Pina ea 84
Mesebetsi ea Molimo e Meholo, e Babatsehang
1. Li hlolla hakakang ketso tsa hao,
Uena Jehova ea makatsang!
Pōpo ea hao kaofela ke letšoao
La bophahamo ba hao le matl’a hlollang.
2. Tsela tsa hao ke ’nete le toka,
Moahloli, Morena oa rōna!
Ha pōpo eohle e u rorisa,
Na rōna re ke ke ra leboha uena?
3. Motho ke mang ea sa u hlonepheng
Ea sa tšabeng lebitso la hao?
U ea tšepeha, u tiile ’neteng
Molimo oa rōna ea mosa, ea mohau.
4. Kamoo melao ea hao e bohlale
E bontšang toka ea hao kateng!
Lichaba tsohle l’ithuta ’nete
’Me lia u rorisa ’Mōpi ea lokileng