Khaolo ea 111
Pontšo ea Mehla ea Qetello
HONA joale ke Labobeli motšehare oa mantsiboea. Ha Jesu a lutse Thabeng ea Mehloare, a shebile tempeleng e tlaase, Petrose, Andrease, Jakobo, le Johanne ba tla ho eena ka lenyele. Ba amehile ka tempele, kaha Jesu o sa tsoa bolela esale pele hore ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng ho eona.
Empa ka ho hlakileng ba hopotse ho eketsehileng ha ba atamela Jesu. Libekeng tse seng kae pejana, o ne a ile a bua ka “boteng” ba hae, nako ea “ha Mor’a motho a ne a tla senoloa.” ’Me ketsahalong ea pejana, o ne a ile a ba bolella ka “bofelo ba tsamaiso ea lintho.” Ka hona baapostola ba laba-labela ho tseba litaba.
Ba re: “Re bolelle, lintho tsee li tla etsahala neng [tse tla fella ka ho timetsoa ha Jerusalema le tempele ea eona], hona pontšo ea boteng ba hao le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” Ha e le hantle, potso ea bona e likarolo li tharo. Ea pele, ba batla ho tseba ka ho fela ha Jerusalema le tempele ea eona, joale ho latela e mabapi le boteng ba Jesu matleng a ’Muso, ’me qetellong e mabapi le bofelo ba tsamaiso eohle ea lintho.
Karabong ea hae e telele, Jesu o arabela likarolo tsohle tse tharo tsa potso ena. O fana ka pontšo e khethollang nako ea ha tsamaiso ea Sejode ea lintho e tla fela; empa o fana ka ho eketsehileng. Hape o fana ka pontšo e tla hlokomelisa barutuoa ba hae ba nakong e tlang hore ba phela nakong ea boteng ba hae le ea hore ba phela haufi le bofelo ba tsamaiso eohle ea lintho.
Ha lilemo li ntse li feta, baapostola ba hlokomela phethahatso ea boprofeta ba Jesu. E, tsona lintho tseo a ileng a li bolela esale pele li qala ho etsahala mehleng ea bona. Kahoo, Bakreste ba phelang lilemo tse 37 hamorao, ka 70 C.E., timetso ea tsamaiso ea Sejode le tempele ea eona ha e ba tsometse.
Leha ho le joalo, boteng ba Kreste le bofelo ba tsamaiso ea lintho ha bo etsahale ka 70 C.E. Boteng ba hae matleng a ’Muso bo etsahala morao haholo. Empa bo etsahala neng? Ho hlahloba boprofeta ba Jesu ho senola sena.
Jesu o bolela esale pele hore ho tla ba le “lintoa le litlaleho tsa lintoa.” O re, “Sechaba se tla tsohela sechaba matla,” ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, le mafu a seoa. Barutuoa ba hae ba tla hlouoa le ho bolaoa. Baprofeta ba bohata ba tla hlaha ’me ba khelose ba bangata. Tlōlo ea molao e tla eketseha, ’me lerato la ba bangata le tla tapa. Ka nako e tšoanang, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li tla boleloa e le bopaki ho lichaba tsohle.
Le hoja boprofeta ba Jesu bo bile le phethahatso e nyenyane pele ho timetso ea Jerusalema ka 70 C.E., phethahatso e khōlō ea bona e etsahala nakong ea boteng ba hae le bofelong ba tsamaiso ea lintho. Tlhahlobo e hlokolosi ea liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 e senola hore boprofeta ba bohlokoa haholo ba Jesu bo ’nile ba phethahala ho tloha selemong seo.
Karolo e ’ngoe ea pontšo eo Jesu a fanang ka eona ke ho hlaha ha “ntho e nyonyehang e bakang timetso.” Ka 66 C.E. ntho ena e nyonyehang e ile ea hlaha ka sebōpeho sa “mabotho a bokaneng” a Roma a ileng a lika-liketsa Jerusalema le ho heletsa lerako la tempele ka ho le cheka ka tlaase. “Ntho e nyonyehang” e ile ea ema moo e neng e sa tšoanela.
