-
SefapanoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Sefapano
Tlhaloso: Boholo ba Bokreste-’mōtoana bo re kofuto eo Jesu Kreste a bolaetsoeng ho eona ke sefapano. Ka Senyesemane lentsoe cross le nkiloe Selatineng crux.
Ke hobane’ng ha lingoliloeng tsa Watch Tower li bontša Jesu a le thupeng matsoho a fapisitsoe holim’a hlooho ea hae ho e-na le sefapanong sa neano?
Lentsoe la Segerike le ngotsoeng e le “sefapano” liphetolelong tse ngata tsa Bibele tsa kajeno (“thupa ea tlhokofatso” ho NW) ke stau·rosʹ. Ka Segerike sa boholo-holo, lentsoe lena le ne le bolela feela thupa e otlolohileng, kapa palo. Hamorao la boela la sebelisetsoa thupa e nang le e tšekaletseng ho eona eo batho ba bolaeloang ho eona. The Imperial Bible-Dictionary e lumela sena, e re: “Lentsoe la Segerike bakeng sa sefapano, [stau·rosʹ], ka tšoanelo le bolela thupa, palo e otlolohileng eo ho ka ’nang hoa fanyehoa eng kapa eng ho eona, kapa e ka sebelisetsoang ho kopela [ho sireletsa] setša. . . . Le har’a Baroma crux (moo ho tsoang cross ea Senyesemane) ho bonahala qalehong e ne e le palo e otlolohileng.”—E hlophisitsoeng ke P. Fairbairn (London, 1874), Moq. I, leq. 376.
Na ho bile joalo mabapi le ho bolaoa hoa Mora oa Molimo? Hoa hlokomeleha hore Bibele e boetse e sebelisa lentsoe xyʹlon ho hlalosa kofuto e sebelisitsoeng. A Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott e le hlalosa le bolela: “Patsi e remiloeng, e loketseng ho sebelisoa, patsi e besoang, mapolanka, jj. . . . sekotoana sa patsi, sekoqo, leballo, palo . . . molamu, molangoana . . . thupa eo batlōli ba molao ba neng ba khokhotheloa ho eona . . . ea patsi e sa ntseng e le metsi, sefate.” Hape e re “ho TN, ea sefapano,” ’me e bontša Liketso 5:30 le 10:39 e le mehlala. (Oxford, 1968, maq. 1191, 1192) Leha ho le joalo, litemaneng tseo KJ, RS, JB, le Dy li fetolela xyʹlon e le “sefate.” (Bapisa phetolelo ena le Ba-Galata 3:13; Deuteronoma 21:22, 23.)
Buka, The Non-Christian Cross, ea J. D. Parsons (London, 1896), e re: “Ha ho polelo le e ’ngoe libukeng leha e le life tse ngata tsa Testamente e Ncha, eo, ka Segerike sa pele, e nang le bopaki leha e le bo sa tobang ba hore stauros se sebelisitsoeng tabeng ea Jesu ke se fapaneng le stauros se tloaelehileng; re se re sa re letho ka hore se ne se sa etsoa ka lithupa tse peli, hore li bōpe sefapano. . . . Ke ho khelosang haholo hore baruti ba rōna ba fetolele lentsoe stauros e le ‘sefapano’ ha ba fetolela mangolo a Segerike a Kereke ka puong ea rōna, le ka ho tšehetsa ketso eo ka ho bea ‘sefapano’ libukeng tsa rōna tse hlalosang mantsoe e le tlhaloso ea stauros, ba sa hlalose ka hloko hore hoo e ne e se eona tlhaloso ea mantlha ea lentsoe mehleng ea Baapostola le hore ha e-ea ka ea fetoha tlhaloso ea teng ea mantlha ho fihlela kamorao ho nako e telele, le hore ho bile joalo ka nako eo, haeba ho kile hoa e-ba joalo, feela hobane, le hoja ho ne ho se na bopaki bo tlatsang taba, ka lebaka lena kapa lane la boinahanelo ho ile hoa nkoa hore stauros se khethehileng seo Jesu a bolaetsoeng ho sona se ne se bōpehile ka mokhoa oo o khethehileng.”—Maq. 23, 24; bona le The Companion Bible (London, 1885), Sehlomathiso No. 162.
Ka hona matla a bopaki a bontša hore Jesu o shoeletse thupeng e otlolohileng e seng sefapanong sa neano.
Tšimoloho e tsebisahalang ea sefapano sa Bokreste-’mōtoana ke efe?
“Lintho tse fapa-fapaneng, tsa nakong ea ho tloha khale pele ho mehla ea Bokreste, li ’nile tsa fumanoa li tšoailoe ka lifapano tsa mefuta-futa, hoo e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše la khale. India, Syria, Persia le Egepeta kaofela li fana ka mehlala e mengata . . . Ho sebelisoa hoa sefapano e le pontšo ea bolumeli mehleng ea pele ho Bokreste le har’a batho bao e seng Bakreste ho ka ’na hoa etsahala hore ho nkuoe e le ntho e hohle, ’me mabakeng a mangata haholo ho ne ho amana le borapeli ba tlhaho ba mofuta o itseng.”—Encyclopædia Britannica (1946), Moq. 6, leq. 753.
