-
Lebokose la LipotsoTšebeletso ea ’Muso—1992 | October
-
-
Lebokose la Lipotso
◼ Bana ba banyenyane bao batsoali ba bona e leng Bakreste ba ka kopanela tšebeletsong ea tšimo ho isa boholeng bofe pele ba ka nkoa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang?
Batsoali ba Bakreste ba batla hore bana ba bona ba hōle hore e be bahlanka ba hōlileng moeeng, ba inehetseng ba Jehova. (1 Sam. 2:18, 26; Luka 2:40) Esita leha ba sa le lilemong tse tlaase, bana ba tsoang malapeng a Bakreste ba lokela ho bua ka mokhoa o hlakileng ha ba emela tumelo ea bona e thehiloeng Bibeleng. Khōlo ea moea ea bana e potlakisoa ke ha ba tsamaea le batsoali ba bona tšebeletsong ea tšimo ho tloha boseeng. Empa ke habohlokoa hore bana ba susumetsehe ho tsoa pelong e le hore ba thabele tšebeletso ea tšimo, ba lakatse ho fetoha bahoeletsi ba sa kolobetsoang, le hore ba tsoele pele ba kopanela mosebetsing oa boboleli oa ’Muso. Ho hlokahala koetliso e etsoang ka hloko ke batsoali. (1 Tim. 4:6; 2 Tim. 2:15) Bahoeletsi ba bang ba tšoanelehang ba ka thusa ka linako tse ling haeba batsoali ba lumela.—Bona buka Tšebeletso ea Rōna, maqephe 99-100.
Nakong ea ha bana ba itšoereng hantle ba tsamaea le batsoali ba bona ba Bakreste mosebetsing oa ntlo le ntlo, ba ithuta mokhoa oa ho kopanela tšebeletsong. Empa ba ke ke ba nkoa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang ho fihlela ha ba na le tekanyo e itseng ea tsebo le bohlale. Batsoali ba Bakreste ba ka etsa qeto ea hore na ke ho isa bohōleng bofe ngoana a ka kopanelang ho faneng ka bopaki nakong eo ba sebetsang hammoho le eena. Bana ba e-song ho nkoe joaloka bahoeletsi ba sa kolobetsoang ha baa lokela ho ea tšebeletsong ea tšimo ka bobona kapa ba tsamaee le bana ba bang ha ba le tšimong. Batsoali ba ka lokisetsa bana ba bona bakeng sa tšebeletso ea tšimo ’me ba ba lumella hore ba kopanele ka litsela tse fapa-fapaneng, joaloka ho bala lengolo, ho nehelana ka pampitšana kapa makasine, kapa ho bontša mong’a ntlo setšoantšo ho e ’ngoe ea likhatiso. Etlare ha ngoana a hōla, a ka khona ho kopanela haholoanyane puisanong.
Ha bana ba koetlisoa ka mokhoa o loketseng, ba ithuta ho utloisisa botebo ba tšebeletso ha ba arabela tataisong ea batsoali ba bona ’me ba itšoara ka mokhoa o laolehileng. Batsoali ha baa lokela ho siea bana ba bona bao e seng bahoeletsi ba sa kolobetsoang libokeng tsa tšebeletso ea tšimo, ba lebelletse hore ba bang ba ba hlokomelle bona. Batsoali ba nang le kameho ba hlokomela boikarabelo ba bona ba botho ba ho hlahloba mesebetsi ea bana ba bona. Ha e le hantle, bahoeletsi ba bang ba nang le boikarabelo ba ka ithaopela ho thusa ho koetlisa bana ba banyenyane ka phuthehong ba bontšang thahasello ea ’nete ea ho sebeletsa Jehova tšebeletsong.
-
-
Eketsa Karolo ea Hao Kabong ea LimakasineTšebeletso ea ’Muso—1992 | October
-
-
Eketsa Karolo ea Hao Kabong ea Limakasine
1 Kabo ea limakasine ke e ’ea litsela tse ka sehloohong tseo ka tsona molaetsa oa ’Muso o phatlalatsoang libakeng tse hōle. Morao tjena kabo ea limakasine e ’nile ea theoha liphuthehong tse ngata. Ka June 1992 kakaretso ea kabo ea limakasine Afrika Boroa e bile limakasine tse 3,8 mohoeletsi ka mong, ha selemong se fetileng e ne e le 5,2. Bothata boo bo ka rarolloa joang? Ke hobane’ng ha le sa sebelisise litlhahiso tsena tse peli?
2 Ameha ka Limakasine: Le hoja boemo ba moruo bo ntseng bo mpefala e ka ’na eaba bo amme kabo ea rōna ea limakasine, re lumela hore lebaka la sehlooho ke ho se tšehetse litokisetso tsa mosebetsi oa limakasine. Ho ba bangata ba rōna, re fumana monyetla o motle oa ho kopanela kabong ea limakasine Moqebelo o mong le o mong, ebang ke hoseng kapa ke motšehare oa mantsiboea. Liphutheho tse ngata li behelletse ka thōko nako bakeng sa mosebetsi oa limakasine har’a beke molemong oa bahoeletsi ba sa khoneng ho ea tšebeletsong ea tšimo ka Moqebelo. Ba bang ba ka ’na ba fumana hore bopaki ba mantsiboea bo fana ka monyetla o motle oa ho nehelana ka limakasine ka ntlo le ntlo. Mosebetsi oa seterateng, ho sebetsa tšimong ea mabenkele, ho etsa bopaki bo sa reroang, le litselana tsa limakasine kaofela ke litsela tse ntle tseo ka tsona re ka kopanelang kabong ea limakasine. Mosebetsing o tloaelehileng oa ntlo le ntlo, limakasine tsa morao-rao li ka buelloa haeba mpho ea khoeli e hanoa. Ho falimehela ho etsa joalo ho ka re tlisetsa thabo.
3 Ipehele Pakane ea Botho: U ka ’na ua lakatsa ho hahamalla kakaretso ea makasine o le mong hora ka ’ngoe eo u e qetang u le tšebeletsong khoeling eo. Pakane ea hao ea botho e lokela ho ba e ka finyelloang, u nahanele maemo a hao a botho le nako eo u khonang ho e qeta tšebeletsong ea tšimo.
4 Jehova ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang, o tsoela pele ho re fa seo re se hlokang hore re eketse karolo ea rōna kabong ea limakasine. Kaha mosebetsi o joalo o rorisa Jehova, re tla ba le thabo e tebileng e tlisoang ke karolo e eketsehileng kabong ea limakasine.—Joh. 15:8.
-
-
E-ba le Kenyelletso e SusumetsangTšebeletso ea ’Muso—1992 | October
-
-
E-ba le Kenyelletso e Susumetsang
1 Molula-Qhooa le Tsoha! li thusa ho jala peō ea ’nete likelellong le lipelong tsa babali. Ka baka leo, re batla ho ba le litsela tse atlehang tsa ho etsa hore limakasine tsena li sale malapeng a batho ba tla rua molemo matlotlong a moea ao li a tšoereng.
2 Ke joang beng ba matlo ba ka susumelletsoang ho amohela le ho bala limakasine tsa rōna? Taba boholo e itšetlehile ka tsela eo re li kenyelletsang ka eona. Litlhahiso tse ntle tsa kamoo re ka lokisetsang likenyelletso tse atlehang li fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 9-15.
3 Ha u nehelana ka Molula-Qhooa oa October 1, u ka ’na ua leka ho sebelisa tlhahiso ea boraro tlas’a sehlooho “Liketsahalo Tsa Morao-rao” ho maqephe 10-11 bukeng ea Ho Bea Mabaka.
Ka mor’a ho ipolela, u ka re:
◼ “Haeba ho ne ho ka thoe u khethe, ke bothata bofe ho a mangata a talimaneng le lefatše hona joale boo u neng u ka rata ho bo bona bo lokisoa pele?” Mamela karabo ea mong’a ntlo, ’me u lebohe kameho ea hae. Joale mohlomong u ka tsoela pele, u re: “Hlokomela hore na Bibele e fana ka eng e le tharollo ea mathata a joalo. [Bala Esaia 9:6, 7.] Kahoo tharollo ea sebele mathateng a batho e itšetlehile ka puso e lokileng ea Messia, Jesu Kreste.” Ebe u phetla ho leqephe 8 ’me u lebise tlhokomelo ho lirapa tse tharo tsa ho qetela sehloohong sa “Messia—Na ke Tšepo ea Sebele?”