Phethahatsong e khōlō ea pontšo, ntho e nyonyehang ke Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng. Mokhatlo ona oa khotso ea lefatše o talingoa ke Bokreste-’mōtoana e le moemeli oa ’Muso oa Molimo. Ke ho nyonyehang hakaakang! Ka baka leo, ka mor’a nako, mebuso ea lipolotiki e amanang le Machaba a Kopaneng e tla fetohela Bokreste-’mōtoana (bo neng bo tšoantšetsoa ke Jerusalema) ’me e tla bo timetsa.
Kahoo Jesu o ile a bolela esale pele: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ka mokhoa oo ho seng mohla ho kileng ha etsahala haesale lefatše le theoa ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla etsahala hape.” Le hoja ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. ka sebele e ne e le matšoenyeho a maholo, ka ba fetang millione bao ho tlalehoang hore ba ile ba bolaoa, e ne e se matšoenyeho a maholo ho feta Moroallo oa lefatše lohle oa mehleng ea Noe. Ka hona phethahatso e khōlō ea boprofeta bona ba Jesu ke hona e tla phethahala.
Ho ba le Kholiseho Mehleng ea Qetello
Ha Labobeli, la 11 Nisane, le ea malikelong, Jesu o ntšetsa pele puisano le baapostola ba hae mabapi le pontšo ea boteng ba hae matleng a ’Muso le bofelo ba tsamaiso ea lintho. O ba lemosa ka ho matha ka mor’a bo-Kreste ba bohata. O re ho tla etsoa boiteko, ba ‘ho thetsa le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.’ Empa, joaloka lintsu tse bonelang hōle, bakhethoa bana ba tla bokana moo lijo tsa ’nete tsa moea li fumanoang teng, ke hore, ho Kreste oa ’nete botenng ba hae bo sa bonahaleng. Ba ke ke ba khelosoa eaba ba bokana ’moho ho Kreste oa bohata.
Bo-Kreste ba bohata ba ka hlaha feela ka tsela e bonahalang. Ka ho fapaneng, boteng ba Jesu bo ke ke ba bonahala. Bo tla etsahala nakong e tšosang historing ea batho, joalokaha Jesu a re: “Letsatsi le tla fifala, khoeli e ke ke ea khanya.” E, ena e tla ba nako e lefifi ka ho fetisisa ea boteng ba batho. Ho tla ba joalokaha eka letsatsi le fifetse motšehare, le joaloka hoja khoeli e ne e sa fane ka leseli la eona bosiu.
Jesu o tsoela pele: “Tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.” Ka hona o bontša hore maholimo a sebele a tla bonahala ka tsela e lelekelang ho hong. Maholimo e ke ke ea e-ba sebaka se laoloang ke linonyana feela, empa a tla tlala lifofane tsa ntoa, lirokete, le lifofa-sebakeng tse romellang boitsebiso bo tsoang sebakeng. Tšabo le pefo li tla feta ntho leha e le efe eo ho kileng ha fetoa ho eona historing e fetileng ea batho.
Ka baka leo, Jesu o re, “lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona. Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.” Joalokaha Jesu a bolela, ka sebele nako ena e lefifi ka ho fetisisa ea ho ba teng ha batho e tla lebisa nakong ea ha, “pontšo ea Mor’a Motho e tla hlaha leholimong, merabe eohle ea lefatše e tla ikotla lifuba ka lillo.”—TLP.
