babylona, ’me lekhetlong lena Nebukadnezare ha a sa na mohau. Khalefo ea Jehova e tšolohile ka ho felletseng, ’me ha ho sa na pheko. Jerusalema ea oa, matlotlo a tempele ea eona aa haptjoa a bile aa chesoa, ’me ba phonyohileng ha motse o lika-likiloe ka likhoeli tse 18 ba isoa Babylona e le batlamuoa. Juda e siuoa e le lesupi. Ka hona, selemong sona sena sa 607 B.C.E., ho qaleha lesupi “ho tle ho phethehe lentsoe la Jehova le neng le boletsoe ka molomo oa Jeremia . . . hore ho be ho phethehe lilemo tse mashome a supileng.” (36:21) Joale mongoli oa Likronike o tlōla sekheo sena sa nako e batlang e etsa lilemo tse 70 ho tlaleha taelo ea Cyruse e ikhethang historing e ntšitsoeng ka 537 B.C.E. litemaneng tse peli tsa ho qetela. Batlamuoa ba Bajode ba lokela ho lokolloa! Jerusalema e tlameha ho phahama hape!

LEBAKA LEO E LENG MOLEMO

34. Ke eng e hatisoang ho hloaeeng boitsebiso ha Esdrase, ’me see se ne se le molemo joang ho sechaba?

34 Likronike tsa Bobeli e phaella bopaki ba eona bo matla holim’a ba lipaki tse ling mabapi le nako ena e tletseng liketsahalo, 1037-537 B.C.E. Ho feta moo, e fana ka boitsebiso ba bohlokoahali boo e leng tlatsetso boo hape bo sa fumanoeng historing e ’ngoe ea libuka tse amoheloang tsa Mangolo a halalelang, ka mohlala, ho 2 Likronike likhaolo 19, 20, le 29 ho ea ho 31. Ho hloaea boitsebiso ha Esdrase ho ile ha hatisa likarolo tsa motheo le tse sa feleng tsa histori ea sechaba, tse kang boprista le tšebeletso ea bona, tempele, le selekane sa ’Muso. Sena se ne se le molemo bakeng sa ho boloka sechaba se kopane se tšepile Messia le ’Muso oa hae.

35. Ke lintlha life tsa bohlokoa tse pakoang litemaneng tse qetellang tsa Likronike tsa Bobeli?

35 Litemana tse qetellang tsa Likronike tsa Bobeli (36:17-23) li fana ka bopaki bo sa sieeng pelaelo ea letho ka ho phethahala ha Jeremia 25:12 ’me, ho phaella moo, li bontša hore lilemo tse 70 tse felletseng li tlameha ho baloa ho tloha ha naha e etsoa lesupi ka ho felletseng ho fihlela ha ho tsosolosoa borapeli ba Jehova Jerusalema ka 537 B.C.E. Ka hona lesupi lena le qaleha ka 607 B.C.E.c—Jer. 29:10; 2 Mar. 25:1-26; Esdr. 3:1-6.

36. (a) Likronike tsa Bobeli e tšoere temoso efe e matla? (b) E matlafatsa tebello ea ’Muso joang?

36 Likronike tsa Bobeli e tšoere temoso e matla bakeng sa ba tsamaeang tumelong ea Bokreste. Marena a mangata haholo a Juda a ile a qala hantle empa joale a oela litseleng tse khopo. Tlaleho ee ea histori e bontša ka matla hakaakang hore katleho e itšetlehile ka ho tšepahala ho Molimo! Ka hona re lokela ho lemosoa hore re se be “ba koenehang ho ea timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea rōna.” (Ba-Heb. 10:39) Esita le Morena Ezekiase ea tšepahalang o ile a tlala boikakaso ha a hlaphoheloa ho kuleng ha hae, ’me o ile a khona ho qoba khalefo ea Jehova feela kahobane ka potlako o ile a ikokobetsa. Likronike tsa Bobeli e phahamisa litšoaneleho tse babatsehang tsa Jehova ’me e tlotlisa lebitso la hae le borena ba hae. Histori eohle e fanoa ho tsoa ponong ea litaba ea boinehelo ho Jehova a ’notši. Kaha e boetse e hatisa lesika la borena la Juda, e matlafatsa tebello ea rōna ea ho bona borapeli bo hloekileng bo phahamisoa tlas’a ’Muso o sa feleng oa Jesu Kreste, ‘mora ea tšepahalang oa Davida.’—Matt. 1:1; Lik. 15:16, 17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 147.

b Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 750-1; Moq. 2, maqephe 1076-8.

c Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 463; Moq. 2, leqephe 326.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela