Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ssb pina 150
  • Bohobe bo Tsoang Leholimong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohobe bo Tsoang Leholimong
  • Binelang Jehova Lithoriso
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Kile Ua ja Bohobe ba Bophelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • “Bohobe ba ’Nete bo Tsoang Leholimong”
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu—“Bohobe ba ’Nete bo Tsoang Leholimong”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Kreste Mohlala oa Rōna
    Binelang Jehova Lithoriso
Bala Tse Ling
Binelang Jehova Lithoriso
Ssb pina 150

Pina ea 150

Bohobe bo Tsoang Leholimong

(Johanne 6:51)

1. Jehova ea holimo,

U lula u sa fetohe.

Lebitso la hao Ntate,

A le ke le halaletsoe.

Ua na ua lisa chaba

Sa hao sa Israele,

Ua se fepa ka manna

Joaloka bohobe.

’Me u ba nyorollotse

Ka metsi a tsoang lefikeng.

Ua ba isa Kanana,

E le mohlape’o thabileng.

2. Ka manna ho tšoantšitsoe

Mor’a oa hao ea lokileng.

O tetse khanya ea hae

Ho tla ntša batho bokhobeng.

Ka eona nama ea hae

Eo e leng bohobe,

O e ntse sehlabelo

Re tle re pholohe.

A re jeng ka tumelo

Bohobe boo re bo filoeng.

Ka ho bo ja kamehla,

Re’a ba batho ba hloekileng.

3. Re feng batho bohobe

Bo tsoang leholimong bona,

Re bo fe ‘nku’ tsa Kreste

Li se bolaoe ke tlala.

A re tsebiseng batho

Molimo oa ’nete,

Ba tle ba’o sebeletse

’Me ba se timetsoe.

Ha nto’a Harmagedone

E loanne ’me e fetile,

Re tla boka Jehova

Ha a re sirelelitse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela