Pina ea 4
Tšepiso ea Molimo ea Paradeise
1. Paradeise, re e tšepisoa
Ke Jah ka puso ea Jesu,
Ha o tla tlosa sebe sohle,
O felise lillo, lefu.
(Chorus)
2. Mora oa Jah o tla a kofa
A tsose bafu lefatšeng.
Kreste o tšepisitse, a re:
‘U tla phela Paradeiseng.’
(Chorus)
3. Re tla nyakallela haholo
Ho tsoha ha libilione.
E tla ba nako ea ho rutoa,
Ho hang lintoa li felile.
(Chorus)
4. Paradeise e tšepisitsoe
Ke Jesu Kreste, Konyana.
Molimo Jah a ke a bokoe.
Le ’mineleng ka ho thaba.
(Chorus)
Paradeise ea boiketlo.
Rea e bona ka tumelo.
Haufi Kreste o tla tiisa
Tšepiso eo ho khahla Jah.