“Sebopeho sa [sefapano sa lipalo tse peli tse palamaneng] se simolohile Kalde ea boholo-holo, ’me se ne se sebelisoa e le letšoao la molimo Tammuze (se le ka sebopeho sa Tau ea mohlolo, tlhaku e qalang ea lebitso la hae) naheng eo le linaheng tse ahisaneng le eona, ho akarelletsa Egepeta. Hoo e ka bang bohareng ba lekholo la bo3 la lilemo A.D. likereke li ne li khelohile, kapa li sothile lithuto tse ling tsa tumelo ea Bokreste. Hore ho atolosoe bophahamo ba tsamaiso e koenehileng ea baruti, bahetene ba amoheloa ka likerekeng pele ba tsoaloa hape ka tumelo, ’me ba lumelloa haholo ho tšoarella lipontšong le matšoaong a bona a bohetene. Ke ka baka leo Tau, kapa T, ka sebopeho sa eona se hlahang hangata, ka thupa e tšekaletseng e theoletsoe tlaasana, e ileng ea amoheloa hore e emele sefapano sa Kreste.”—An Expository Dictionary of New Testament Words (London, 1962), W. E. Vine, leq. 256.
“Hoa makatsa, empa leha ho le joalo ke ’nete e ke keng ea latoloa hore lilemo pele Kreste a tsoaloa, le ho tloha moo, Sefapano se sebelisitsoe e le letšoao le halalelang linaheng tse sa angoang ke thuto ea Kereke. . . . Bacchuse oa Bagerike, Tammuze oa Tyre, Bel oa Kalde, le Odin oa Scandinavia ea boholo-holo, kaofela ba ne ba tšoantšetsoa ka sefapano ho ba inehetseng ho bona.”—The Cross in Ritual, Architecture, and Art (London, 1900), G. S. Tyack, leq. 1.
“Sefapano ka sebopeho sa ‘Crux Ansata’ . . . se ne se nkoa ke baprista ba Baegepeta le Bo-papa e le letšoao la matla a bona e le baprista ba molimo oa Letsatsi ’me se ne se bitsoa ‘Pontšo ea Bophelo.’”—The Worship of the Dead (London, 1904), Colonel J. Garnier, leq. 226.
“Litšoantšo tse fapa-fapaneng tsa lifapano li fumanoa hohle liemahaleng tsa Baegepeta le mabitleng a bona, ’me litsebi tse ngata li li nka e le matšoao a emelang setho sa botona kapa kamano ea botona le botšehali. . . . Mabitleng a Baegepeta crux ansata [sefapano se nang le selika-likoe kapa ntho e se tšoarang ka holimo] se fumanoa se bapile le setšoantšo sa setho sa botona.”—A Short History of Sex-Worship (London, 1940), H. Cutner, maq. 16, 17; bona le The Non-Christian Cross, leq. 183.
“Lifapano tsena li ne li sebelisoa e le litšoantšo tsa molimo oa letsatsi oa Bababylona, +, ’me li bonoa ka lekhetlo la pele cheleteng ea Julius Cæsar, 100-44 B.C., le cheleteng e neng e entsoe ke mojalefa oa Cæsar (Augustus), 20 B.C. Cheleteng ea Constantine setšoantšo se atileng ke +; empa setšoantšo sona seo se sebelisoa se se na selika-likoe, ’me se e-na le matsoho a mane a lekanang a otlolohileng le a tšekaletseng; ’me hona e ne e le setšoantšo se neng se hlomphuoa ka ho khethehileng e le ‘Lebili la Letsatsi.’ Ho ke ho boleloe hore Constantine e ne e le morapeli oa molimo oa letsatsi, ’me ha a ka a kena ‘Kereke’ ho fihlela kamorao ho lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano kamor’a hore ho be le tšōmo ea hore o bone sefapano se joalo maholimong.”—The Companion Bible, Sehlomathiso No. 162; bona le The Non-Christian Cross, maq. 133-141.
Na ho hlompha sefapano ke mokhoa oa Mangolo?
1 Ba-Kor. 10:14: “Baratuoa ba ka, le ke le tšabe tšebeletso ea litšoantšo.” (Setšoantšo ke seemahale kapa letšoao leo ho inehetsoeng ho lona, le hlomphuoang kapa le rapeloang ka matla.)
Ex. 20:4, 5, JB: “Le ke ke la iketsetsa setšoantšo se betliloeng leha e le eng e tšoanang le eng kapa eng e leholimong kapa e ka tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlaase ho lefatše; le ke ke la li khumamela kapa la li sebeletsa.” (Hlokomela hore Molimo o laetse batho ba oona hore ba se ke ba etsa setšoantšo, seo batho ba ka khumamang ka pel’a sona.)