Empa hase bohle ba tla beng ba lla ha ‘Mor’a motho a e-tla ka matla’ ho felisa tsamaiso ena ea lintho e khopo. “Bakhethoa,” ba 144 000 ba tla kopanela le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo, ba ke ke ba lla, le eona metsoalle ea bona, eo pejana Jesu a ileng a e bitsa “linku tse ling” tsa hae, e ke ke ea lla. Ho sa tsotellehe ho phela nakong e lefifi ka ho fetisisa historing ea batho, bana ba arabela khothatsong ena ea Jesu: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihlooho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”
E le hore barutuoa ba hae ba neng ba tla be ba phela mehleng ea qetello ba ka hlokomela ho atamela ha bofelo, Jesu o fana ka setšoantšo sena: “Bonang sefate sa feiga le lifate tsohle. Ha le li bona li se li hlahisa mahlaku, le ee le tsebe le lōna hoba lehlabula le haufi. Ka mokhoa o joalo le lōna, etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi. Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo li e-so ho hlahe.”
Ka hona, ha barutuoa ba hae ba bona litšobotsi tse ngata tse fapaneng tsa pontšo li phethahatsoa, ba lokela ho hlokomela hore bofelo ba tsamaiso ea lintho bo haufi le hore ’Muso oa Molimo o tla tloha o felisa bokhopo bohle. Ha e le hantle, bofelo bo tla etsahala nakong ea bophelo ba batho ba bonang phethahatso ea lintho tsohle tseo Jesu a li bolelang esale pele! Ha a eletsa barutuoa ba neng ba tla be ba phela nakong ea mehla ea qetello e mahlonoko, Jesu o re:
“Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehloho; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joalo ka sefi. Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”
Baroetsana ba Bohlale le ba Maoatla
Jesu o ne a ntse a arabela kōpo ea baapostola ba hae ea pontšo ea boteng ba hae matleng a ’Muso. Joale o fana ka litšobotsi tse eketsehileng tsa pontšo ka lipapiso tse tharo, kapa litšoantšo.
Phethahatso ea setšoantšo ka seng e ne e tla bonoa ke ba phelang nakong ea boteng ba hae. O kenyelletsa sa pele ka mantsoe ana: “Mohlang oo, ’muso oa leholimo o tla tšoana le baroetsana ba leshome ba nkileng lilampi tsa bona, ba tsoile ho khahlanyetsa monyali. Ba bahlano ho bona e be e le ba bohlale, ba bahlano ba bang e be e le maoatla.”
Ka polelo e reng “’muso oa leholimo o tla tšoana le baroetsana ba leshome,” Jesu ha a bolele hore halofo ea ba ruang lefa la ’Muso oa leholimo ke batho ba maoatla ’me halofo e ’ngoe ke ea ba bohlale! Che, empa o bolela hore mabapi le ’Muso oa maholimo, ho na le tšobotsi e ’ngoe e itseng e tšoanang le ena, kapa hore litaba tse mabapi le ’Muso li tla tšoana le ntho e ’ngoe e itseng.
Baroetsana ba leshome ba tšoantšetsa Bakreste bohle ba mocheng kapa ba ipolelang hore ba mocheng oa ho fumana ’Muso oa leholimo. Ke ka Pentekonta ea 33 C.E. ha phutheho ea Bokreste e tšepisoa lenyalo ke Monyali ea tsositsoeng, ea tlotlisitsoeng, Jesu Kreste. Empa lenyalo le ne le tla etsahala leholimong nakong e ’ngoe e tlang e sa boleloang.
Setšoantšong, baroetsana ba leshome ba tsoa ka morero oa ho khahlanyetsa monyali le ho kenella mokolokong oa lenyalo. Ha a fihla, ba tla bonesa tsela eo mokoloko o tsamaeang ho eona ka lilampi tsa bona, ka hona ba tla mo hlompha ha a tlisa monyaluoa oa hae tlung eo a e lokiselitsoeng. Leha ho le joalo, Jesu oa hlalosa: “Maoatla ha a nka lilampi tsa ’ona, ha a ka a li nkela oli. Empa ba bohlale ba nka oli lipitseng tsa bona, hammoho le lilampi tsa bona. Joale kahobane monyali a liehile, ba otsela bohle, ba robala.”
