Pina ea 128
Etsang Haholo—Joalokaha ho Entse Banazari
1. Banazari—Na ba ka’etsisoa?
Na re ka’etsa se tšoanang?
Ba sebelelitse Jehova
Ka mokhoa o ikhethang (ruri).
Nahanang! Re ke re elelloe:
Nako e qepha kapele.
Na re ka’etsa ho hongata
Ho roriseng ’Mōpi?
2. Banazari—Ba phetse phelo
Bo bonolo ba’itetse.
Kahoo ba ba haufi le ’Mōpi.
Ke’ng re sa ba etsise (rōna)?
Ba itimme menate e meng;
Ho phetha kano ea bona.
Le kajeno ho’etsa joalo
Baena ba bangata.
3. Banazari—Ba ne ba’ikhetha.
E le ba’ikokobetsang,
Ba ne ba tšepile Molimo,
Eo ba o sebeletsang (hantle).
Tšebetsong ea rōna ho ’Mōpi,
Re ke re ikokobetseng.
A tl’a re hl’onolofatse,
Re be ba thabileng.
4. Banazari—Ba bile seli.
Ho se itšilafatse.
Ho atleha joaloka bona,
Re luleng re hloekile (joalo).
A re’itekanyeng mesikaro,
Re be re tšepeng Jehova.
Re etseng haholo bohle
’Me re tla nyakalla.