Pina ea 136
Rokang Jehova Barapeli ba Tšepehang
1. U rokoa ke bohle Ba tšepehang, Ntate;
Ak’u re fe joale Mahl’onolo (Ntate).
Ke uen’a re fileng Khotso e feletseng
E re tliselitseng Khotsofalo.
2. Re tla ’ne re’u hlomphe ’Me re u lebohe
Ka hore re lule Re hloekile (hantle).
Re thuse hle, Ntate, Re lule re tiile
Ho emeleng ’nete Re sa cheche.
3. Re fe kutloisiso E ntle ka merero
E hlollang ea ’Muso Oa hao ’Mōpi (’Mōpi).
U re hlokomele, U re tataise
Hore re hlaolele Botšepehi.
4. Molimo oa rōna Re thuse ho hlōla
Tšabo ea ho’u roka Chabeng tsohle (hohle).
O re file khotso Ha re hasa tšepo
E khanyang ea ’Muso Fatšeng lohle.