Ho lieha ho hoholo ha monyali ho bontša hore boteng ba Kreste e le Morena ea busang bo tla etsahala nakong e tlang e sa ntsaneng e le hōle. Qetellong o tla teroneng ea hae ka selemo sa 1914. Nakong ea bosiu bo bolelele bo etellang selemo seo pele, baroetsana bohle baa robala. Empa ha ba nyatsoe ka baka la sena. Ho nyatsoa ha baroetsana ba maoatla ke ka baka la ho hloka ha bona oli bakeng sa lipitsa tsa bona. Jesu o hlalosa kamoo baroetsana ba tsohang ka teng pele monyali a fihla: “Eare bosiu bo boholo, ha etsoa mohoo, ha thoe: Bonang, monyali ke eo; tsoang, le mo khahlanyetse. Eaba baroetsana bao kaofela ba tsoha, ba lokisa lilampi tsa bona. Maoatla a re ho ba bohlale: Le re qhatsetse oli, hobane lilampi tsa rōna lia tima. Empa ba bohlale ba fetola, ba re: Che; e ke ke ea lekana rōna le lōna; e-eang ho bao e rekoang ho bona, le ithekele.”
Oli e tšoantšetsa se bolokang Bakreste ba ’nete ba khanya joaloka maseli. Sena ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, leo Bakreste ba le fupereng ka thata, hammoho le moea o halalelang, o ba thusang ho utloisisa Lentsoe leo. Oli ea moea e nolofalletsa baroetsana ba bohlale ho khantša leseli ha ba amohela monyali mokolokong o eang moketeng oa lenyalo. Empa sehlopha sa baroetsana ba maoatla ha se na oli e hlokahalang ea moea ka hare ho sona le ka lipitseng tsa sona. Kahoo Jesu o hlalosa se etsahalang:
“Ba re [baroetsana ba maoatla] ba sa ea ithekela [oli], monyali a fihla, ’me ba itokisitseng ba kena le eena bohaling, ’me ha koaloa monyako. Baroetsana ba bang ba ntoo fihla, ba re: Morena, Morena, re bulele! Empa a ba fetola, a re: Ka ’nete ke re ho lōna: Ha ke le tsebe.”
Ka mor’a hore Kreste a fihle ’Musong oa hae oa leholimo, sehlopha sa baroetsana ba bohlale sa Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng se ile sa tsoha ho falimehela tokelo ea sona ea ho khantša leseli lefatšeng lena le lefifing ho rorisa Monyali ea khutlileng. Empa ba tšoantšetsoang ke baroetsana ba maoatla ba ne ba sa itokisetsa ho fana ka thoriso ena e mo khahlanyetsang. Kahoo ha nako e fihla, Kreste ha a ba bulele monyako ho kena moketeng oa lenyalo leholimong. O ba siea ka ntle lefifing le letšo ka ho fetisisa la bosiu ba lefatše, hore ba timele hammoho le basebetsi ba bang kaofela ba ho hloka molao. Jesu o qetella ka ho re: “Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora.”
Setšoantšo sa Litalenta
Jesu o ntšetsa pele puisano le baapostola ba hae Thabeng ea Mehloare ka ho ba bolella setšoantšo se seng, e leng sa bobeli letotong la tse tharo. Matsatsi a seng makae pejana, ha a ntse a le Jeriko, o ile a bolela setšoantšo sa limina ho bontša hore nako ea ho tla ha ’Muso e ne e sa ntsane e le hōle. Setšoantšo seo a se phetang hona joale, le hoja se e-na le litšobotsi tse ngata tse tšoanang, se hlalosa ka phethahatso ea sona mesebetsi e etsoang nakong ea boteng ba Kreste matleng a ’Muso. Se bontša hore barutuoa ba hae ba tlameha ho sebetsa ha ba sa ntsane ba le lefatšeng ho eketsa “letlotlo la hae.”