4 Likenyelletso tse ling tse peli tseo u ka li sebelisang ho Molula-Qhooa oa October 1 li fumanoa ho leqephe 11 bukeng ea Ho Bea Mabaka, tlas’a sehlooho “Khiro/Matlo.” U ka bua likhopolo tsena le lipotso ka mantsoe a hao kapa u phete se boletsoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka. Ka mor’a ho leboha karabelo ea mong’a ntlo, tsoela pele ka ho abelana le eena ntlha e thahasellisang e boletsoeng serapeng sa pele ho leqephe 4 tlas’a sehloohoana “Na Ebe ha ho Tharollo?” Ebe ha u bala Esaia 65:21-23 u totobatsa mahlohonolo ao puso ea Messia e tlang ho a tlisa.
5 Haeba u sebelisa Tsoha! ea October 8 e buang ka “U ka Hlōla Maikutlo a Fosahetseng,” u ka leka kenyelletso ea boraro tlas’a sehlooho “Bophelo/Thabo” ho leqephe 13 bukeng ea Ho Bea Mabaka. Ka mor’a ho hokela Pesaleme ea 1:1, 2, u ka lebisa tlhokomelo ntlheng e loketseng e makasineng oa Tsoha!
6 Ho ka etsahala hore u teane le beng ba matlo ba bolelang hore ba na le lingoliloeng tsa bona tsa bolumeli. U ka hlalosa hore le rōna re na le lingoliloeng tse sebelisoang ke rōna feela (tse kang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso); leha ho le joalo, lingoliloeng tsa rōna li baloa ke batho ba limillione bao eseng Lipaki tsa Jehova.
7 Ho 1 Ba-Korinthe 3:6 Pauluse o itse: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” Haeba re batla hore Jehova a etse hore peō ea ’nete e hōle pelong tsa batho ba thahasellang, re lokela ho lebisa tlhokomeliso tabeng ea ho jala peō ena ka katleho ka ho sebelisa likenyelletso tse susumetsang.
-
-
Bontša Kameho ka Batho ba ThahasellangTšebeletso ea ’Muso—1992 | October
-
-
Bontša Kameho ka Batho ba Thahasellang
1 Ka holimo ho lintho tsohle, Jehova o ’nile a bontša moea oa ho fana ka seatla se bulehileng ha a bontša kameho ka batho. Hase feela hore o fane ka lintho tse bonahalang ka bongata empa o re file le lintho tsa moea tseo re li hlokang le tseo re li thabelang. O amehile haholo ka rōna hoo a hlahlobang se leng lipelong tsa rōna.—Pes. 139:23.
2 Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a latela mohlala oa Ntate oa hae ka ho phethahetseng ka ho bontša kameho ka batho ba bang. Na u sa hopola monna ea ileng a re ho Jesu, “Morena, ha u rata, u na le matla a ho ’ntlafatsa”? Jesu o ile a araba, “Kea rata.” (Matt. 8:1-3) Ha Jesu a bona mosali oa mohlolohali ea hlomohileng, o ile a etsa joang? O ile a ema ho mo thusa. (Luka 7:11-15) Na u ka falimehela ho bontša kameho ka batho ba thahasellang?
3 Ha re etsisa Ntate oa rōna, Jehova, le Mora oa hae, Kreste Jesu, le rōna re tlameha ho bontša thahasello ea botho ho ba bang. Re etsa sena ka ho boloka tlaleho e nepahetseng ea ntlo le ntlo. Sena se kopanyelletsa ho ngola lebitso le aterese e nepahetseng ea motho ea thahasellang hammoho le sehlooho seo re ileng ra buisana le eena ka sona ketelong ea pele. Joale, pele u etsa leeto la ho boela, lokisetsa hantle. Haeba re ile ra siea limakasine ketelong ea pele, mohlomong leeto la rōna la ho boela le ka thehoa khopolong e itseng e bontšitsoeng ho se seng sa lihlooho tsa makasine. Hlokomela kamoo sena se ka etsoang ka teng.
4 Haeba u ile ua siea Molula-Qhooa oa October 1, 1992, ’me u ile ua buella sehlooho “Na Ruri Moloko oa Batho o Hloka Messia?,” u ka lokisetsa ho totobatsa Tšenolo 21:4 le Johanne 17:3 leetong la hao la ho boela.
