-
LitšoantšoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Tšebeliso ea litšoantšo borapeling ekaba le phello efe bokamosong ba rōna?
Deut. 4:25, 26: “Ekare ha le ka itšenya, la etsa setšoantšo se betliloeng, kapa setšoantšo sa eng le eng [“molimo o mong oa bohata,” Kx; “ntho leha e le efe e joalo,” Dy], ’me la etsa tse mpe pel’a Jehova, Molimo oa hao, la mo halefisa, kajeno ke le biletsa leholimo le lefatše hore e be lipaki tsa hore . . . le tla timeletsoa ruri.” (Pono ea Molimo ha e-ea fetoha. Bona Malakia 3:5, 6.)
1 Ba-Kor. 10:14, 20: “Ka baka leo, baratuoa ba ka, le ke le tšabe tšebeletso ea litšoantšo. . . . Lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo: ’me ke hana hoba le ka jesana le bademona.”
Tšen. 21:8: “Ha e le ba boi, le ba sa lumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang melimo, le mahata kaofela, kabelo ea bona e ka letšeng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobeli [“lefu la ka ho sa feleng,” botlaaseng ba leqephe ho JB].”
Pes. 115:4-8 (113:4-8, lipalong tsa bobeli, Dy): “Litšoantšo tsa bona ke silevera le gauda, mosebetsi oa matsoho a batho. Li na le melomo, ’me ha li bue; li na le mahlo, ’me ha li bone; li na le litsebe, ’me ha li utloe; li na le linko, ’me ha li fofonele; li sitoa ho tšoara ka liatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha li tsamaee, ha ho lentsoe le tsoang ’metsong oa tsona. Kamoo li leng kateng, ba li etsang ba tla ba joalo, le bohle ba beang tšepo ea bona ho tsona.”
-
-
MaliHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Mali
Tlhaloso: Lero le hlollang ka sebele le potolohang methapong ea batho le ea liphoofolo tse ngata tse nang le lisele tse ngata-ngata, le fana ka lijo le moea o hloekileng, le hleka litšila le ho nka karolo e khōlō ho sireletsa ’mele maloetseng a tšoaetsanoang. Mali a ameha haufi-ufi bophelong hoo Bibele e reng “moea oa nama o maling.” (Lev. 17:11) E le Mohloli oa bophelo, Jehova o fane ka litaelo tse tiileng maloka le tšebeliso ea mali.
Bakreste ba laeloa ho ‘tela mali’
Lik. 15:28, 29: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna [sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste], hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng [kapa, tse bolailoeng li sa ntšoa mali], le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka khotso!” (Ka hona ho ja mali ho lekanngoa le borapeli ba litšoantšo le bofebe, lintho tseo re ke keng ra rata ho kopanela ho tsona.)
Ho ka jeoa nama ea liphoofolo, e seng mali
Gen. 9:3, 4: “Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang, e tla ba lijo tsa lōna; ke le neile tsona tsohle, joale ka ha ke le neile limela tse tala. Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.”
Phoofolo efe kapa efe e sebelisetsoang lijo e lokela ho fophisoa mali hantle. E fenethiloeng kapa e bolailoeng ke sefi kapa e fumanoang kamor’a hore e shoe, ha e-ea lokela lijo. (Lik. 15:19, 20; bapisa Levitike 17:13-16.) Ka ho tšoanang, sejo sefe kapa sefe se tšetsoeng mali a sa tsoakoang kapa a tsoakiloeng ha sea lokela ho jeoa.
Molimo o lumelletse feela ha mali a sebelisetsoa sehlabelo
Lev. 17:11, 12: “Moea oa nama o maling. Ke le neile ’ona aletareng, a tle a etsetse meea ea lōna pheko, hobane ke ka baka la moea mali a ka etsang pheko. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Ho se be motho har’a lōna ea jang mali; le eena molichaba ea ikahetseng har’a lōna, a se ke a ja mali.” (Mahlabelo ao ’ohle a liphoofolo Molaong oa Moshe a ne a tšoantšetsa sehlabelo se le seng sa Jesu Kreste.)
Ba-Heb. 9:11-14, 22: “Empa Kreste, moprista e moholo . . . o kene hang feela sehalalelisisong, e seng ka mali a liphooko le a manamane, empa e leng ka mali a hae a sebele, ’me a etsa topollo e sa feleng. Hobane ha esita mali a lipoho le a liphooko, le melora ea sethole eo ho fokoang ba litšila ka eona, li ba hlatsoa ka nģeng ea nama, ana ha e le mali a Kreste, ea itlhahisitseng ho Molimo ka Moea oa ka mehla eohle, e le pheko e se nang letheba, mali ao a tla hlatsoa matsoalo a lōna hakakang mesebetsing e shoeleng, hore le tle le sebeletse Molimo o phelang! . . . ’me ha mali a sa tšolohe, ha ho teselo ea libe.”
Ba-Ef. 1:7: “Ke ka ho eena [Jesu Kreste] re nang le topollo ka mali a hae, ke ho re, tšoarelo ea litšito, ka monono oa mohau oa hae.”
Ba neng ba ipolela hore ke Bakreste makholo a pejana a lilemo C.E. ba ne ba utloisisa litaelo tsa Bibele ka mali joang?
Tertullian (oa hoo e ka bang ka 160-230 C.E.): “Litsela tsa lōna tseo e seng tsa tlhaho li ke li tlotlolohe ka pel’a Bakreste. Lijong tsa rōna, kaha ke lijo tse tloaelehileng, ha ho na mali leha e le a liphoofolo. . . . Lōna [Ba-Roma ba bahetene] le nea Bakreste linama tse sitsoeng tse tšetsoeng mali linyeoeng tsa bona. Haele hantle, le kholisehile hore eona ntho eo le lekang ho ba khelosa tseleng e nepahetseng ka eona, ke tlōlo ea molao ho bona. Ho tla joang hore, le tšepe hore ha ba thothometsoa ke mali a phoofolo, le lumele hore ba tla chachehela mali a motho?”—Tertullian, Apologetical Works, and Minucius Felix, Octavius (New York, 1950), e fetoletsoeng ke Emily Daly, leq. 33.
Minucius Felix (oa lekholo la boraro la lilemo C.E.): “Ha re batle mali a motho hoo lijong tsa rōna re sa sebeliseng le mali a liphoofolo tse jeoang.”—The Ante-Nicene Fathers (Grand Rapids, Mich.; 1956), e hlophisitsoeng ke A. Roberts le J. Donaldson, Moq. IV, leq. 192.
Litšelo tsa Mali
Na thibelo ea Bibele e akarelletsa le mali a motho?
E, ’me Bakreste ba pele ba e utloisisitse ka tsela eo. Liketso 15:29 e re “tela . . . mali.” Ha e re ho teloe mali a phoofolo feela. (Bapisa Levitike 17:10, e neng e thibela ho ja “mali afe le afe.”) Tertullian (ea ngotseng ho sireletsa litumelo tsa Bakreste ba pele) o itse: “Thibelo e behetsoeng ‘mali’ re tla e utloisisa e le (thibelo) ea mali a motho haholo-holo.”—The Ante-Nicene Fathers, Moq. IV, leq. 86.
-