Jesu oa qala: “Hobane hoo [ke hore, maemo a amanang le ’Muso] ho joale ka motho ea etang, eo eitseng hobane a bitse makhoba a hae, a a neela letlotlo la hae.” Jesu ke monna eo, pele a etela hōle leholimong, a nehang makhoba a hae—barutuoa ba mocheng oa ho fumana ’Muso oa leholimo—letlotlo la hae. Letlotlo lena hase maruo a bonahalang empa le emela tšimo e lenngoeng eo a entseng hore e be le matla a ho hlahisa barutuoa ba eketsehileng.
Jesu o beha letlotlo la hae matsohong a makhoba a hae nakoana pele a nyolohela leholimong. O etsa seo joang? Ka ho a laela hore a tsoele pele ho sebetsa tšimong e lenngoeng ka ho bolela molaetsa oa ’Muso ho isa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše. Ho joalokaha Jesu a bolela: “A nea e mong litalenta tse hlano, e mong a mo nea li le peli, e mong a neoa e le ’ngoe; e mong le e mong a neoa ka matla a hae; eaba oa tsamaea.”
Ka hona litalenta tse robeli—letlotlo la Kreste—li abjoa ho latela matla, kapa menyetla ea moea, ea makhoba. Makhoba a emela lihlopha tsa barutuoa. Lekholong la pele la lilemo, sehlopha se ileng sa amohela litalenta tse hlano ka ho hlakileng se ne se akarelletsa baapostola. Jesu o tsoela pele ho bolela hore makhoba a amohetseng litalenta tse hlano le tse peli kaofela a ile a li eketsa habeli ka ho bolela ha ’ona ka ’Muso le ho etsa barutuoa. Leha ho le joalo, lekhoba le amohetseng talenta e le ’ngoe le ile la e pata mobung.
Jesu o tsoela pele: “Tšiu tse ngata ha li fetile, monghali oa makhoba ao a fihla, ’me a hlahloba litaba le ’ona.” E bile feela lekholong la bo20 la lilemo, lilemo tse ka bang 1 900 hamorao, ha Kreste a khutla ho tla hlahloba litaba, ka hona, ka sebele e bile ‘ha litšiu tse ngata li fetile.’ Joale Jesu oa hlalosa:
“Eaba le nkileng litalenta tse hlano lea atamela, la hlahisa tse ling tse hlano, la re, ‘Monghali, u no u ’neile litalenta tse hlano; bona, ke ruile tse ling tse hlano ka holim’a tsona.’ Monghali oa hae a re ho lona: ‘Ke hantle, lekhoba le molemo, le khabane! U bile khabane linthong li se kae, joale ke tla u bea holim’a tse ngata. Kena thabong ea morena oa hao.’” Lekhoba le amohetseng litalenta tse peli ka ho tšoanang le ile la eketsa litalenta tsa lona habeli, ’me le ile la amohela pabatso le moputso o tšoanang.
Leha ho le joalo, makhoba ana a tšepahalang a kena thabong ea Monghali oa ’ona joang? Thabo ea Monghali oa ’ona, Jesu Kreste, e bile ea ho amohela ’Muso ha a ea hōle ho Ntat’ae leholimong. Ha e le makhoba a tšepahalang a mehleng ea kajeno, a fumana thabo e khōlō ka hore boikarabelo bo eketsehileng ba ’Muso bo behoe matsohong a ’ona, ’me ha a qeta tsela ea ’ona ea lefatšeng, a tla fumana thabo e khōlō ka ho fetisisa ea ho tsosetsoa ’Musong oa leholimo. Empa ho thoe’ng ka lekhoba la boraro?
Lekhoba lena lea tletleba: “Morena, ke u tsebile hobane u motho ea thata. Ke tšabile ke hona, ’me ke ile ka pata talenta ea hao mobung; bona, e sa le ena ntho ea hao.” Lekhoba lena le hanne ka boomo ho sebetsa tšimong e lenngoeng ka ho bolela le ho etsa barutuoa. Kahoo monghali o le bitsa “le lonya, le sebolu” ’me o phatlalatsa kahlolo: “Le amoheng talenta . . . Lahlelang lekhoba le sebolu mafifing a kantle, moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.” Ba sehlopha sa lekhoba le khopo, ba lahletsoeng ka ntle, ba amohuoe thabo leha e le efe ea moea.
