Na U Latela Litaelo?
NTATE ea lerato o tla fa bana ba hae litaelo e le hore ba ka atleha bophelong ’me ba ba le thabo ha e se e le batho ba baholo. ’Me bana ba ratang le ba hlomphang batsoali ba bona ba tla amohela litaelo tse joalo hobane ba tseba hore li molemong oa bona. Ka mokhoa o tšoanang, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, Jehova, o neha bahlanka ba hae tataiso e ba tlisetsang katleho le thabo bophelong ba bona. Ka baka leo, ke habohlokoa hore re latele litaelo tseo Molimo o re fang tsona ka Lentsoe la oona, Bibele, le ka mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng oa lefatšeng.
Ka Hare ho Lelapa
Ho na le likarolo tse fapa-fapaneng tseo re fuoang litaelo ho tsona. E ’ngoe ke ka hare ho tikoloho ea lelapa. Lenyalo le lelapa li theiloe ke Molimo. Bibele e bolela hore Molimo o ile oa kopanya batho ba babeli ba pele ka lenyalo ’me oa ba bolella hore ba be le bana. (Genese 1:27, 28; 2:22-24) ’Mōpi o fane ka litaelo bakeng sa litho tsohle tsa lelapa ho ea ka mesebetsi ea bona e sa tšoaneng. Ka mohlala, monna le ntate ke hlooho ea lelapa, ho bolelang hore o na le boikarabelo ba ho fana ka litaelo, lijo, liaparo, bolulo, tšireletso, le taeo. Hape o etsa liqeto tsa bohlokoa tsa lelapa. Joaloka monna, o lokela ho bontša ho nahanela mosali oa hae le ho mo fa tlhompho joaloka pitsana e fokolang. (Ba-Efese 5:22, 23; 1 Timothea 5:8; 1 Petrose 3:7) Mosali o lokela ho ikokobeletsa monna oa hae, a bontše tlhompho e tebileng ho eena, ’me e be mothusi le motlatsi oa hae. ’Me Mangolo a supa hore bana ba tlameha ho utloa batsoali ba bona.—Genese 2:18; Ba-Efese 6:1-3; 1 Petrose 3:1, 2.
Ho etsahala’ng haeba litaelo tsee li hlokomolohuoa? Likhang le liphapang li ba teng ha banna ba sa nahanele basali ba bona, ’me basali ba bontša tlhompho e fokolang bakeng sa bohlooho ba monna. Ha e le hantle, lintho tse joalo li bakile ho qhalana ha manyalo a mangata. Ho se utloe le ho bontša borabele ha bana ho tliselitse batsoali ba bangata masoabi. Hangata, batsoali ke bona ba molato haholo ka ho se hōlise bana ba bona ho latela taeo e loketseng, ka hona baa ba halefisa.—Ba-Efese 6:4.
Le hoja basebeletsi ba sechaba, litsebi tsa kelello, le ba bang ba fane ka litlhahiso tse ngata tse fapa-fapaneng tsa kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho le mathata a lelapa, ha ho keletso e sebetsang ho feta litaelo tse fanoeng ke ’Mōpi oa lelapa tse ka Bibeleng. Ho li latela ho tlisa thabo ea ’nete le khotsofalo.—Pesaleme ea 19:7-9.
Ka Phuthehong
Re lokela ho latela litaelo tseo Hlooho ea phutheho ea Bokreste, Jesu Kreste, e fanang ka tsona ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” mocha o khethiloeng oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo mona lefatšeng. (Mattheu 24:45-47; Ba-Efese 5:23) E le hore ho ka ba le khotso le bonngoe ka har’a phutheho, litho tsohle tsa eona li lokela ho sebetsa tumellanong le tataiso e fanoeng. Ka mohlala, ho hlokahala hore ba nkileng ketello-pele ho ruteng phutheho le ho thuseng batho ba bang ba khomarele litaelo tseo ba li fumanang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Sena se tla tlatsetsa katlehong ea mosebetsi oa bona. E ka ’na eaba litaelo li mabapi le kamoo re ka kopanelang mosebetsing oa ho bolela, kamoo re ka sebetsanang le mathata ka phuthehong, kamoo re ka fanang ka keletso le khothatso, kamoo re ka tšelisang ba hlomohileng, joalo-joalo. Ho boetse ho na le litaelo tse mabapi le kamoo re ka lokisetsang liboka tse rutang le tse hahang bakeng sa bohle ba kopanelang le phutheho ea Bokreste.—Liketso 20:20; Ba-Roma 12:6-8; Ba-Galata 6:1; 1 Ba-Thessalonika 3:1-3.
Haholo-holo baholo ba phutheho, kapa balebeli, ba lokela ho beha mohlala o motle tabeng ena. Sehlopha se Busang se romela litaelo tseo baholo ba lokelang ho li latela ka hloko le ka botšepehi. Ba lokela ho etsa hore litaelo tseo li lokele le ho sebelisoa maemong a moo ba leng teng. Re lokela ho hopola hore ea laolang phutheho ea Bokreste ke Jesu Kreste. O lemoha ka ho phethahetseng litlhoko tsa liphutheho tsohle lefatšeng ka bophara, ’me o fana ka khothatso le thuso tse hlokahalang. Ka baka leo, baholo ha baa lokela ho tsila-tsila ho sebelisa litaelo leha e le life tseo ba li fumanang mokhatlong o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo. Hona ho tla sebetsa e le mohlala o motle ho bohle ba leng phuthehong ka ’ngoe ’me ho tla ba thusa hore e be ba nang le bonngoe ka bobona le ho ba le bonngoe le baena ba Bakreste lefatšeng ka bophara.—Liketso 15:1-31; Ba-Heberu 13:7; Tšenolo 5:6.
Liphello tse Thabisang
Ha sehahi se emisa mohaho o moholo, se latela ka hloko lipolane tse entsoeng ke baetsi ba lipolane tsa mohaho e le hore seo se se hahang se ka tšoarella. Mehleng ea pefo pele ho Moroallo, Noe o ile a laeloa ho haha areka. O ile a bolelloa tsela ea ho e haha le hore na ke batho le liphoofolo life tseo a neng a tla li kenya ka ho eona e le hore li ka pholoha Moroallo o tlang. Noe o ile a arabela joang? Bibele e re: “Eaba Noe o etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.” Ke Noe feela le ba neng ba e-na le eena ka arekeng ba ileng ba pholoha Moroallo. (Genese 6:5, 13-22; 7:23) Kajeno, re phela linakong tse tšoanang haholo le tsa mehla ea Noe, ’me ka lebaka lena Molimo o tla felisa batho bohle ba khopo. Bibele e re bolella hore na re lokela ho nka mehato efe haeba re batla ho ba har’a baphonyohi.—Mattheu 24:37-39; 2 Petrose 3:5-7, 11.
Ka baka leo, a re amoheleng ka kananelo ’me re sebelise litaelo tseo Jehova a fanang ka tsona ka Lentsoe la hae le ngotsoeng le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng. Ho etsa sena ho tla re tlisetsa katleho le thabo ’me hape ho tla boloka bophelo ba rōna.