Ka mohlala, ka mor’a ho bala Tšenolo 21:4, u ka ’na ua botsa:
◼ “Ke joang re ka fetohang karolo ea lefatše le joalo? [Emela karabo.] Mamela seo Messia a boletseng hore sea hlokahala e le hore re ka phela lefatšeng le kang lena.” Ebe u bala Johanne 17:3, u totobatse hore bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la khotso bo ka fumanoa ka ho ba le tsebo ka Molimo le Kreste. Haeba ho bonahala thahasello, leka ho qalisa thuto ka pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso.
5 Batho ba ka arabela hantle ha u buisana le bona ka ntlha eo u e khethileng ho Tsoha! ea October 8, 1992, ho “U ka Hlōla Maikutlo a Fosahetseng.” Ha u etsa leeto la ho boela, u ka ’na ua theha puisano ea hao ho Ba-Filippi 4:6, 7.
U ka ’na ua botsa:
◼ “U lumela hore tharollo ea ho hlōla maikutlo a fosahetseng kajeno ke efe?” Leboha karabo, ebe u re: “Ka ho thahasellisang, Bibele e thathamisa litekanyetso tseo, haeba li sebelisoa, li tlatsetsang khotsong ea kelello le ea pelo. [Lebisa tlhokomelo lintlheng tse loketseng ho tsoa ho Ba-Filippi 4:6, 7.] Bibele e bua ka nako eo ka eona bohle ba tla phela ka melao-motheo ea Bibele ’me ho ke ke ha ba le maemo a bakang maikutlo a fosahetseng.” Joale u ka totobatsa mahlohonolo a mang a nakong e tlang ka ho hlahloba pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso, joale u ka etsa hore puisano eo e fetohe thuto.
6 Ho thoe’ng haeba mong’a ntlo o se a ntse a na le e ’ngoe ea likhatiso tsa rōna? Ke hobane’ng ha u sa e sebelise ho qalisa thuto? Haeba ke buka ea Phela ka ho sa Feleng, phetla ho litaba tse kahare ebe u kōpa mong’a ntlo hore a khethe sehlooho seo a ka ratang hore le buisane ka sona. Joale u ka qalisa thuto ka ho bua ka serapa se le seng kapa tse peli.
7 Ho bontša kameho ka batho ba thahasellang ka ho lokisetsa hantle le ka ho etsa maeto a atlehileng a ho boela ho bontša hore re baetsisi ba Molimo le Kreste, ’me re batla hore ba bangata kamoo ho ka khonehang ba bolokehe.—2 Pet. 3:9.
-
-
LitsebisoTšebeletso ea ’Muso—1992 | October
-
-
Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa kapa bakeng sa limakasine tseo ka bobeli ka monehelo oa R17,00 e le ’ngoe bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R2,60. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00. January: Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso” ka monehelo oa R2,60.
◼ Liphutheho li lokela ho qalisa ho odora Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1993 hammoho le odoro ea tsona ea lingoliloeng ea November. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sechaena, Sefora, Sejeremane, Segerike, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa, le Sezulu.
◼ Mona ho hopotsoa LIPHUTHEHO TSOHLE hore ka kōpo li odore Medical Directive (e nchafalitsoeng le e ngotsoeng ka mokhoa o mocha) le Identity Card kapele kamoo ho ka etsahalang foromong e tloaelehileng ea Literature Order (S-AB-14). Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le odoro ea tsona. Likarete tsena ke lisente tse 5 e le ’ngoe. Ka kōpo le se abe likarete tsena, empa le li boloke ho fihlela le fumana litaelo tse eketsehileng tse tsoang ho Mokhatlo.
◼ Ka kōpo hlokomelang: Kaha re se re hlahisa The Watchtower le Awake! li le k’haseteng hona mona Afrika Boroa, litefiso tsa peeletso li lokisitsoe ka mokhoa ona:
Ka PosoKa Sefofane
Ba Nang le Mathata a Mahloa R33,00 R43,00
Phutheho le batho bohleR154,00R164,00
Bo-pula-maliboho (Tsa botho feela)R137,00R147,00
◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Sechicheŵa: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng (Libuka tse nyenyane; phutheho le batho bohle: R4,00; bo-pula-maliboho: R2,00.) Senyesemane: New World Translation of the Holy Scriptures—With References ho diskette (Sete ea li-diskette tse supileng tsa 3 1/2” 720-kilobaete. Phutheho le batho bohle: R40,00; bo-pula-maliboho: R33,00.) Sepotoketsi: Insight on the Scriptures, Moqolo 3 (phutheho le batho bohle: R15,00; bo-pula-maliboho: R12,00).
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
-