Sena se fana ka thuto e tiileng bakeng sa bohle ba ipolelang e le balateli ba Kreste. Ba tlameha ho sebeletsa ho eketsa letlotlo la Monghali oa bona oa leholimo ka ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela hore ba tle ba thabele pabatso le moputso tse tsoang ho eena le hore ba tle ba qobe le ho lahleloa lefifing le ka ntle le timetsong ea ho qetela. Na u mafolo-folo tšobotsing ee?
Ha Kreste a Fihla Matleng a ’Muso
Jesu o sa ntsane a e-na le baapostola ba hae Thabeng ea Mehloare. Ha a arabela kōpo ea bona ea pontšo ea boteng ba hae le bofelo ba tsamaiso ea lintho, joale o ba bolella setšoantšo sa ho qetela letotong la tse tharo. Jesu o qala ka ho re: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae.”
Batho ba ke ke ba bona mangeloi khanyeng ea ’ona ea leholimo. Kahoo ho fihla ha Mor’a motho, Jesu Kreste, a e-na le mangeloi e tlameha ho ba ho sa bonahaleng mahlong a batho. Ho fihla hoo ho etsahala ka selemo sa 1914. Empa ke ka morero ofe? Jesu oa hlalosa: “Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali.”
Ha a hlalosa se tla etsahala ho ba khethetsoeng ka lehlakoreng la ba amoheloang, Jesu o re: “Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tlong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.” Linku tsa setšoantšo sena ha li na ho busa le Kreste leholimong empa li tla rua lefa la ’Muso ka kutloisiso ea ho ba bafo ba oona ba lefatšeng. ‘Ho theoa ha lefatše’ ho etsahetse ha Adama le Eva ba qala ho ba le bana ba neng ba ka rua molemo tokisetsong ea Molimo ea ho lopolla batho.
Empa ke hobane’ng ha linku li khetheloa ka letsohong le letona la Morena la ba amoheloang? Morena oa arabela: “Hobane ke na be ke lapile, ’me le kile la ’nea ka ja; ke na be ke nyoriloe, ’me le kile la ’nea ka noa; ke na be ke le moeti, ’me la nkenya tlung ha lōna; ke na be ke hlobotse, ’me la nkapesa; ke na be ke baba, ’me le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, ’me la tla ho ’na.”
Kaha linku li lefatšeng, li batla ho tseba hore na ke joang li etselitseng Morena oa tsona oa leholimo liketso tse ntle hakaalo. Lia botsa: “Morena, ke neneng re kileng ra u bona u lapile, ’me ra u nea ua ja; leha u nyoriloe, ’me ra u nea ua noa? Ke neng re u boneng u le moeti, ’me re kileng ra u kenya tlung ha rōna; leha u hlobotse, ’me ra u apesa? Ke neng re u boneng u baba, mohlomong u le teronkong, ’me ra ea ho uena?”
Morena oa arabela: “Ka ’nete kea le bolella, ke re: Tseo le li entseng e monyenyane ho baena ba ka, le li entse ’na.” Baena ba Kreste ke ba setseng lefatšeng ba sehlopha sa ba 144 000 ba tla busa le eena leholimong. ’Me Jesu o re ho ba etsa hantle ho tšoana le ho etsa eena hantle.
Ka mor’a moo, Morena o bua le lipoli: “Tlohang ho ’na, lōna ba rohakiloeng, le ee mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae. Hobane ke na be ke lapile, ’me ha lea ka la ’nea ka ja; ke na be ke nyoriloe, ’me ha lea ka la ’nea ka noa; ke na be ke le moeti, ’me ha lea ka la nkenya tlung ha lōna; ke na be ke hlobotse, ’me ha lea ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, ’me ha lea ka la tla mpona.”