Ho thahasellisang ke tlhaloso ena e ho New Catholic Encyclopedia: “Ntho e emelang lefu la Kreste la topollo Golgotha, ha e hlahe litšoantšong tsa makholo a pele a lilemo a Bokreste. Bakreste ba pele, ba susumelitsoe ke thibelo ea Testamente ea Khale ea litšoantšo tse betliloeng, ba ne ba le leqe le ho tšoantšetsa kofuto ea Mahlomola a Morena.”—(1967), Moq. IV, leq. 486.
Mabapi le Bakreste ba lekholo la pele la lilemo, History of the Christian Church e re: “Ho ne ho sa sebelisoe sefapano ’me ho se letho le bonahalang le emela sefapano.”—(New York, 1897), J. F. Hurst, Moq. I, leq. 366.
Na ho hlile ho na le phapang ha motho a nka sefapano e le sa bohlokoa, hafeela a sa se rapele?
U ne u tla ikutloa joang haeba e mong oa metsoalle eo u e ratang haholo a ka bolaoa ka liqoso tsa bohata? Na u ne u tla etsa setšoantšo se tšoanang le ntho eo a bolaetsoeng ho eona? Na u ne u tla e nka e le ea bohlokoa, kapa u ne u ka mpa ua e nena?
Iseraeleng ea boholo-holo, Bajode ba sa tšepahaleng ba ile ba llela lefu la molimo oa bohata Tammuze. Jehova a bua ka ketso ea bona e le “manyala.” (Ezek. 8:13, 14) Ho ea ka histori, Tammuze e ne e le molimo oa Babylona, ’me sefapano se ne se sebelisoa e le letšoao la hae. Babylona e ne e le khahlanong le Jehova hape e le sera sa borapeli ba ’nete ho tloha qalong ea eona mehleng ea Nimrode. (Gen. 10:8-10; Jer. 50:29) Kahoo, ka ho nka sefapano e le sa bohlokoa, motho o hlompha letšoao la borapeli bo khahlanong le Molimo oa ’nete.
Joalokaha ho boletsoe ho Ezekiele 8:17, NW, Bajode ba bakoenehi le bona ba ne ba ‘isa lekala nkong ea Jehova.’ Hona o ne a ho nka e le “manyala” le ‘khopiso.’ Hobane’ng? “Lekala” lena, bahlalosi ba bang ba le hlalosa e ne e le tšoantšetso ea setho sa botona, se neng se sebelisoa borapeling ba setho sa botona. E be joale Jehova o tlameha ho talima tšebeliso ea sefapano joang, seo, joalokaha re bone, khale-khale se neng se sebelisoa e le setšoantšo sa borapeli ba setho sa botona?
-
-
Sehopotso (Sejo sa Morena sa Mantsiboea)Ho Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Sehopotso (Sejo sa Morena sa Mantsiboea)
Tlhaloso: Sejo se hopotsang ka lefu la Jesu Kreste, kahoo, khopotso ea lefu la hae, lefu le bileng le liphello tse khōlō ho feta la motho ofe kapa ofe. Ena ke eona ketsahalo feela eo Morena Jesu Kreste a laetseng barutuoa ba hae hore ba e hopole. Hape e tsejoa e le Selallo sa Morena, kapa Sejo sa Morena sa Mantsiboea.—1 Ba-Kor. 11:20.
Bohlokoa ba Sehopotso ke bofe?
Jesu o itse ho baapostola ba hae ba khabane: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19) Ha a ngolla litho tsa phutheho ea Bokreste e tsoetsoeng ka moea, moapostola Pauluse a phaella: “Efela ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, ’me le noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.” (1 Ba-Kor. 11:26) Ka hona, Sehopotso se hlokomelisa ka ho khethehileng ka bohlokoa ba lefu la Jesu Kreste ho phethahaleng hoa morero oa Jehova. Se phahamisa se boleloang ke lefu la sehlabelo la Jesu haholo-holo kamanong le selekane se secha le tsela eo ka eona lefu la hae le amang bao e tlang ho ba majalefa le eena a ’Muso oa leholimo.—Joh. 14:2, 3; Ba-Heb. 9:15.
Sehopotso hape ke khopotso ea hore lefu la Jesu le tsela eo le entsoeng ka eona, tumellanong le morero oa Molimo joalokaha o boletsoe ho Genese 3:15 le kamorao ho moo, le sebelelitse ho phahamisa lebitso la Jehova. Ka ho tšepahala ho Jehova ho fihlela a e-shoa, Jesu o pakile hore sebe sa Adama ha sea bakoa ke phoso leha e le efe ea ’Mōpi ha a etsa motho empa hore ho bonolo hore motho a boloke boinehelo bo phethahetseng ba bomolimo le tlas’a khatello e fetisisang, ’me kahoo
-