Leha ho le joalo, lipoli lia ipelaetsa: “Morena, ke neng re kileng ra u bona u lapile, leha u nyoriloe, leha u le moeti, leha u hlobotse, leha u baba, leha u le teronkong, ’me re sa ka ra u thusa?” Lipoli li ahloloa haboima motheong o tšoanang le oo linku li ahloloang hamolemo ho oona. Jesu oa arabela: “Ereka ha le sa ka la etsa joalo ho e mong oa ba banyenyane bana [ho baena ba ka], ha lea ka la nketsa joalo le ’na.”
Kahoo boteng ba Kreste matleng a ’Muso, pejana feela ho bofelo ba tsamaiso ena ea lintho e khopo mahlomoleng a maholo, e tla ba nako ea kahlolo. Lipoli li “tla ea bohlokong [“timetsong,” NW] bo sa feleng, empa ba lokileng [linku] ba tla ea bophelong bo sa feleng.” Mattheu 24:2–25:46; 13:40, 49; Mareka 13:3-37; Luka 21:7-36; 19:43, 44; 17:20-30; 2 Timothea 3:1-5; Johanne 10:16; Tšenolo 14:1-3.
▪ Ke eng se susumelletsang potso ea baapostola, empa ho bonahala ba hopotse eng hape?
▪ Ke karolo efe ea boprofeta ba Jesu e phethahetseng ka 70 C.E., empa ke eng e sa kang ea etsahala ka nako eo?
▪ Ke neng boprofeta ba Jesu bo ileng ba phethahala ka lekhetlo la pele, empa bo ba le phethahatso e khōlō neng?
▪ Ntho e nyonyehang ke eng phethahatsong ea eona ea pele le ea ho qetela?
▪ Ke hobane’ng ha matšoenyeho a maholo a sa ka a e-ba le phethahatso ea ’ona ea ho qetela ka ho timetsoa ha Jerusalema?
▪ Ke maemo afe a lefatše a tšoaeang boteng ba Kreste?
▪ “Merabe eohle ea lefatše e tla ikotla lifuba ka lillo” neng, empa balateli ba Kreste ba tla be ba ntse ba etsa’ng?
▪ Jesu o fana ka setšoantšo sefe ho thusa barutuoa ba hae ba nakong e tlang ho lemoha ha bofelo bo se bo atametse?
▪ Jesu o fana ka keletso efe ho ba bang ba barutuoa ba hae ba neng ba tla be ba phela mehleng ea qetello?
▪ Ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke baroetsana ba leshome?
▪ Phutheho ea Bokreste e ile ea tšepisoa lenyalo ke monyali neng, empa monyali o fihla neng ho tla nka monyaluoa oa hae ho ea moketeng oa lenyalo?
▪ Oli e emela eng, ’me ho ba le eona ho etsa hore baroetsana ba bohlale ba nolofalloe ho etsa eng?
▪ Mokete oa lenyalo o tšoareloa hokae?
▪ Ke moputso ofe o moholo oo baroetsana ba maoatla ba lahleheloang ke oona, ’me qetello ea bona ke efe?
▪ Setšoantšo sa litalenta se ruta thuto efe?
▪ Makhoba ke bo-mang, ’me letlotlo le behiloeng matsohong a ’ona ke eng?
▪ Monghali o khutla neng ho tla hlahloba litaba, ’me o fumana eng?
▪ Thabo eo makhoba a tšepahalang a kenang ho eona ke efe, ’me ho etsahala’ng ka lekhoba la boraro, e leng le khopo?
▪ Ke hobane’ng ha boteng ba Kreste e tlameha ho ba bo sa bonahaleng, ’me ke mosebetsi ofe oo a o etsang nakong eo?
▪ Ke ka kutloisiso efe linku li amohelang, ’Muso?
▪ ‘Ho theoa ha lefatše’ ho etsahetse neng?
▪ Ke motheo ofe oo batho ba ahloloang e le linku kapa e le lipoli ka oona?